Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 3

Na o ka Tshepa Bibele?

Na o ka Tshepa Bibele?

Bibele e fana ka ditshepiso le dikeletso tse ngata. Mohlomong o batla ho utlwa hore na e rutang, empa ka tsela e tshwanang o utlwa ho le thata hore o e tshepe. Na o ka tshepa ditshepiso le dikeletso tse tswang bukeng ya kgale hakaale? Na o ka tshepa seo Bibele e se buang mabapi le hore na ke jwang re ka thabelang bophelo hona jwale le nakong e tlang? Batho ba dimilione kajeno ba tshepa Bibele. Ha re bone hore na le wena o ka kgona ho e tshepa.

1. Na dintho tse hlahang ka Bibeleng ke nnete?

Bibele e re e na le “mantswe a nepahetseng a nnete.” (Moeklesia 12:10) E bua ka diketsahalo tsa nnete tse etsahalletseng batho ba sebele. (Bala Luka 1:3; 3:1, 2.) Borahistori le baepolli ba bangata, ba netefaditse hore matsatsi a bohlokwa, batho, dibaka le diketsahalo tse hlahang ka Bibeleng di nepahetse.

2. Ke hobaneng ha re ka re Bibele ha ya fellwa ke nako?

Ka makgetlo a mangata Bibele e ile ya bolela dintho tse neng di eso tsebahale nakong eo e neng e ngolwa. Ka mohlala, e bua ka ditaba tse itseng tse amanang le saense. Dintho tseo e buang ka tsona e ne e le dintho tseo batho ba neng ba sa di kgolwe nakong eo e neng e ngolwa. Empa borasaense ba kajeno ba netefatsa hore seo Bibele e neng e se bua e ne e le nnete. Dintho tse ka Bibeleng “di tsheheditswe hantle ka ho sa feleng, ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​Pesaleme ya 111:8.

3. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa seo Bibele e se buang ka bokamoso?

Bibele e na le boprofeta * bo bolelang “dintho tse eso etswe.” (Esaia 46:10) E ile ya profeta ka dintho tse ngata nako e telele pele di ka etsahala mme di ile tsa feela tsa etsahala ka tsela eo e neng e boletse hore di tla etsahala ka yona. E boetse e hlalositse maemo a lefatshe a matsatsing ana ka ditsela tse ngata. Kgaolong ena, re tlo hlahloba boprofeta bo bong ba Bibele. Tsela eo boprofeta bona bo nepahetseng ka yona e a hlolla.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Hlahloba hore na ke jwang saense ya kajeno e dumellanang le Bibele mme o batlisise ka boprofeta bo bong bo hlollang ba Bibele.

4. Saense e dumellana le Bibele

Mehleng ya kgale, batho ba bangata ba ne ba dumela hore lefatshe le dutse hodima ntho e nngwe. Bapala VIDEO.

Hlokomela se ileng sa ngolwa bukeng ya Jobo dilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bala Jobo 26:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha ho ne ho makatsa hore ebe hothwe lefatshe le leketlile “hodima lefeela”?

Hoo e ka bang dilemo tse 200 tse fetileng, batho ba ile ba qala ho utlwisisa potoloho ya metsi. Empa hlokomela seo Bibele e ileng ya se tlaleha dilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng. Bala Jobo 36:27, 28 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Keng e o kgahlang ka tlhaloso ee e bonolo ya potoloho ya metsi?

  • Na mangolo ana ao o qetang ho a bala a matlafatsa tshepo eo o nang le yona ka Bibele?

5. Bibele e ile ya bolela esale pele ka diketsahalo tsa bohlokwa

Bala Esaia 44:27–45:2 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke dintlha dife tseo Bibele e ileng ya profeta ka tsona dilemo tse 200 pele Babylona e ka fediswa?

Histori e a netefatsa hore Morena wa Persia e leng Cyruse le masole a hae ba ile ba hapa motse wa Babylona ka 539 pele ho mehla ya Kreste. Ba ile ba bulela metsi a noka e neng e sireleditse motse hore a ye sebakeng se seng. Ba ile ba kena ka hare ho motse ba sebedisa diheke tse neng di siilwe di sa kwalwa mme ba ile ba hapa motse ntle le hore ba lwane. Kajeno, dilemo tse ka bang 2 500 ha morao, Babylona e ntse e le sebaka se se nang baahi. Hlokomela seo Bibele e ileng ya se bolela esale pele.

Bala Esaia 13:19, 20 ebe le buisana ka potso ena:

  • Boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang?

Marako a motse wa Babylona naheng ya Iraq kajeno

6. Bibele e ile ya profeta esale pele ka dintho tseo re bonang di etsahala kajeno

Bibele e a re bolella hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Hlokomela hore na Bibele e ile ya reng mabapi le nako ena eo re phelang ho yona.

Bala Matheu 24:6, 7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e ile ya hlalosa matsatsi a ho qetela jwang?

Bala 2 Timothea 3:1-5 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Bibele e ile ya hlalosa boitshwaro ba batho ba matsatsing a ho qetela jwang?

  • Ke boitshwaro bofe boo o boneng batho ba na le bona?

BATHO BA BANG RE: “Bibele ke buka ya dipale le ditshomo.”

  • Ho ya ka wena, keng e o fang bopaki ba hore Bibele ke buka eo re ka e tshepang?

KAKARETSO

Histori, saense le boprofeta di a bontsha hore re ka tshepa Bibele.

Re Ithutileng?

  • Na Bibele ke buka e buang nnete?

  • Ke dikarolong dife moo saense e dumellanang le Bibele?

  • Na o nahana hore Bibele e bolela esale pele ka bokamoso? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Na ho na le moo Bibele e fositseng ha e bua ka saense?

“Na Saense e Dumellana le Bibele?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute ka moo boprofeta ba Bibele bo mabapi le mmuso wa Bagerike bo ileng ba phethahala ka teng.

Ho Matlafatswa ke “Lentswe la Boprofeta” (5:22)

Hlokomela hore na boprofeta ba Bibele bo ile ba thusa ntate e mong jwang hore a fetole maikutlo a hae ka Bibele.

“Ke ne ke sa Dumele Hore Modimo o Teng” (Tora ya ho Lebela, No. 5 2017)

^ par. 9 Boprofeta ke molaetsa o tswang ho Modimo, molaetsa ona o bua ka diketsahalo tse tlo etsahala nakong e tlang.