Fetela boitsebisong

Na Saense e Lumellana le Bibele?

Na Saense e Lumellana le Bibele?

Karabo ea Bibele

E, hobane le hoja Bibele e se buka ea saense, e nepahetse ha e bua ka litaba tsa saense. Hlahloba mehlala e bontšang hore saense le Bibele lia lumellana le hore Bibele e na le linnete tse amanang le saense, tse fapaneng le seo batho ba bangata ba neng ba phela mehleng ea ha Bibele e ngoloa, ba neng ba se lumela.

  • Bokahohle bo na le tšimoloho. (Genese 1:1) Litšōmo tse ngata tsa mehleng ea khale li bolela hore bokahohle ha boa bōptjoa empa bo bile teng ka ho phatloha ho hoholo. Bababylona ba ne ba lumela hore melimo e bōpileng bokahohle, e ne e tsoa maoatleng a mabeli. Litšōmo tse ling tsona li bolela hore bokahohle bo tsoa leheng le leholo.

  • Letsatsi le letsatsi, bokahohle bo tsamaisoa ke melao ea tlhaho e hlophisehileng, eseng ke tšusumetso ea melimo. (Jobo 38:33; Jeremia 33:25) Litšōmo tse phetoang lefatšeng ka bophara, li ruta hore batho ba ke ke ba khona ho itšireletsa liketsong tsa tšohanyetso le tse sehlōhō tse etsoang ke melimo eo.

  • Lefatše le sepaka-pakeng. (Jobo 26:7) Batho ba bangata ba boholo-holo ba ne ba lumela hore lefatše le bataletse ’me le tšehelitsoe ke phoofolo ea tonanahali e kang nare kapa sekolopata.

  • Metsi a linōkeng le lilibeng a tsoa metsing a fetohileng mouoane o tsoang maoatleng le mehloling e meng ebe a tšolohela lefatšeng e le pula, lehloa kapa sefako. (Jobo 36:27, 28; Moeklesia 1:7; Esaia 55:10; Amose 9:6) Bagerike ba boholo-holo ba ne ba lumela hore metsi a linōkeng a ne a tsoa leoatleng le ka tlas’a lefatše ’me batho ba ile ba lumela sena ho fihlela lilemong tsa bo-1700.

  • Lithaba tseo re li bonang kajeno li nyolohile ho tsoa ka tlas’a leoatle. (Pesaleme ea 104:6, 8) Empa litšōmo tse ling li bolela hore lithaba li ile tsa bōptjoa ke melimo.

  • Bohloeki bo sireletsa batho hore ba se ke ba kula. Molao o ileng oa fuoa Baiseraele o ne o akarelletsa litaelo tsa ho hlapa ka mor’a ho tšoara setopo, ho arola batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang le tsamaiso e sireletsehileng ea likhoerekhoere. (Levitike 11:28; 13:1-5; Deuteronoma 23:13) Empa ka nako eo Molimo a neng a fa sechaba melao ena, e meng ea meriana eo Baegepeta ba neng ba e sebelisa ho phekola leqeba e ne e le motsoako o neng o e-na le mantle a motho.

Na ho na le moo Bibele e etsang phoso teng ha e bua ka saense?

Ha re hlahloba seo Bibele e se buang, karabo ke che. A re ke re hlahlobe mashano ao batho ba a buang mabapi le hore Bibele ha ea nepahala litabeng tsa saense:

Leshano: Bibele e bolela hore bokahohle bo bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.

’Nete: Bibele e bolela hore Molimo o bōpile bokahohle nakong e ke keng ea lekanngoa e fetileng. (Genese 1:1) Hape, matsatsi a pōpo a boletsoeng khaolong ea 1 ea Genese, e ne e le nako eo bolelele ba eona bo sa boleloang. Ha e le hantle, nako eo ka eona lefatše le leholimo li ileng tsa bōptjoa ka eona, le eona e bitsoa “letsatsi.”—Genese 2:4.

Leshano: Bibele e re limela li ile tsa bōptjoa pele letsatsi le e-ba teng ho etsa hore limela li khone ho iketsetsa lijo li sebelisa khanya ea lona.—Genese 1:11, 16.

’Nete: Bibele e bolela hore letsatsi, e leng e ’ngoe ea linaleli tseo e leng karolo ea “maholimo,” le ile la bōptjoa pele ho limela. (Genese 1:1) Khanya e thothofa, e tsoang letsatsing e ile ea fihla lefatšeng ka “letsatsi” la pele kapa nako e bolele bo sa tsejoeng ea pōpo. Ha sepakapaka se ntse se hlaka, ka “letsatsi” la boraro la pōpo, khanya e tsoang letsatsing e ne e se e le matla hoo e neng e khona ho etsa hore limela li etse lijo. (Genese 1:3-5, 12, 13) Ke hamorao moo letsatsi le ileng la bonahala ka ho hlaka lefatšeng.—Genese 1:16.

Leshano: Bibele e re letsatsi le potoloha lefatše.

’Nete: Moeklesia 1:5 e re:“Letsatsi le boetse le chabile, letsatsi le liketse, ’me le tla le hemesela sebakeng sa lona moo le tlang ho chabela teng.” Polelo ena empa feela e hlalosa tsela eo re bonang letsatsi le tsamaea ka eona ha re le lefatšeng. Le kajeno, motho a ka bua mantsoe a kang “letsatsi lea chaba” le “letsatsi lea likela,” empa a ntse a tseba hore lefatše le potoloha letsatsi.

Leshano: Bibele e re lefatše le bataletse.

’Nete: Bibele e sebelisa polelo e reng, “pheletsong ea lefatše” ho bolela ‘karolo e hōle-hōle ea lefatše.’ (Liketso 1:8; NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka ho tšoanang ha ho buuoa ka, “lipheletsong tse ’nè tsa lefatše” ke mokhabo-puo o bontšang hore ho buuoa ka lefatše lohle; kajeno motho a ka bua ka tsela ea tšoantšetso ’me a re sesupa-tsela se na le lintlha tse ’nè.—Esaia 11:12; Luka 13:29.

Leshano: Bibele e re selika-likoe se lekana hantle le bophara ba sona ka makhetlo a mararo, empa tekanyo ea sona e nepahetseng ke makhetlo a 3,1416.

Fact: Litekanyo tsa “leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa” tse fanoeng ho 1 Marena 7:23 le ho 2 Likronike 4:2 li bontša hore le ne le le bophara ba litsoe tse 10 ’me “ho ne ho hlokahala khoele ea litsoe tse mashome a mararo ho le pota-pota ka hohle.” Litekanyo tsena li ne li mpa li hakanya boholo ba lona feela. Hape e ka ’na eaba boholo ba lona ho le potoloha le bophara ba lona li ne li tšoantšetsa boholo ba beisine kantle le ka hare.