Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NTLHA YA 4

Ho ba le Boikarabelo

Ho ba le Boikarabelo

HO BA LE BOIKARABELO HO AKARELLETSANG?

Batho ba nang le boikarabelo ba a tshepahala. Ha o ba kopile hore ba etse ntho e itseng, ba e etsa ka nako ebile ba e etsa hantle.

Bana ba ka qala ho ithuta ho ba le boikarabelo ba sa le banyane. Buka ya Parenting Without Borders e re: Ha ngwana a le dikgwedi tse 15 o etsa seo batswadi ba hae ba reng a se etse, empa ha a le dikgwedi tse 18 o etsisa seo batswadi ba se etsang. Dinaheng tse ngata ha bana ba na le dilemo tse 5 ho ya ho tse 7, batswadi ba bona ba se ba ntse ba ba ruta mesebetsi ya ka tlung. Bana ba a kgona ho etsa mesebetsi ena e mengata le hoja ba le banyane.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HO BA LE BOIKARABELO?

Dinaheng tse ngata batjha ba tloha malapeng a ha bo bona mme ba dule ba le bang, empa ha ba se ba le moo ho ba thata hore ba phele, e leng se etsang hore ba kgutlele hae. Sena se etsahalletse batjha ba bang bao batswadi ba bona ba neng ba sa ba ruta ho ba le boikarabelo, ho etsa mesebetsi ya ka tlung le ho sebedisa tjhelete hantle.

Ka lebaka lena, ho molemo ho ruta bana ba hao ho ba le boikarabelo hona jwale mme seo se tla ba thusa le ha ba se ba hodile. Buka ya How to Raise an Adult e re: “Ha o a lokela ho tlohella ngwana wa hao hore a dule a itshehlehile ka wena ho fihlela a ba le dilemo di 18, e be o a mo tlohella hore a dule a le mong empa o sa mo ruta ho ba le boikarabelo. Ho e na le hoo, o lokela ho mo hodisa ka tsela e tla etsa hore a kgone ho ba le boikarabelo ha a se a dula a le mong.”

KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HO BA LE BOIKARABELO?

Mo fe mosebetsi wa ka tlung oo a lokelang ho o etsa.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka mofuta o mong le o mong wa ho sehla ho ba le molemo.”​—Liproverbia 14:23.

Ka mehla, bana ba banyane ba rata ho thusa batswadi ba bona ho sebetsa. O ka sebedisa nako ena ka hore o ba fe mosebetsi wa ka tlung oo ba ka o etsang.

Batswadi ba bang ha ba batle ho etsa seo. Ba re ha ba batle ho ekelletsa bana ba bona mosebetsi hobane ba se ba ntse ba e na le mosebetsi o mongata wa sekolo.

Le ha ho le jwalo, bana ba etsang mosebetsi wa ka tlung, ba sebetsa hantle sekolong hobane ba ithuta ho qeta mosebetsi oo ba o fuweng. Buka ya Parenting Without Borders e re: “Haeba o thibela bana ho etsa mosebetsi ha ba ntse ba le banyane, ba tla nahana hore ha ho bohlokwa ho thusa batho ba bang . . . Ba qala ba nahana hore ba lokela ho etsetswa ntho e nngwe le e nngwe.”

E boetse e re ha bana ba tlwaetse ho etsa mesebetsi ya ka tlung, ba ithuta ho thusa batho ba bang le ho fana. Haeba bana ba etsa mesebetsi ya ka tlung, ba tla ikutlwa e le ba bohlokwa mme ba tla tseba hore ba lokela ho etsa mesebetsi ya ka tlung.

Ruta bana ba hao hore ba tsebe ditlamorao tsa diphoso tsa bona.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Mamela keletso mme o amohele tayo, e le hore o ka hlalefa bokamosong ba hao.”​—Liproverbia 19:20.

Haeba ngwana wa hao a senyeditse motho e mong, ha o a lokela ho mo buella, hobane bana ba a kgona ho amohela ha ba entse phoso, ba ka etsa seo ka hore ba kope tshwarelo le ho tshepisa hore ha ba sa tla etsa seo hape.

Ha bana ba utlwisisa hore ba lokela ho ikarabella diphosong tsa bona, seo se tla ba thusa hore . . . 

  • ba bue nnete le ho amohela diphosa tsa bona

  • ba se ke ba beha batho ba bang molato

  • ba se ke ba ipehela mabaka

  • ba kope tshwarelo