Feta

Na ho Dumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholoswe?

Na ho Dumela ho Jesu ho Lekane Hore Motho a Pholoswe?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Bakreste ba dumela hore Jesu o ile a shwela dibe tsa batho. (1 Petrose 3:18) Le ha ho le jwalo, ho pholoha ho bolela ho fetang feela ho dumela hore Jesu ke Mopholosi. Bademona ba a tseba hore Jesu ke “Mora wa Modimo,” empa ba tla fediswa ho ena le hore ba pholoswe.​—Luka 4:41; Juda 6.

 Nka etsang e le hore ke pholoswe?

  • O lokela ho dumela hore Jesu o ile a shwela dibe tsa rona. (Liketso 16:30, 31; 1 Johanne 2:2) Sena se akarelletsa ho dumela hore Jesu o ne a kile a phela lefatsheng e le motho le hore seo Bibele e se buang ka yena ke nnete.

  • Ithute seo Bibele e se rutang. (2 Timothea 3:15) Bibele e re moapostola Pauluse le Silase ba ile ba re ho molebedi wa teronko: “Dumela ho Morena Jesu mme o tla pholoha.” Ka mora moo ba ile ba qala ho bolella molebedi wa teronko “lentswe la Jehova.” a (Liketso 16:31, 32) Sena se bontsha hore molebedi wa teronko o ne a ke ke a dumela ho Jesu ntle le hore a utlwisise Lentswe la Modimo. O ne a lokela ho ba le tsebo e nepahetseng ka Mangolo.​—1 Timothea 2:3, 4.

  • Bontsha hore o swabetse diphoso tsa hao. (Liketso 3:19) O boetse o lokela ho swabela diphoso tseo o di entseng nakong e fetileng. Ha o bontsha hore o swabetse diphoso tseo o di entseng, seo se tla bonahala le ho batho ba bang hore o tlohetse dintho tseo Modimo a sa di rateng mme o etsa “mesebetsi e tshwanelang pako.”​—Liketso 26:20.

  • Kolobetswa. (Matheu 28:19) Jesu o ile a re bohle ba batlang ho ba balatedi ba hae ba lokela ho kolobetswa. Molebedi wa teronko eo re buileng ka yena qalong o ile a kolobetswa. (Liketso 16:33) Ka tsela e tshwanang ka mora hore moapostola Petrose a rute bongata bo boholo nnete ka Jesu, “ba ileng ba amohela lentswe la hae ka pelo yohle ba kolobetswa.”​—Liketso 2:40, 41.

  • Mamela ditaelo tsa Jesu. (Baheberu 5:9) Bohle ba ‘bolokang dintho tsohle’ tseo Jesu a ba laetseng tsona ba bontsha seo ka tsela eo ba phelang ka yona hore ke balatedi ba hae. (Matheu 28:20) E ba “baphethi ba lentswe, eseng bautlwi feela.”​—Jakobo 1:22.

  • Mamella ho fihlela qetellong. (Mareka 13:13) Balatedi ba Jesu “ho hlokahala hore ba be le mamello” e le hore ba pholoswe. (Baheberu 10:36) Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a mamela ditaelo tsohle tsa Jesu, o ne a tshepahala ho Modimo ebile o ile a mamella ho tloha letsatsing leo e neng e ba Mokreste ka lona ho fihlela a hlokahala.​—1 Bakorinthe 9:27.

 Na ho nepahetse ho rapela “Thapelo ya Moetsadibe”?

Madumeding a mang batho ba bang ba rapela dithapelo tse kang “Thapelo ya Moetsadibe” le “Thapelo ya Poloko.” Hangata batho ba rapelang dithapelo tseo ba bontsha hore ba swabetse diphoso tsa bona le ho bontsha hore Jesu o ile a ba shwela dibe. Ba boetse ba kopa Jesu hore a tle bophelong ba bona. Empa ha ho na moo Bibele e buang kapa e kgothalletsang ho rapela “Thapelo ya Moetsadibe.”

Batho ba bang ba nahana hore ka mora ho rapela “Thapelo ya Moetsadibe,” motho a ka kgodiseha hore o tla pholoswa. Empa motho a ke ke a pholoswa hobane feela a re wa rapela. Ka ha ha re a phethahala re tswela pele ho etsa diphoso. (1 Johanne 1:8) Ke ka hoo Jesu a ileng a ruta balatedi ba hae ho rapela ka mehla ho kopa tshwarelo ya dibe tsa bona. (Luka 11:2, 4) Ho feta moo Bakreste ba bang ba neng ba ka nna ba phela ka ho sa feleng ha ba sa tla hlotse ba phela ka ho sa feleng hobane ba ile ba tlohela ho sebeletsa Modimo.​—Baheberu 6:4-6; 2 Petrose 2:20, 21.

 “Thapelo ya Moetsadibe” e qadile hokae?

Borahistori ha ba dumellane mabapi le hore na “Thapelo ya Moetsadibe” e qadile hokae. Ba bang ba nahana hore tlwaelo eo e qadile nakong ya karohano ya Makhatholike le Maprostanta. Ba bang ba dumela hore batho ba qadile ho rapela “Thapelo ya Moetsadibe” nakong eo madumedi a matjha a neng a qala ho tlwaeleha dilemong tsa bo 1700 le 1800. Le ha ho le jwalo, Bibele ha e re kgothalletse hore re rapele “Thapelo ya Moetsadibe.” Ha e le hantle e re ha re a lokela ho phetapheta mantswe ha re rapela.

a Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.