Feta

Ke Lokela ho Etsang e le Hore ke be Paki ya Jehova?

Ke Lokela ho Etsang e le Hore ke be Paki ya Jehova?

 Lengolong la Matheu 28:19, 20 Jesu o ile a hlalosa hore na ke mehato efe eo motho a lokelang ho e nka e le hore e ka ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Ditemana tsena di bua ka dintho tseo motho a lokelang ho di etsa e le hore e ka ba morutuwa wa Kreste e leng ho bua kapa ho paka ka Jehova.

 Mohato wa pele: Ithute seo Bibele e se rutang. Jesu o ile a laela balatedi ba hae hore ba ‘etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa . . . , ba ba rute.’ (Matheu 28:19, 20) Lentswe “morutuwa” le bolela “moithuti.” Ka Bibeleng, haholoholo dithutong tsa Jesu Kreste ho buuwa ka dintho tseo o di hlokang e le hore o ka thaba wa ba wa phela bophelo bo kgotsofatsang. (2 Timothea 3:16, 17) Re ka thabela ho o thusa ho ithuta Bibele mahala.​—Matheu 10:7, 8; 1 Bathesalonika 2:13.

 Mohato wa bobedi: Sebedisa dintho tseo o ithutang tsona. Jesu o ile a re batho ba ithutang ba boetse ba lokela “ho mamela dintho tsohle tseo [a ba] laetseng tsona.” (Matheu 28:20) Sena se bolela hore ha o ithuta Bibele ha e a lokela ho ba feela taba ya ho ithuta empa o lokela ho etsa diphetoho tseleng eo o nahanang le ho etsa dintho ka yona. (Diketso 10:42; Baefese 4:22-29; Baheberu 10:24, 25) Ba ratang ditaelo tsa Jesu ba susumeletseha ho etsa qeto ya ho mo latela ka hore ba inehele ho Jehova Modimo.​—Matheu 16:24.

 Mohato wa boraro: Kolobetswa. (Matheu 28:19) Ka Bibeleng kolobetso e tshwantshwa le lepato. (Bapisa le Baroma 6:2-4.) E tshwantshetsa ho shwa ha botho ba kgale mme motho a qala bophelo bo botjha. Ha o kolobetswa o etsa bopaki ba phatlalatsa ba hore o se o phethile mehato e mmedi ya pele eo Jesu a buileng ka yona mme o kopa Modimo hore a o fe letswalo le hlwekileng.​—Baheberu 9:14; 1 Petrose 3:21.

Ke tla tseba jwang haeba ke se ke loketse ho kolobetswa?

 Bua le baholo ba phutheho. Ba tla buisana le wena ho etsa bonnete ba hore o a utlwisisa hore na ho kolobetswa ho bolelang, o se o qadile ho sebedisa dintho tseo o ithutang tsona le hore o se o inehetse ho Modimo ka ho rata.​—Diketso 20:28; 1 Petrose 5:1-3.

Na le bana ba Dipaki ba lokela ho latela mehato ee?

 Ho jwalo. Re hodisa bana ba rona “ka ho ba kgalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang,” feela jwalo ka ha Bibele e laela. (Baefese 6:4) Le ha ho le jwalo, ha ba hola ba lokela ho iketsetsa qeto ya ho ithuta, ho dumela le ho sebedisa seo Bibele e se rutang pele ba ka tshwaneleha hore ba ka kolobetswa. (Baroma 12:2) Qetellong motho e mong le e mong o lokela ho ikgethela bodumedi.​—Baroma 14:12; Bagalata 6:5.