Feta

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Arabele Diqoso Tsohle Tse Etswang Kgahlanong le Tsona?

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Arabele Diqoso Tsohle Tse Etswang Kgahlanong le Tsona?

 Dipaki Tsa Jehova di latela keletso ya Bibele ya hore di se ke tsa arabela diqoso tsohle tse etswang kgahlanong le tsona. Ka mohlala, maele a Bibele a re: “Ya kgalemelang mosomi o inkela ho se hlomphehe.” (Liproverbia 9:​7, 8; 26:4) Ho e na le hore re ngangisane le batho ka lebaka la diqoso tsa bohata, re tsepamisa mohopolo wa rona ho etseng thato ya Modimo.​—Pesaleme ya 119:69.

 Ha e le hantle, ho na le “nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua.” (Moeklesia 3:7) Re araba batho ba ikokobeditseng ba batlang ho tseba seo e leng nnete ka rona, empa re qoba dingangisano tse se nang thuso. Ka ho etsa jwalo, re latela dithuto le mehlala ya Jesu le ya Bakreste ba boholoholo.

  •   Jesu ha a ka a araba ha a ne a qoswa ka bohata ka pela Pilato. (Matheu 27:11-​14; 1 Petrose 2:​21-​23) Hape, Jesu ha a ka a araba diqoso tse neng di etswa kgahlanong le yena tsa hore ke letahwa le hore ke monyollo. Ho e na le hoo, o ile a dumella diketso tsa hae di ipuelle jwalo ka ha Bibele e bontsha: “Bohlale bo pakwa ke mesebetsi ya bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Ha maemo a ne a mo susumelletsa ho etsa jwalo, o ne a araba ka sebete ba neng ba mo nyefola.​—Matheu 15:​1-3; Mareka 3:​22-​30.

     Jesu o ile a ruta balatedi ba hae hore ba se ke ba nyahamiswa ke diqoso tsa bohata. O ile a re: “Ho thaba lona ha batho ba le nyedisa mme ba le hlorisa mme ka leshano ba bua ntho ya mofuta o mong le o mong e kgopo ka lona ka lebaka la ka.” (Matheu 5:​11, 12) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a boela a re haeba ho hlokahala hore balatedi ba hae ba fane ka bopaki, o ne a tla phethahatsa tshepiso eo a e entseng ha a ne a re: “Ke tla le fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba lona ba ke keng ba kgona ho di hanyetsa kapa ho di phehisa.”​—Luka 21:12-​15.

  •   Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba qobe ditsekisano tse se nang molemo le batho ba ba hanyetsang ha a re ditsekisano tse jwalo ha di “ruise molemo mme ke tsa lefeela.”​—Tite 3:9; Baroma 16:17, 18.

  •   Moapostola Petrose o ile a kgothatsa Bakreste ka hore ba emele tumelo ya bona ha ho kgonahala. (1 Petrose 3:​15) Empa o ile a hlokomela hore boitshwaro bo botle bo molemo ho feta seo motho a se buang. O ile a ngola a re: “Ka ho etsa se molemo le ka kgutsisa puo e hlokang tsebo ya batho ba se nang kahlolo e molemo.”​—1 Petrose 2:​12-​15.