Fetela boitsebisong

Na Nako ea Hore re Shoe e Behiloe Esale Pele?

Na Nako ea Hore re Shoe e Behiloe Esale Pele?

Bibele e araba hore

Che, nako ea hore re shoe ha ea behoa esale pele. Ho e-na le hore Bibele e tšehetse mantsoe ana, hangata e re lefu le bakoa ke “ketsahalo e sa lebelloang.”​—Moeklesia 9:​11.

Na Bibele ha e re ho na le “nako ea ho shoa”?

E, ho Moeklesia 3:2 e re ho na le “nako ea tsoalo le nako ea ho shoa; nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng.” Leha ho le joalo, mantsoe a temaneng ena a bontša hore Bibele e tšohla lebili le tloaelehileng la bophelo. (Moeklesia 3:​1-8) Molimo ha a re behela nako eo re lokelang ho shoa ka eona, feela joalokaha a sa qobelle sehoai ho lema lijalo ka nako e itseng ka ho toba. Ho e-na le hoo, ntlha ea bohlokoa ke hore ha rea lokela ho phathahana ka lintho tse tloaelehileng tsa bophelo ebe re hlokomoloha ’Mōpi oa rōna.​—Moeklesia 3:​11; 12:​1, 13.

Matsatsi a ho phela a ka eketsoa

Ho sa tsotellehe ho se tsitsi ha bophelo, hangata re ka phela nako e telele haeba re etsa liqeto tse bohlale. Bibele e re: “Molao oa ea bohlale ke mohloli oa bophelo, bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.” (Liproverbia 13:14) Ka ho tšoanang, Moshe o ile a bolella Baiseraele hore ‘matsatsi a bona a ka ba malelele’ haeba ba ne ba ka mamela melao ea Molimo. (Deuteronoma 6:2) Ka lehlakore le leng, re ka fokotsa matsatsi a rōna ka bohlasoa haeba re etsa liqeto tse booatla.​—Moeklesia 7:​17.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re hlokolosi kapa re bohlale hakae re ke ke ra baleha lefu. (Baroma 5:​12) Empa boemo bona bo tla fetoha, kaha Bibele e tšepisa hore ho na le nako eo ka eona ‘lefu le ke keng la hlola le e-ba teng.’​—Tšenolo 21:4.