Fetela boitsebisong

Na re Lokela ho Rapela Litšoantšo?

Na re Lokela ho Rapela Litšoantšo?

Karabo ea Bibele

Che, ha rea lokela ho li rapela. Ha New Catholic Encyclopedia e bua ka melao eo Molimo a neng a e file sechaba sa Iseraele, e re: “Litlaleho tse sa tšoaneng tsa Bibele li bontša hore barapeli ba ’nete ba Molimo ba ne ba sa sebelise litšoantšo.” Hlokomela litemana tsena tsa Bibele:

  • “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse, hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.” (Exoda 20:4, 5) Kaha Molimo o batla “boinehelo bo khethehileng,” ha a batle hore re rapele kapa re tlotlise litšoantšo, liemahale kapa matšoao.

  • “Nke ke ka fa liemahale thoriso e ntšoanelang.” (Esaia 42:8, Easy-to-Read Version) Molimo ha a amohele borapeli bo etsoang ka litšoantšo. Ha Baiseraele ba bang ba ne ba leka ho mo rapela ba sebelisa seemahale sa namane, Molimo o ile a re ba entse “sebe se tšabehang.”​—Exoda 32:7-9, Easy-to-Read Version.

  • “Ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.” (Liketso 17:29) Ho fapana le barapeli ba bahetene ba atisang ho sebelisa litšoantšo tse “betliloeng ka tsebo le maqheka a motho,” Bibele e re Bakreste ba lokela ho “tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.”​—2 Bakorinthe 5:7.

  • “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Johanne 5:21) Litaelong tse neng li fuoe Baiseraele le Bakreste, Bibele e bontša hore thuto ea hore Molimo o amohela tšebeliso ea litšoantšo borapeling, ke khopolo e iqapetsoeng ke batho.