Fetela boitsebisong

Na Jesu o Ile a Shoela Sefapanong?

Na Jesu o Ile a Shoela Sefapanong?

Karabo ea Bibele

Batho ba bangata ba nka hore sefapano ke lona letšoao le ka sehloohong la Bokreste. Empa Bibele ha e hlalose hore na Jesu o shoetse nthong e joang, kahoo ha ho na motho ea tsebang hantle hore na e ne e shebahala joang. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka bopaki bo bontšang hore Jesu ha a shoela sefapanong empa o shoetse thupeng.

Hangata Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike stau·rosʹ ha e bua ka ntho eo Jesu a shoetseng ho eona. (Matheu 27:40; Johanne 19:17) Le hoja liphetolelo tse ling li atisa ho fetolela lentsoe lena e le “sefapano,” litsebi tse ngata li lumela hore ha e le hantle le bolela “thupa e otlolohileng.” a Ho latela A Critical Lexicon and Concordance to the English and Greek New Testament, “ha ho mohla [stau·rosʹ] e bolelang lithupa tse peli tse fapakaneng.”

Bibele e boetse e sebelisa lentsoe la Segerike xyʹlon ka tsela e tšoanang le eo e sebelisang lentsoe stau·rosʹ ka eona. (Liketso 5:30; 1 Petrose 2:24) Lentsoe lena le bolela “patsi,” “lepolanka,” “thupa” kapa “sefate.” b Kahoo, The Companion Bible e re: “Ha ho letho Segerikeng sa [Testamente e Ncha] le fanang ka maikutlo a mapolanka a mabeli.”

Na Molimo o oa thaba ha batho ba sebelisa sefapano borapeling?

Crux simplex ke lentsoe la Selatine le bolelang thupa e sebelisetsoang ho fanyeha senokoane

Ho sa tsotellehe hore na Jesu o shoetse nthong e joang, lintlha le litemana tse latelang tsa Bibele li bontša hore ha rea lokela ho sebelisa sefapano borapeling.

  1. Molimo ha a amohele borapeli bo etsoang ho sebelisoa litšoantšo kapa matšoao ho akarelletsa le sefapano. Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba sebelisa “sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe” borapeling, ’me le Bakreste ba laetsoe hore ba “balehele borapeli ba litšoantšo.”​—Deuteronoma 4:15-19; 1 Bakorinthe 10:14.

  2. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba sebelisa sefapano borapeling. c Bakreste bohle ba lokela ho latela lithuto le mohlala oa baapostola.​—2 Bathesalonika 2:15.

  3. Ho sebelisoa ha sefapano borapeling ho simolohile boheteneng. d Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Jesu, ha likereke li se li khelohile lithuto tsa hae, litho tse ncha tsa kereke “li ile tsa lumelloa ho boloka matšoao a tsona a bohetene,” ho akarelletsa le sefapano. (The Expanded Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words) Leha ho le joalo, Bibele ha e lumele hore ho sebelisoe matšoao a bohetene ho sokolla batho.​—2 Bakorinthe 6:17.

a Sheba Khatiso ea Boraro ea New Bible Dictionary, e hlophisitsoeng ke D. R. W. Wood, leqepheng la 245; Theological Dictionary of the New Testament, Volume VII, leqepheng la 572; The International Standard Bible Encyclopedia, Revised Edition, Volume 1, leqepheng la 825; le The Imperial Bible-Dictionary, Volume II, leqepheng la 84.

b Sheba The Expanded Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words, leqepheng la 1165; Khatiso ea Borobong ea A Greek-English Lexicon, e ngotsoeng ke Liddell le Scott, leqepheng la 1191-​1192; le Theological Dictionary of the New Testament, Volume V, leqepheng la 37.

c Sheba Encyclopædia Britannica ea 2003, tlas’a “Cross”; The Cross​—Its History and Symbolism, leqepheng la 40; le The Companion Bible, Oxford University Press, sehlomathiso sa 162, leqepheng la 186.

d Sheba The Encyclopedia of Religion, Volume 4, leqepheng la 165; The Encyclopedia Americana, Volume 8, leqepheng la 246; le Symbols Around Us, leqepheng la 205-​207.