Fetela boitsebisong

Na Molimo o Teng?

Na Molimo o Teng?

Karabo ea Bibele

E, Bibele e fana ka bopaki bo kholisang ba hore Molimo o teng. E re khothalletsa hore re be le tumelo ho Molimo, ka ho sebelisa ‘matla a rōna a ho nahana’ le “matla a kelello,” eseng ka ho lumela lithuto tsa bolumeli ka hlooho e ntšo. (Baroma 12:1; 1 Johanne 5:20) Ak’u hlahlobe mabaka a latelang a thehiloeng Bibeleng.

  • Taba ea hore ho na le bokahohle bo hlophisehileng bo nang le lintho tse phelang, e bontša hore ho na le ’Mōpi. Bibele e re: “Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Le hoja taba ena e le bonolo, batho ba bangata ba rutehileng ha ba e utloisise. a

  • Re na le takatso ea tlhaho ea ho batla ho tseba hore na re phelela’ng, e leng takatso e lulang e le teng le ka mor’a hore re khotsofatse litlhoko tsa rōna tsa nama. Sena ke seo Bibele e se bitsang “tlhoko ea [rōna] ea moea,” e leng takatso ea ho batla ho tseba Molimo le ho mo rapela. (Matheu 5:3; Tšenolo 4:11) Taba ea hore re na le tlhoko ena ea moea, ke bopaki ba hore Molimo o teng hape e bontša hore ke ’Mōpi ea re ratang ’me o batla hore re khotsofatse tlhoko eo.—Matheu 4:4.

  • Boprofeta bo ka har’a Bibele bo ile ba ngoloa lilemo tse makholo pele bo phethahala ’me bo ile ba phethahala hantle kamoo bo neng bo profetiloe kateng. Ho nepahala ha lintlha tsa boprofeta boo, ke bopaki bo matla ba hore bo ne bo tsoa mohloling o phahametseng batho.—2 Petrose 1:21.

  • Bangoli ba Bibele ba ne ba e-na le tsebo ea saense eo batho ba neng ba phela mehleng eo ba neng ba se na eona. Ka mohlala, mehleng ea khale batho ba bangata ba ne ba lumela hore lefatše le lutse holim’a phoofolo e kang tlou, kolobe-moru kapa pholo. Ho fapana le seo, Bibele e re Molimo o “leketlisa lefatše holim’a lefeela.” (Jobo 26:7) Bibele e bua ka ho nepahala ha e re lefatše le “chitja” kapa ke “qitikoe.” (Esaia 40:22, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Douay Version) Batho ba bangata ba lumela hore ntho feela e ka hlalosang sena ke hore bangoli ba Bibele ba ne ba fumana boitsebiso ba bona ho Molimo.

  • Bibele e araba lipotso tse ngata tse thata, tseo haeba motho a sa fumane likarabo tsa tsona a ka latolang hore Molimo o teng. Ka mohlala, haeba Molimo o lerato ebile o na le matla, ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola le bokhopo lefatšeng? Ke hobane’ng ha bolumeli bo susumetsa batho hore ba etse lintho tse mpe ho e-na le hore ba etse lintho tse molemo?—Tite 1:16.

a Ka mohlala ha Allan Sandage, eo e neng e le setsebi sa linaleli a bua ka bokahohle, o ile a re: “Ha ho utloahale ho lumela hore bokahohle bona bo hlophisehileng bo bile teng ka ho phatloha ho hoholo. Ho ’na Molimo ke sephiri, empa ke ka eena feela re ka hlalosang mohlolo oa bophelo, lebaka leo ka lona lintho li leng teng.”