Fetela boitsebisong

Na Molimo a ka Fetola Liqeto Tsa Hae?

Na Molimo a ka Fetola Liqeto Tsa Hae?

Karabo ea Bibele

E, a ka li fetola, ka hore a fetole tsela eo a ikutloang ka eona ha batho ba fetola mekhoa ea bona. Ka mohlala, ha Molimo a ne a romela molaetsa oa kahlolo ho batho ba Iseraele ea boholo-holo, o ile a re: “Mohlomong ba tla mamela ’me ba khutle, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe, ’me ke tla lokela ho ikutloa ke soabile bakeng sa tlokotsi eo ke nahanang ho e phethisa holim’a bona ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea bona.”​—Jeremia 26:3.

Ha liphetolelo tse ngata tsa Bibele li fetolela mantsoe a temaneng ena li re Molimo o ne a tla “ikoahlaea” ka lebaka la tlokotsi eo a neng a rerile ho e tlisa, e leng se ka bolelang hore o ne a entse phoso. Leha ho le joalo, lentsoe la qalong la Seheberu le ka bolela “ho fetola liqeto kapa maikutlo.” Moprofesa e mong o ile a ngola a re: “Ha motho a fetola tsela eo a itšoarang ka eona seo se ka fetola kahlolo ea Molimo.”

Ke ’nete hore, taba ea hore Molimo a ka fetola liqeto tsa hae ha e bolele hore o lokela ho li fetola. A re ke re shebeng a mang a maemo ao Bibele e bontšang hore Molimo ha a ka a fetola liqeto tsa hae:

  • Molimo ha a ka a lumella Balake hore a fetole qeto ea Hae ea hore a se ke a rohaka sechaba sa Iseraele.—Numere 23:18-20.

  • Ka mor’a hore Morena Saule oa Iseraele a tsitlelle bobeng ba hae, Molimo ha a ka a fetola qeto ea hae ea ho mo tlosa boreneng.—1 Samuele 15:28, 29.

  • Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea ho etsa Mor’a hae moprista ka ho sa feleng. Molimo a ke ke a fetola qeto eo ea hae.—Pesaleme ea 110:4.

Na Bibele ha e re Molimo ha a fetohe le ka mohla?

E, Bibele e tlalehile mantsoe a Molimo a reng: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Hape, Bibele e re “ho [Molimo] ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” (Jakobo 1:​17) Leha ho le joalo, mantsoe ana ha a hanyetsane le seo Bibele e se buang ha e re Molimo a ka fetola liqeto tsa hae. Molimo ha a fetohe ka kutloisiso ea hore botho ba hae le melao ea hae ea lerato le toka ha li fetohe. (Deuteronoma 32:4; 1 Johanne 4:8) Ho ntse ho le joalo, a ka fa batho litaelo tse fapaneng ka linako tse sa tšoaneng. Ka mohlala, Molimo o ile a fa Morena Davida litaelo tse fapaneng tsa ho loana lintoa tse peli tse latellanang, empa ka bobeli li ile tsa sebetsa.​—2 Samuele 5:​18-​25.

Na Molimo oa ikoahlaea ka hore ebe o bōpile batho?

Che, le hoja a soabisoa ke hore ebe batho ba bangata ha ba mo mamele kapa ha ba mo natse. Ha Bibele e hlalosa maemo a pele ho Moroallo oa lefatše lohle oa mehleng ea Noe, e re: “Jehova a ikutloa a soabile hore ebe o entse batho lefatšeng, ’me pelo ea hae ea utloa bohloko.” (Genese 6:6) Temaneng ena, lentsoe “soabile” le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “ho fetola liqeto.” Molimo o ile a fetola liqeto tsa hae mabapi le batho ba bangata ba neng ba phela pele ho Moroallo hobane ba ne ba se ba le khopo. (Genese 6:​5, 11) Le hoja a ne a utloisitsoe bohloko ke hore ebe ba khethile ho se mo mamele, haa ka a fetola maikutlo a hae ka moloko ’ohle oa batho. Ho e-na le hoo, o ile a boloka moloko oa batho, ka ho pholosa Noe le lelapa la hae Moroallong.​—Genese 8:21; 2 Petrose 2:5, 9.