Fetela boitsebisong

Na Bibele e ea Ikhanyetsa?

Na Bibele e ea Ikhanyetsa?

Karabo ea Bibele

Che, Bibele eohle e ea lumellana. Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka likarolo tse ling tsa Bibele lia hanyetsana, ho sebelisa melao-motheo e latelang ho ka u thusa hore u li utloisise hantle:

  1. Nahana ka moelelo oa taba. Mongoli leha e le ofe a ka utloahala eka o oa ikhanyetsa haeba batho ba sotha moelelo oa taba eo a e ngotseng.

  2. Hlokomela tsela eo mongoli a nahanang ka eona. Batho ba boneng ha ketsahalo e itseng e etsahala, ba ka ’na ba e hlalosa ka tsela e nepahetseng empa ba se ke ba sebelisa mantsoe a tšoanang hantle kapa ba akaretsa lintlha ka tsela e tšoanang.

  3. Nahana ka litlaleho tse nepahetseng tsa histori le litloaelo.

  4. Tseba phapang pakeng tsa mantsoe a sebelisoang ka tsela ea sebele le ea tšoantšetso.

  5. Hlokomela hore ho ka ’na ha thoe motho o entse ketso e itseng—esita le haeba a sa e etsa ka boeena. a

  6. Sebelisa phetolelo e nepahetseng ea Bibele.

  7. U se ke ua leka ho amahanya seo Bibele e se buang le litumelo kapa lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli.

Mehlala e latelang, e bontša kamoo melao-motheo ena e ka hlalosang ho se lumellane ho bonahalang eka ho teng ka Bibeleng.

Molao-motheo oa pele: Moelelo oa taba

Haeba Molimo o ile a phomola ka letsatsi la bosupa, ke ka tsela efe a ntseng a sebetsa? Moelelo oa tlaleho ea pōpo e ho Genese o bontša hore polelo e reng Molimo o ile “a phomola ka letsatsi la bosupa mosebetsing oohle oa hae oo a o entseng,” e bua ka ho khetheha ka mosebetsi oa ho bōpa lefatše. (Genese 2:​2-4) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a hanyetsa taba eo ha a ne a re Molimo “o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale,” hobane o ne a bua ka mesebetsi e meng ea Molimo. (Johanne 5:17) Mesebetsi ea Molimo e akarelletsa ho bululela batho hore ba ngole Bibele, ho ba tataisa le ho ba hlokomela.​—Pesaleme ea 20:6; 105:5; 2 Petrose 1:21.

Molao-motheo oa bobeli le oa boraro: Maikutlo le histori

Jesu o ile a phekola monna ea foufetseng a le hokae? Buka ea Luka e re Jesu o ile a phekola monna ea foufetseng “ha a [Jesu] atamela Jeriko,” ha tlaleho e tšoanang le eona e ho Matheu e re Jesu o entse seo ha ‘a tsoa Jeriko.’ (Luka 18:35-43; Matheu 20:29-34) Litlaleho tsena tse peli li ngotsoe ka tsela e fanang ka maikutlo a sa tšoaneng, ha e le hantle li fana ka boitsebiso bo sa tšoaneng. Tabeng ea hore na banna bao ba ne ba le bakae, Matheu o bolela ka ho khetheha hore ba ne ba le babeli, ha Luka eena a bua haholo ka monna eo Jesu a neng a bua le eena. Mabapi le sebaka, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane hore mehleng ea Jesu, Jeriko e ne e le likarolo li peli, motse oa khale oa Bajuda o ne o ka ba bohōle ba k’hilomithara le halofo ho tloha motseng o mocha oa Baroma. E ka ’na eaba Jesu o ne a le pakeng tsa metse eo e ’meli ha a etsa mohlolo oo.

Molao-motheo oa bone: Lipolelo tse sebelisitsoeng ka tsela ea tšoantšetso le ea sebele

Na lefatše le tla felisoa? Ho Moeklesia 1:4, Bibele e re, “lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” e leng mantsoe ao ba bang ba utloang eka a hanyetsana le mantsoe a reng “metheo ea lintho e tla felisoa ka ho cha, le lefatše le tla cha.” (2 Petrose 3:​10, Beck) Leha ho le joalo, ka Bibeleng lentsoe “lefatše” le sebelisitsoe ka tsela ea sebele ha le bua ka polanete ea rōna le ka tsela ea tšoantšetso ha le bua ka batho ba lulang ho lona. (Genese 1:1; 11:1) Ho felisoa ha “lefatše” ho hlalositsoeng ho 2 Petrose 3:​10 ho bolela “timetso ea batho ba se nang bomolimo” eseng ho chesoa ha polanete ea rōna.​—2 Petrose 3:7.

Molao-motheo oa bohlano: Motho eo ho buuoang ka eena

Kapernauma, ke mang ea ileng a isa kōpo ea molaoli oa lebotho ho Jesu? Matheu 8:5, 6 e re molaoli oa lebotho o ile a ikisa ho Jesu, ha Luka 7:3 e re o ile a romela banna ba baholo ba Bajuda hore ba ise kōpo ea hae. Tlaleho ena ea Bibele e ka ’nang ea bonahala eka ha e lumellane, e ka ’na ea etsa hore motho a nahane hore molaoli oa lebotho ke eena ea ileng a il’o kōpa Jesu, empa o ile a roma banna ba baholo hore e be baemeli ba hae.

Molao-motheo oa botšelela: Phetolelo e nepahetseng

Na kaofela ha rōna re baetsalibe? Bibele e ruta hore kaofela ha rōna re futsitse sebe ho tsoa ho motho oa pele, e leng Adama. (Baroma 5:12) Ho bonahala eka liphetolelo tse ling li hanyetsana le taba ena ha li re motho ea lokileng “ha a etse sebe.” (1 Johanne 3:6, Bibele ea Sesotho) Leha ho le joalo, leetsi la lentsoe la Segerike e leng “sebe” le ho bojoale ho 1 Johanne 3:6 ’me ka puo eo le bontša hore ketso eo e tsoela pele ho etsahala. Ho na le phapang pakeng tsa sebe seo re se futsitseng, e leng sebe seo re ke keng ra se qoba le sebe seo re se etsang ka boomo sa ho tloaela ho se mamele melao ea Molimo. Kahoo, liphetolelo tse ling li lokisa taba eo e etsang hore ho bonahale eka Bibele e ea ikhanyetsa ka hore li sebelise ka nepo lipolelo tse kang, “ha aa tloaela ho etsa sebe.”​—New World Translation; Phillips.

Molao-motheo oa bosupa: Thuto ea Bibele eseng ea bolumeli

Na Jesu o monyenyane ho Molimo kapa baa lekana? Jesu o ile a re: “’Na le Ntate re bang,” e leng mantsoe a bonahalang eka a hanyetsana le ana a reng “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 10:30; 14:28) E le hore re utloisise litemana tseo hantle, re lokela ho hlahloba seo Bibele e se buang ka Jehova le Jesu ho e-na le ho leka ho lumellanya litemana tseo le thuto ea Boraro-bo-bong, e sa thehoang Bibeleng. Bibele e bontša hore Jehova hase feela Ntate oa Jesu empa e boetse ke Molimo oa hae, eo Jesu a mo rapelang. (Matheu 4:10; Mareka 15:34; Johanne 17:3; 20:17; 2 Bakorinthe 1:3) Jesu ha a lekane le Molimo.

Ha Jesu a ne a re “’Na le Ntate re bang” o ne a bontša hore eena le Ntate oa hae Jehova Molimo, ba bang hobane ba na le morero o le mong. Hamorao Jesu o ile a re: “Ntate o bonngoeng le ’na ’me le ’na ke bonngoeng le Ntate.” (Johanne 10:38) Jesu o ne a boetse a le bonngoeng le barutuoa ba hae hobane o ile a rapela Molimo mabapi le bona a re: “Ke ba file khanya eo u mphileng eona, e le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang. ’Na ke be bonngoeng le bona le uena u be bonngoeng le ’na.”​—Johanne 17:22, 23.

a Ka mohlala, ha Encyclopædia Britannica e bua ka Taj Mahal, e re “e ile ea hahoa ke moemphera oa Mughal, e leng Shah Jahān.” Leha ho le joalo, ha se eena ea ileng a haha mohaho oo, hobane sehlooho seo se phaella ka hore “ho ile ha hiroa basebetsi ba fetang 20 000” hore ba o hahe.