Fetela boitsebisong

Na Jesu o ne a Nyetse? Na Jesu o ne a E-na le Banab’abo?

Na Jesu o ne a Nyetse? Na Jesu o ne a E-na le Banab’abo?

Karabo ea Bibele

Le hoja Bibele e sa bue ka ho toba hore na Jesu o ne a nyetse kapa che, e bontša hore o ne a sa nyala. a A re hlahlobeng lintlha tse latelang.

  1. Bibele e bua hangata ka lelapa la habo Jesu hammoho le basali ba neng ba tsamaea le eena ha a le tšebeletsong le ba neng ba mo shebile ha a ne a khokhotheloa, empa ha ho na moo e buang ka hore o ne a e-na le mosali. (Matheu 12:46, 47; Mareka 3:31, 32; 15:40; Luka 8:2, 3, 19, 20; Johanne 19:25) Lebaka le utloahalang le etsang hore Bibele e se ke ea bua ka taba ena ke hobane Jesu o ne a sa nyala.

  2. Ha Jesu a ne a bua le barutuoa ba hae mabapi le batho ba lulang e le masoha hobane ba batla ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Molimo, o ile a re: “Ea ka e [bosoha] etsetsang sebaka a ke a e etsetse sebaka.” (Matheu 19:10-12) O ile a beha mohlala bakeng sa batho ba khethang ho se nyale e le hore ba ka ikakhela ka setotsoana haholoanyane tšebeletsong ea Molimo.​—Johanne 13:15; 1 Bakorinthe 7:32-38.

  3. Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a lokisetsa hore ho be le motho ea tla hlokomela ’mè oa hae. (Johanne 19:25-27) Haeba Jesu a ne a e-na le mosali kapa a e-na le bana, a ka be a ile a etsa bonnete ba hore le bona baa hlokomeloa.

  4. Bibele e bua ka Jesu e le mohlala bakeng sa banna, empa ha e bue ka tsela eo a neng a tšoara mosali oa hae ka eona. Ho e-na le hoo, e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baefese 5:25) Haeba Jesu o ne a hlile a nyetse ha a le lefatšeng, na temana ee e ne e ke ke ea bua ka tsela e phethahetseng eo a neng a tšoara mosali oa hae ka eona?

Na Jesu o ne a e-na le banab’abo?

E, Jesu o ne a e-na le banab’abo ba tšeletseng. Ba ne ba akaretsa Jakobo, Josefa, Simone le Judase hammoho le likhaitseli tsa hae tse peli. (Matheu 13:54-56; Mareka 6:3) Bana bao babo e ne e le ba ’mè oa Jesu, Maria, le monna oa hae Josefa. (Matheu 1:​25) Bibele e bitsa Jesu “letsibolo” la Maria, e leng se bontšang hore Maria o ne a e-na le bana ba bang.​—Luka 2:7.

Mashano a mabapi le barab’abo Jesu

Batho ba bang ba tšehetsa taba ea hore Maria e ile ea e-ba moroetsana bophelo bohle ba hae, ka hore ba hlalose lentsoe “barab’abo” ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, ba bang ba nka hore barab’abo Jesu ha e le hantle e ne e le bara ba Josefa ba lenyalong la pele. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Jesu o ne a e-na le tokelo ea molao ea borena e neng e tšepisitsoe Davida. (2 Samuele 7:12, 13; Luka 1:32) Haeba Josefa o ne a e-na le bara ba baholo ho Jesu, e moholo ho bona e ka be ebile eena eo ka molao a nang le tokelo ea ho ba mojalefa oa Josefa.

Na lentsoe leo le bua ka barutuoa ba Jesu kapa barab’abo ba moea? Taba ena e hanyetsana le Mangolo, kaha Bibele e re ka nako e ’ngoe “barab’abo ba ne ba sa bontše tumelo ho eena.” (Johanne 7:5) Bibele e arola barab’abo Jesu ho barutuoa ba hae.​—Johanne 2:12.

Batho ba bang ba bolela hore barab’abo Jesu ha e le hantle e ne e le bo motsoal’ae. Empa Mangolo a Segerike a sebelisa mantsoe a fapaneng bakeng sa lentsoe, “barab’abo,” “beng ka” le ‘motsoala.’ (Luka 21:16; Bakolose 4:10) Litsebi tse ngata tsa Bibele lia lumela hore ha e le hantle barab’abo Jesu le likhaitseli tsa hae e ne e hlile e le banab’abo. Ka mohlala, buka ea The Expositor’s Bible Commentary e re: “Tsela e tloaelehileng ea ho utloisisa lentsoe ‘barab’abo’ . . . ke hore le bolela bara ba Maria le Josefa, e leng ho bolelang hore ke barab’abo Jesu ka Maria.” b

a Bibele e hlalosa Kreste e le monyali, empa taba eo ho buuoang ka eona moo, e hlakisa hore ke ka tsela ea tšoantšetso.​—Johanne 3:28, 29; 2 Bakorinthe 11:2.

b U ka boela oa bala buka ea The Gospel According to St. Mark, Second Edition, ea Vincent Taylor, leqepheng la 249 le ea A Marginal Jew​—Rethinking the Historical Jesus, ea John P. Meier, Volume 1, leqepheng la 331-​332.