Fetela boitsebisong

Mohanyetsi oa Kreste ke Mang?

Mohanyetsi oa Kreste ke Mang?

Karabo ea Bibele

Mohanyetsi oa Kreste hase motho a le mong feela kapa mokhatlo, hobane Bibele e re ho na le “bahanyetsi ba Kreste ba bangata.” (1 Johanne 2:​18) Ho e-na le hoo, polelo “mohanyetsi oa Kreste,” e tsoang lentsoeng la Segerike le bolelang “khahlanong le (kapa ho e-na le) Kreste,” le bua ka motho leha e le ofe ea etsang lintho tse latelang:

Bibele e re batho ba etsang lintho tseo, ke bahanyetsi ba Kreste hape ha e ba akaretsa e ba bitsa “mohanyetsi oa Kreste.” (2 Johanne 7) Mohanyetsi oa Kreste o qalile ho ba teng nakong ea baapostola ’me o ntse a le teng le kajeno. Bibele e ile ea bolela esale pele ka seo.​—1 Johanne 4:3.

U ka tseba bahanyetsi ba Kreste joang?

  • Ba ruta lithuto tse fosahetseng ka Jesu. (Matheu 24:​9, 11) Ka mohlala, batho ba rutang thuto ea Boraro-bo-bong kapa ea hore Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle, ba hanyetsa lithuto tsa Jesu, ea ileng a re: “Ntate o moholo ho ’na.”​—Johanne 14:28.

  • Bahanyetsi ba Kreste ba latola seo Jesu a ileng a se bolela mabapi le tsela eo ’Muso oa Molimo o sebetsang ka eona. Ka mohlala, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba re Kreste o sebelisa mebuso ea batho. Empa thuto ena e hanyetsana le seo Jesu a ileng a se bua ha a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”​—Johanne 18:36.

  • Ba re Jesu ke Morena oa bona, empa ha ba mamele litaelo tsa hae, tse akarelletsang e reng ho boleloe litaba tse molemo tsa ’Muso.​—Matheu 28:19, 20; Luka 6:46; Liketso 10:42.