Fetela boitsebisong

“Linotlolo Tsa ’Muso” Ke’ng?

“Linotlolo Tsa ’Muso” Ke’ng?

Karabo ea Bibele

“Linotlolo tsa ’muso” li emela matla a ho bulela batho tsela ea ho “kena ’musong oa Molimo.” (Matheu 16:19; Liketso 14:22) a Jesu o ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso oa maholimo.” Kahoo, Petrose o ile a fuoa matla a ho bolela hore batho bohle ba tšepahalang ba ne ba tla thusoa ke moea o halalelang hore ba rue ’Muso oa Molimo.

Linotlolo tseo li ne li bulela bo-mang?

Petrose o ile a sebelisa matla ao Jehova a mo fileng ’ona ho bulela lihlopha tse tharo tsa batho tsela e le hore li rue ’Muso oa Molimo:

  1. Bajuda le ba sokolohetseng Bojudeng. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, Petrose o ile a khothalletsa Bajuda ho lumela hore Molimo o khethile Jesu hore e be Morena oa ’Muso oa Hae. Petrose o ile a ba bolella hore na ke eng eo ba lokelang ho e etsa e le hore ba pholohe. Kahoo o ile a ba bulela hore ba kene ’Musong oa Molimo ’me ba bangata ba ile ba “amohela lentsoe la hae.”—Liketso 2:38-41.

  2. Basamaria. Hamorao Petrose o ile a romelloa ho Basamaria. b Eaba eena le moapostola Johanne ba sebelisa senotlolo sa ’Muso oa Molimo “’me ba ba rapella hore ba fumane moea o halalelang.” (Liketso 8:14-17) Kaha Basamaria ba ile ba fumana moea o halalelang, le bona ba ne ba ka khona ho kena ’Musong oa Molimo.

  3. Batho bao eseng Bajuda. Lilemo tse tharo le halofo ka mor’a lefu la Jesu, Molimo o ile a senolela Petrose hore batho bao eseng Bajuda ba ne ba e-na le monyetla oa kena ’Musong oa Molimo. Ke kahoo Petrose a ileng a sebelisa senotlolo se seng ka ho bolella batho bao eseng Bajuda molaetsa oa Bibele ’me ka ho etsa joalo a ba bulela monyetla oa hore ba fumane moea o halalelang, e be Bakreste ’me ba be le monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo.​—Liketso 10:30-35, 44, 45.

Ho “kena Musong oa Molimo” ho bolela’ng?

Ba tl’o “kena Musong oa Molimo” ba na le monyetla oa ho busa le Jesu leholimong. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ba tl’o “lula literoneng” le ho “busa e le marena holim’a lefatše.”​—Luka 22:29, 30; Tšenolo 5:9, 10.

Maikutlo a fosahetseng ka linotlolo tsa ’Muso

Maikutlo a fosahetseng: Ke Petrose ea tla etsa qeto ea hore na ke bo-mang ba tla kena Musong oa Molimo.

Seo e leng ’nete: Bibele e re ke Jesu Kreste ea tl’o “ahlola ba phelang le bafu,” eseng Petrose. (2 Timothea 4:1, 8; Johanne 5:22) Ha e le hantle, Petrose o ile a re Jesu “ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.”​—Liketso 10:34, 42.

Maikutlo a fosahetseng: Ke Petrose ea nang le tokelo ea hore na linotlolo tsa ’Muso li tla sebelisoa neng.

Seo e leng ’nete: Jesu o ile a re ka linotlolo tsa ’Muso ho Petrose: “Eng kapa eng eo u ka e tlamang lefatšeng e tla ba ntho e tlamiloeng maholimong, ’me eng kapa eng eo u ka e lokollang lefatšeng e tla ba ntho e lokolotsoeng maholimong.” (Matheu 16:19) Le hoja ba bang ba utloisisa eka ho thoe ke Petrose ea tla etsa liqeto leholimong, maetsi a Segerike a bontša hore liqeto tsa Petrose li tla latela tse entsoeng leholimong eseng li li etelle pele.

Likarolo tse ling Bibeleng li bontša Petrose a ne a laoloa ke leholimo ha a ne a sebelisa linotlolo tsa ’Muso. Mohlala, o ile a latela tataiso ea Jehova ha a ne a sebelisa senotlolo sa boraro.​—Liketso 10:19, 20.

a Ka linako tse ling lentsoe “senotlolo” ka Bibeleng le emela matla kapa boikarabelo.—Esaia 22:20-22; Tšenolo 3:7, 8.

b Lehoja Basamaria ba ne ba fapane ka bolumeli le Bajuda, ba ne ba ruta lintho tse ling tse lumellanang le Molao oa Moshe.