Fetela boitsebisong

U ka Hlōla Tšabo ea Lefu Joang?

U ka Hlōla Tšabo ea Lefu Joang?

Karabo ea Bibele

Ke ho utloahalang hore re tšabe lefu kaha ke sera, ’me re nka mehato e loketseng ho itšireletsa. (1 Bakorinthe 15:26) Empa ho tšaba lefu ka mabaka a sa utloahaleng a thehiloeng leshanong kapa tumela-khoeleng ho beha batho ‘tlas’a bokhoba bophelo bohle ba bona.’ (Baheberu 2:​15) Ho tseba ’nete ho tla u lokolla hore u se ke ua tšaba lefu ka tsela e feteletseng e ka u sitisang ho thabela bophelo.​—Johanne 8:​32.

Seo e leng ’nete ka lefu

  • Bafu ha ba tsebe letho. (Pesaleme ea 146:4) Ha u ua lokela ho tšaba hore ha u shoele u tla utloa bohloko kapa u tla hlokofatsoa, kaha Bibele e tšoantša lefu le boroko.​—Pesaleme ea 13:3; Johanne 11:11-​14.

  • Bafu ba ke ke ba re ntša kotsi. Esita le batho bao e kileng ea e-ba lira tse mabifi ha ‘ba na matla lefung.’ (Liproverbia 21:16) Bibele e re “lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse.”​—Moeklesia 9:6.

  • Hase hore lefu ke qetello ea bophelo ba rōna ka ho feletseng. Molimo o tla tsosa bafu hore ba boele ba phele.​—Johanne 5:​28, 29; Liketso 24:15.

  • Molimo o tšepisa hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ha e bua ka nako eo, Bibele e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng,” ba se ba sa tšabe lefu.​—Pesaleme ea 37:29.