Fetela boitsebisong

JW.ORG—E Fetola Bophelo ba Batho

JW.ORG—E Fetola Bophelo ba Batho

Batho ba likarolong tsohle tsa lefatše ba rua molemo websaeteng ea jw.org. Ka tlaase mona ke mantsoe a ho leboha a ileng a romeloa ntlo khōlōng ea Lipaki Tsa Jehova ho tloha ka May 2014.

E Thusa Bana ba Banyenyane

“Ngoan’aka ea kenang sekolo sa tlhokomelo ea bana ba banyenyane o ne a atisa ho tla lapeng le lipentšele, li-toy tse nyenyane esita le likhalase tsa letsatsi tsa metsoalle ea hae. Re ile ra leka ka makhetlo ho mo thusa hore a utloisise hore seo a se etsang se tšoana le ho utsoa le hore ho fosahetse ho utsoa. Boiteko ba rōna bo ile ba hlōleha ho fihlela re kopitsa video e ho jw.org ea Ho Utsoa ho Fosahetse. Video eo e ile ea re thusa haholo ’me ke seo mora oa rōna a neng a se hloka. Ha re qeta ho e shebella le eena, o ile a bolela kamoo a ikemiselitseng kateng ho khutlisa lintho tseo a li utsoitseng, kaha o kholisehile hore ho utsoa ho fosahetse mahlong a Molimo. Ruri websaete ena e re thusitse haholo!”—D. N., Afrika.

“Video e ho jw.org ea Ho Utsoa ho Fosahetse . . . e ile ea re thusa haholo ’me ke seo mora oa rōna a neng a se hloka”

“Bana ba ka ba rata websaete ena. Ba kopitsa livideo tsa lipopae tse khutšoanyane tse ba thusang hore ba sebelise hamolemo melao-motheo ea Bibele e buang ka leshano le ho utsoa. Ba boetse ba ithuta litšobotsi tse ling tse ratehang tse tla ba thusa bophelong ba bona, e le hore e be batho ba molemo sechabeng.”—O. W., West Indies.

E Thusa Bana ba Kenang Sekolo

“Pele ke ne ke bona sekolo e le moroalo ’me ke nahana ho se tlohela. Empa ka letsatsi le leng ke ile ka bala sehlooho se reng ‘Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?’ websaeteng ea jw.org. Se ile sa nthusa hore ke talime sekolo ka tsela e loketseng. Sehlooho seo se ile sa nthusa ho bona hore sekolo se nkoetlisetsa bokamoso le hore se nthusa hore ke be motho ea nang le boikarabelo.”—N. F., Afrika.

“Likeletso tse fuoang bacha websaeteng ena li nthutile hore ke lokela ho itšoara hantle ha ke le sekolong”

“Likeletso tse fuoang bacha websaeteng ena, li nthutile hore ke lokela ho itšoara hantle ha ke le sekolong. Ke ithutile kamoo nka tsepamisang kelello mosebetsing oa sekolo kateng le kamoo nka qobang lintho tse tla ntšitisa.”—G., Afrika.

“Mosebetsi-’moho le ’na o ile a mpolella hore ho na le ngoanana ea hlorisang morali oa hae sekolong. Sena se ile sa ama morali oa hae hampe hoo a ileng a qeta matsatsi a ’maloa a sa ee sekolong ka lebaka la tšabo. Ke ile ka mo bolella ka lintlha tseo ke li fumaneng videong ea lipopae ea U ka Hlōla Mpoli Empa U sa Loane, e fumanehang ho jw.org. O ile a rata haholo tlhahiso ea hore motho a leke ho tšeha e le hore a kokobetse boemo. O ile a buisana le ngoana oa hae ka hore na o lokela ho etsa’ng ha a hlorisoa. Ka mor’a moo, ngoanana eo o ile a ea sekolong a ikutloa a le sebete. Ha nako e ntse e ea, boemo boo bo ile ba ntlafala ’me ngoanana ea neng a mo hlorisa a bontša botsoalle.”—V. K., Europe Bochabela.

E Thusa Bacha

“Kea le leboha ka sehlooho se websaeteng ena se reng ‘Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?’ Ke khale ke loantšana le bothata bona. Ke ne ke nahana hore ke ’na feela ea nang le bona le hore batho ba bang ba ne ba ke ke ba utloisisa ha ke ba bolella ka bona. Mehlala e sehloohong sena e nthusitse haholo. Qetellong, ho na le motho ea utloisisang!”—Moroetsana ea lulang Australia.

“Mehlala e sehloohong sena e nthusitse haholo. Qetellong, ho na le motho ea utloisisang!”

“Websaete ea jw.org e entse hore ke nolofalloe ho fumana thuso litabeng tse amang bacha. Ho na le sehlooho seo ka ho khetheha se ileng sa nthusa ho tseba ho khetholla mefuta ea ho hlekahlekoa ’me ka bona hore ke ne ke le lehlatsipa la hona, eaba ke ithuta litsela tse nepahetseng tsa ho sebetsana le hona.”—T. W., West Indies.

E Thusa Batsoali

“Mor’a ka ea lilemong tsa bocha ha a na botsitso. Hangata ke ikutloa ke tsielehile ke boitšoaro bona ba hae bo sa amoheleheng. Ka lebaka leo, re ne re sa khone ho buisana. Ka letsatsi le leng, ke ile ka kena ho jw.org ’me ka khetha karolo ea banyalani le batsoali. Ke ile ka fumana lihlooho tse ngata tse buang ka boemo ba ka ’me li ile tsa nthuta kamoo nka buisanang le mor’a ka kateng. Le eena o ruile molemo websaeteng ena. Hona joale o buisana le ’na ka bolokolohi ’me o mpolella lintho tse mo thabisang le tse mo tšoenyang.”—C. B., Afrika.

“Hangata lihlooho tse hlahang ho jw.org, li fihla ka nako e nepahetseng ho re thusa hore re sebetsane le mathata ao bana ba rōna ba tobanang le ’ona”

“Jw.org, ea re thusa joaloka batsoali hore re rute bana ba rōna ka tsela e tla ba thabisa. Ka mohlala, video ea lipopae e bontšang kamoo motho a ka fumanang motsoalle oa ’nete kateng, e thusitse bana ba rōna hore ba be le pono e ntle ka metsoalle le hore ba khethe e tla ba le tšusumetso e ntle ho bona. Hangata lihlooho tse hlahang ho jw.org, li fihla ka nako e nepahetseng ho re thusa hore re sebetsane le mathata ao bana ba rōna ba tobanang le ’ona. E na le likeletso tsa bohlokoa.”—E. L., Europe.

E Thusa Banyalani

“’Na le mosali oa ka re na le lilemo tse tšeletseng re nyalane. Joaloka banyalani ba bang, re ’nile ra ba le bothata ba ho se utloane ka lebaka la mekhoa ea rōna ea ho buisana, tsela eo re hōlisitseng ka eona le tsela eo re talimang lintho ka eona. Ke ile ka khahloa ke sehlooho se ho jw.org se reng ‘Kamoo U ka Mamelang ka Hloko.’ Se ile sa mpha likeletso tse ntle tsa kamoo nka ntlafatsang tsela eo ke mamelang ka eona. Ke ile ka se bala ’me ka mor’a moo ka se tšohla le mosali oa ka. Re ile ra leka ho sebelisa litlhahiso tsa sona tse molemo.”—B. B., West Indies.

“Websaete ena e nthusitse ho sireletsa lenyalo la ka”

“Haesale ke kopanela le Lipaki Tsa Jehova ho tloha selemong se fetileng ’me ke rata ho li leboha haholo ka websaete ea jw.org. Ke ithutile lintho tse ngata websaeteng ena, tse akarelletsang kamoo nka laolang bohale kateng le kamoo nka bang motsoali le molekane ea molemo kateng. Ho bua ’nete, websaete ena e nthusitse ho sireletsa lenyalo la ka.”—L. G., West Indies.

E Thusa Batho ba sa Utloeng Litsebeng

“Websaete ea jw.org e entse hore ke ikutloe ke le motho. Livideo tsa Puo ea Matsoho ea Amerika, li nthusitse hore ke ntlafatse puo ea ka ea matsoho. Ke ne ke atisa ho ikutloa eka ha ho na letho leo nka le finyellang bophelong, empa ho shebella video ea Ho Bona Lentsoe la Molimo ka Puo ea ka, ho ile ha nkama maikutlo ’me ha etsa hore ke ikemisetse ho tsepamisa kelello linthong tse ntle bophelong.”—J. N., Afrika.

“Websaete ea jw.org e entse hore ke ikutloe ke le motho”

“Kannete websaete ena kea bohlokoa. Ke moithaopi ea thusang batho ba sa utloeng litsebeng, haholo-holo bacha. Likhatiso tse ngata tsa puo ea matsoho li nthusitse ho ntlafatsa bokhoni ba ka puong ena. Websaete ena e nthusitse hore ke thuse batho ba batlang ho matlafatsa kamano ea bona le ba malapa le metsoalle.”—K. J., West Indies.

E Thusa Batho ba Foufetseng

“Ke foufetse ’me ke ruile molemo websaeteng ea jw.org. E mpha boitsebiso boo ka tloaelo ho nkang likhoeli pele ke bo fumana ka poso. Websaete ena e matlafalitse kamano ea ba lelapa la ka ’me e entse hore ke be motho ea molemo sechabeng. E boetse e entse hore ke khone ho fumana boitsebiso ka nako e tšoanang le metsoalle ea ka e bonang.”—C. A., Amerika Boroa.

“Websaete ena e matlafalitse kamano ea ba lelapa la ka ’me e entse hore ke be motho ea molemo sechabeng”

“Batho ba sa khoneng ho bala Braille kapa ba se nang chelete e lekaneng ea ho reka libuka tsa Braille, ba ananela jw.org haholo. Batho ba foufetseng ba ka fumana boitsebiso bo bongata ka lintho tse fapaneng ba sebelisa likhatiso tse mameloang. Websaete ena e etselitsoe batho bohle ho sa tsotellehe maemo a bona kapa morabe. E thusa rōna ba foufetseng hore re ikutloe re e-na le seriti ebile re sa khetholloe sechabeng.”—R. D., Afrika.

E Thusa ba Batlang ho Tseba Molimo

“Phapang e teng pakeng tsa websaete ea lōna le tse ling tsa bolumeli, ke hore ha e na litlhaloso tse ngata tsa bolumeli le mantsoe a utloisisoang ke baruti feela. Hape ha e fane ka boitsebiso bo bongata haholo hoo u qetellang u ferekane. Websaete ea lōna e bonolo ebile e toba taba. Ha e bue lintho tse ngata kapa tsona lifilosofi. Ha e etse hore ho bonahale eka ho ba le tumelo ke ntho e thata. Ho e-na le hoo, e bontša hore motho e mong le e mong a ka ba le eona.”—A. G., Asia.

“Websaete ea lōna e bonolo ebile e toba taba . . . E bontša hore motho e mong le e mong a ka ba le tumelo”

“Bophelo ba ka bo ne bo ka ba bosula haeba jw.org e ne e le sieo. Websaete ena e nthusa haholo lefatšeng lena le arohileng ho Molimo. Ke khona ho fumana lihlooho tse hlalosang tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka lintho tse itseng le likarabo tsa lipotso tse ngata tseo batho ba ipotsang tsona.”—J. C., West Indies.

“Ke ananela thuso eohle eo ke e fumanang e le hore ke tsebe Molimo le hoja ke lula hōle morung o Amerika Boroa. Nka be ke se letho ntle le websaete ena.”—M. F., Amerika Boroa.