Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova ke Maprostanta?

Na Lipaki Tsa Jehova ke Maprostanta?

Che. Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste, empa ha re inke re le Maprostanta. Hobane’ng?

Boprostanta bo ’nile ba hlalosoa e le “mokhatlo oa bolumeli o hanyetsang kereke ea Roma e K’hatholike.” Le hoja e le ’nete hore Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le lithuto tsa K’hatholike, ha re inke re le Maprostanta ka mabaka a latelang:

  1. Lithuto tse ngata tsa Boprostanta ha li lumellane le seo Bibele e se rutang. Ka mohlala, Bibele e ruta hore “ho na le Molimo a le mong” eseng Boraro-bo-bong. (1 Timothea 2:5; Johanne 14:28) E hlalosa ka ho hlaka hore Molimo o ahlola batho ba khopo, eseng liheleng, empa ka timetso ea ka ho sa feleng.​—Pesaleme ea 37:9; 2 Bathesalonika 1:9.

  2. Ha re khahlanong le Kereke ea K’hatholike ebile ha re leke ho fetola lithuto tsa eona kapa tsa bolumeli leha e le bofe. Ho e-na le hoo, re bolella batho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ’me re leka ka matla ho ba thusa hore ba be le tumelo litabeng tseo tse molemo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ha rea ameha ka ho fetola malumeli a mang, empa re amehile ka ho ruta batho ba tšepahalang ’nete ka Molimo le ka Lentsoe la hae, e leng Bibele.​—Bakolose 1:9, 10; 2 Timothea 2:24, 25.