Fetela boitsebisong

Ho Ile ha Etsahala’ng ka Lipaki Tsa Jehova Nakong ea Lipolao Tse Sehloho?

Ho Ile ha Etsahala’ng ka Lipaki Tsa Jehova Nakong ea Lipolao Tse Sehloho?

 Ho Lipaki Tsa Jehova tse 35 000 tse neng li lula Jeremane le linaheng tse neng li laoloa ke Manazi, ho ile ha bolaoa tse 1 500 nakong ea Ntoa ea bobeli ea Lefatše. Liphuputso li ntse li tsoela-pele hobane ha se e mong le e mong oa bona eo ho tsebahalang hore na o bolailoe joang ’me ha nako e ntse e e-ea lintlha tse amanang le taba ena li ka ’na tsa eketseha.

 Ba ile ba bolaoa joang?

  • Mochine o khaolang hlooho o neng o sebelisoa ke Manazi

      Ba ileng ba bolaoa ke ’muso: Lipaki tse ka bang 400 li ile tsa bolaoa Jeremane le linaheng tse neng li busoa ke Manazi. Boholo ba bona ba ile ba isoa makhotleng, ba fuoa kahlolo ea lefu ba ba ba khaoloa lihlooho, ha ba bang bona ba ile ba thunngoa le ho fanyehoa ntle le ho isoa ka pel’a makhotla.

  •   Tšoaro e mpe: Likampong tsa mahloriso tsa Manazi le literonkong, ho ile ha bolaoa Lipaki tse fetang 1 000. Li ile tsa bolaoa ke ho qobelloa ho sebetsa ka thata kapa ho hlorisoa, tlala, ho sebetsa serameng, ho kula le ho se hlokomeloe hantle ha ba kula. Kaha li ne li tšoeroe ka tsela e sehloho ba bang ba ile ba shoa ka mor’a ho lokolloa qetellong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše.

  •   Ba ile ba bolaoa ka litsela tse ling: Lipaki tse ling li ne li bolaoa ka ho koalloa ka kamoreng ebe ho buleloa khase e chefo, ba bang ba ile ba shoa ka mor’a hore lingaka li leke meriana e mecha ho bona kapa ba bolaoa ka ente e bolaeang.

 Ke hobane’ng ha ba ne ba hlorisoa?

 Lipaki Tsa Jehova li ne li hlorisoa hobane li ne li hlompha lithuto tsa Bibele. Li ne li hana ho mamela haeba ’muso oa Manazi o ba laela hore ba tlole molao oa Jehova. Li ne li khetha ho “mamela [Molimo] eseng batho.” (Liketso 5:29) A re boneng maemo a mabeli moo Lipaki li neng li khetha ho mamela Molimo eseng batho.

  1.   Ba ne ba sa kenelle lipolotiking. Feela joaloka Lipaki Tsa Jehova tsa mehleng ena, Lipaki tse neng li le tlas’a puso ea Manazi li ne li sa kenelle litabeng tsa lipolotiki. (Johanne 18:36) Kahoo, li ne li hana

  2.   Ba ne ba khomarela bolumeli ba bona. Ho sa tsotellehe lithibelo tsa ’muso, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tsoela-pele

 Moprofesa Robert Gerwarth o ile a re Lipaki Tsa Jehova e ne e le tsona feela tse neng li hlorisoa ke puso ea Manazi ka lebaka feela la bolumeli ba tsona a. Batšoaruoa ba bang ba ne ba khahloa ke ho bona Lipaki Tsa Jehova li emela tumelo ea tsona li tiile. Motšoaruoa e mong oa Austria o ile a re: “Ha ba kenele ntoa. Ba bona ho le molemo hore ba bolaoe ho e-na le hore ba bolaee motho e mong.”

 Ba ile ba bolaeloa hokae?

  •   Likampong tsa mahloriso: Lipaki Tsa Jehova tse ngata li shoelletse likampong tsa mahloriso. Li ne li koalletsoe likampong tse kang tsa Auschwitz, Buchenwald, Dachau, Flossenbürg, Mauthausen, Neuengamme, Niederhagen, Ravensbrüc, le Sachsenhausen. Lipatlisiso li bontša hore kampong ea Sachsenhausen ho ile ha hlokahala Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 200.

  •   Literonkong: Lipaki tse ling li ile tsa otloa ho fihlela li hlokahalla literonkong. Ba bang ba ile ba hlokahala ka lebaka la maqeba ao ba bileng le ona ha ba ntse ba otloa nakong eo ba neng ba hlongoa lipotso.

  •   Libakeng tseo ho bolaeloang batho ho tsona: Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ile tsa bolaeloa literonkong tsa Berlin-Plötzensee, Brandenburg le Halle/Saale. Ho ekelletsa moo, ho boetse ho tlalehiloe libaka tse ling tse ka bang 70 tseo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa shoella ho tsona.

 Tse ling tsa Lipaki tse ileng tsa bolaoa

  •  Lebitso: Helene Gotthold

     Moo a bolaetsoeng teng: Plötzensee (Berlin)

     Helene o ne a nyetsoe a bile a e-na le bana ba babeli ’me o ile a tšoaroa ka makhetlo a mangata. Ka selemo sa 1937, o ile a tšoaroa hampe ha a hlongoa lipotso teronkong hoo a ileng a hlokahalloa ke ngoana oa hae ea e-so hlahe. Ka li 8 tsa December 1944, o ile a khaoloa hlooho ka mochine o khaolang lihlooho teronkong ea Plötzensee e Berlin.

  •  Lebitso: Gerhard Liebold

     Moo a bolaetsoeng teng: Brandenburg

     Gerhard ea neng a le lilemo li 20 o ile a khaoloa hlooho ka li 6 tsa May 1943. Lilemo tse peli pele ho moo, ntate oa hae o ne a ile a khaoloa hlooho teronkong e tšoanang. O ile a ngolla lelapa labo le kharebe ea hae lengolo a re: “Hoja e ne e se ka matla a Morena ke ne nke ke ka khona ho mamella boemo bona.”

  •  Lebitso: Rudolf Auschner

     Moo a bolaetsoeng teng: Halle/Saale

     Rudolf o ne a le lilemo li 17 ha a khaoloa hlooho ka li 22 tsa September 1944. Lengolong la ho qetela leo a ileng a le ngolla ’mè oa hae o ile a re: “Bana beso ba bangata ba ile ba feta boemong bona bo boima kahoo le ’na ke tla khona.”

a Hitler’s Hangman: The Life of Heydrich, leqephe la 105.