Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le sa ee Ntoeng?

Ke Hobane’ng ha le sa ee Ntoeng?

Lipaki Tsa Jehova ha li ee ntoeng ka mabaka a latelang:

  1. Li mamela Molimo. Bibele e re bahlanka ba Molimo ba tla “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma” ’me ba ke ke ba “hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.

  2. Li mamela Jesu. Jesu o ile a re ho moapostola Petrose: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Kahoo, Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ba ne ba ke ke ba nka libetsa tsa ntoa.

    Balateli ba Jesu ba mamela taelo ea hae ea hore e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše” ka ho se be le seabo ho hang lipolotiking. (Johanne 17:16) Ha ba ipelaetse khahlanong le lintoa tsa sesole kapa ho hanyetsa batho ba khethang ho kena sesoleng.

  3. Li rata batho ba bang. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba “ratane.” (Johanne 13:34, 35) Kahoo, li utloana le balumeli-’moho le tsona lefatšeng ka bophara ’me li ke ke tsa loantšana.—1 Johanne 3:10-12.

  4. Mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Encyclopedia of Religion and War e re: “Balateli ba pele ba Jesu ba ne ba le khahlanong le ntoa le bosole,” ba nka hore ho kenella linthong tseo “ho hanana le molao oa Jesu oa lerato le taelo ea hore motho a rate lira tsa hae.” Setsebi sa bolumeli sa Mojeremane se bitsoang Peter Meinhold le sona se ile sa re ka barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo: “Ba ne ba nka hore ho ba Mokreste le ho ba lesole ha ho lumellane.”

Li thusa sechaba

Lipaki Tsa Jehova li thusa sechaba ’me ha li etse hore tšireletseho ea linaha tseo li lulang ho tsona e be kotsing. Re hlompha ba boholong tumellanong le litaelo tsena tse ka Bibeleng:

  • Le “ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.”—Baroma 13:1.

  • “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Matheu 22:21.

Kahoo, re hlompha molao, re lefa lekhetho ’me re sebelisana le ’muso ha o leka ho fana ka litšebeletso sechabeng.