Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le sa Keteke Keresemese?

Ke Hobane’ng ha le sa Keteke Keresemese?

Maikutlo a fosahetseng

Khopolo-taba: Lipaki Tsa Jehova ha li keteke Keresemese hobane ha li lumele ho Jesu.

’Nete: Re Bakreste. Re lumela hore Jesu Kreste ke eena feela ea ka fanang ka poloko.—Liketso 4:12.

Khopolo-taba: Le qhala malapa ka ho ruta litho tsa ’ona hore li se ke tsa keteka Keresemese.

’Nete: Re tsotella malapa haholo, ’me re sebelisa Bibele ho a thusa hore a tiee.

Khopolo-taba: Ha le na “moea oa Keresemese” oa ho fana, oa ho batla hore ho be le khotso lefatšeng le oa ho lakaletsa batho ba bang botle.

’Nete: Re loanela ho fana ka seatla se bulehileng le ho ba le khotso le batho bohle kamehla. (Liproverbia 11:25; Baroma 12:18) Ka mohlala, tsela eo re tšoarang liboka tsa rōna ka eona le ho ruta batho Bibele e lumellana le taelo ea Jesu e reng: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Ho phaella moo, re bontša batho hore ’Muso oa Molimo ke eona tšepo ea sebele le hore o tla tlisa khotso lefatšeng.—Matheu 10:7.

Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa keteke Keresemese?

  • Jesu o ile a laela hore re ikhopotse lefu la hae, eseng letsatsi la hae la tsoalo.—Luka 22:19, 20.

  • Baapostola ba Jesu le barutuoa ba hae ba pele ha baa ka ba keteka Keresemese. New Catholic Encyclopedia e re “batho ba qalile ho keteka Letsatsi la Jesu la Tsoalo ka mor’a 243 [C.E.],” e leng lilemo tse lekholo ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela.

  • Ha ho na bopaki ba hore Jesu o hlahile ka la 25 December; letsatsi la hae la tsoalo ha lea tlalehoa ka Bibeleng.

  • Re lumela hore Molimo ha a amohele Keresemese kaha e simolohile meetlong le lineanong tsa bohetene.—2 Bakorinthe 6:17.

Ke hobane’ng ha le sa keteke Keresemese e le hore feela le tšoane le batho ba bang?

Batho ba bangata ba ntse ba keteka Keresemese le hoja ba tseba hore e simolohile boheteneng le hore Bibele ha e e tšehetse. Batho bao ba ka botsa: Ke hobane’ng ha Bakreste ba iketsa mekhelo? Ke hobane’ng ha ba etsa taba ea ho keteka Keresemese ntho e khōlō?

Bibele e re khothalletsa hore re sebelise “matla a [rōna] a ho nahana.” (Baroma 12:1, 2) E re ruta ho nka ’nete e le ea bohlokoa. (Johanne 4:23, 24) Kahoo, le hoja re amehile ka hore na batho ba bang ba re nka joang, re mamela melao-motheo ea Bibele esita le haeba seo se bolela hore re ba mekhelo.

Le hoja re khetha ho se keteke Keresemese, re hlompha qeto eo motho ka mong a e etsang tabeng ena. Ha re sitise ba bang ha ba keteka Keresemese.