Fetela boitsebisong

Jesu o Hlahile Neng?

Jesu o Hlahile Neng?

Karabo ea Bibele

Bibele ha e fane ka letsatsi le tobileng la tsoalo ea Jesu Kreste, joalokaha libuka tsena li bontša:

  • “Ha ho motho ea tsebang hantle letsatsi la tsoalo ea Kreste.”—New Catholic Encyclopedia.

  • “Letsatsi le tobileng la tsoalo ea Kreste ha le tsejoe.”—Encyclopedia of Early Christianity.

Le hoja Bibele e sa fane ka karabo ea potso e reng, ‘Jesu o hlahile neng?’ e bua ka liketsahalo tse peli tse neng li amana le ho tsoaloa ha Jesu tse etsang hore batho ba bangata ba fihlele qeto ea hore ha aa hlaha ka la 25 December.

E ne e se mariha

  1. Ngoliso. Nakoana pele Jesu a hlaha, Cesare Augustase o ile a ntša taelo ea hore “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ngolisoe.” Batho ba ne ba lokela ho ingolisa “e mong le e mong motseng oa habo” e leng ntho e neng e hloka hore motho a nke leeto la beke kapa ho feta. (Luka 2:1-3) Taelo ena—eo mohlomong e neng e etselitsoe ho tšehetsa lekhetho le ho ngolisoa sesoleng—e ne e ke ke ea thabeloa ke batho ba bangata, empa ha ho bonahale eka Augustus o ne a ka halefisa bafo ba hae le ho feta ka hore a qobelle ba bangata ba bona ho etsa maeto a malelele nakong ena e batang ea mariha.

  2. Linku. Balisa ba ne ba “phela naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.” (Luka 2:8) Buka ea Daily Life in the Time of Jesus e bolela hore mehlape e ne e lula ka ntle ho tloha “beke pele ho Paseka [ho ea bofelong ba March]” ho ea bohareng ba November. Buka eo e phaella ka ho re: “Nakong ea Mariha, mehlape e ne e e-ba moo ho sireletsehileng; ’me sena ka bosona feela se ka bontša hore ha ho kamoo letsatsi le tloaelehileng la Keresemese la mariha le ka nepahalang kateng, kaha Kosepele e bolela hore balisa ba ne ba le naheng.”

Mathoasong a nako ea selemo

Re ka khona ho lekanyetsa hore na Jesu o hlahile neng ha re bala ho tloha ha a ne a shoa ka Paseka, ka la 14 Nisane nakong ea selemo, selemong sa 33 C.E. (Johanne 19:14-16) Jesu o ne a ka ba lilemo li 30 ha a qala tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le halofo, kahoo o hlahile mathoasong a nako ea selemo ka selemo sa 2 B.C.E.—Luka 3:23.

Ke hobane’ng ha Keresemese e le ka la 25 December?

Kaha ha ho na bopaki ba hore Jesu Kreste o tsoetsoe ka la 25 December, ke hobane’ng ha Keresemese e ketekoa ka letsatsi leo? Encyclopædia Britannica e re ho ka etsahala hore letsatsi leo le khethiloe ke baeta-pele ba kereke “e le hore le tsamaisane le mokete oa bohetene oa Baroma oa ‘ho tsoaloa ha letsatsi le sa hlōloeng,’” ka nako ea ho khutla ha letsatsi. Ho latela The Encyclopedia Americana, litsebi tse ngata li lumela hore sena se ile sa etsoa “e le hore bahetene ba khone ho amohela Bokreste.”