Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo

Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo

Ha ke le lilemo li 17 ke ne ke tšoana le mocha e mong le e mong, ke e-na le litabatabelo. Ke ne ke rata ho ba le metsoalle ea ka, ho sesa le ho bapala bolo. Empa mantsiboeeng a mang bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Ke ile ka lemala kotsing e mpe ea sethuthuthu eaba ke holofala ho tloha molaleng ho ea tlase. Sena se etsahetse lilemong tse ka bang 30 tse fetileng ’me haesale ke holofala ho tloha ka nako eo.

Ke hōletse motseng oa Alicante, o lebōpong le ka bochabela ho Spain. Ha ke sa le mocha, lapeng leso ho ne ho se na taolo, kahoo ke ne ke qeta nako e ngata ke le seterateng. Haufi le heso ho ne ho lokisoa mabili. Ke ile ka tloaelana le José María ea neng a sebetsa moo. E ne e le motho ea botsoalle ’me a ’mamela e leng seo ke neng ke sa se fumane heso. Ha ho ne ho le thata, ke eena motho ea neng a nthusa ’me e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo le hoja a ne a ntšiea ka lilemo tse 20.

José María o ne a se a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke bona hore o rata Bibele ’me hangata o ne a mphetela lintho tseo a ithutileng tsona. Ke ne ke mo mamela ka hloko, empa ho ne ho se mohla ke nkelang lintho tseo a li buang hloohong. Kaha ke ne ke sa le mocha ke ne ke phathahane ka lintho tse ngata. Leha ho le joalo, seo se ile sa fetoha.

KOTSI E ILENG EA FETOLA BOPHELO BA KA

Ha ke rate ho bua haholo ka kotsi eo. Seo nka se buang ke hore ke bile booatla hape ke ne ke khanna hampe. Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka ho feletseng ka letsatsi le le leng feela. Pele kotsi ena e hlaha, ke ne ke le mohlankana ea mahlahahlaha, empa ka ho panya ha leihlo ke ne ke le sepetlele ke holofetse hampe. Ho ne ho le thata ho amohela hore ke se ke holofetse. Ke ne ke lula ke ipotsa ke re, ‘Ke sa phelela’ng?’

José María o ile a tla mpona, ’me a kōpa Lipaki Tsa Jehova tsa phutheho ea sebakeng seo hore li tl’o mpona. Ke ile ka khothala haholo ha li ntse li nketela. Hang ha ke tsoa ka phaposing ea batho ba kulang haholo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele. Ka ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba utloe bohloko, ba shoe le hore lintho tse mpe li etsahale. Ka boela ka ithuta hore Molimo o tšepisa hore nakong e tlang lefatše lohle le tla tlala batho ba phethahetseng ’me ha ho motho ea tla re: “Kea kula.” (Esaia 33:24) Lena e bile lekhetlo la pele ke e-ba le tšepo ena e babatsehang.

Ha ke tsoa sepetlele ke ile ka hatela pele ka potlako thutong ea ka ea Bibele. Kaha ke ne ke e-na le setulo se khethehileng sa batho ba holofetseng, ke ne ke khona ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova le ho ea ruta batho Bibele. Ka la 5 November, 1988, ha ke le lilemo li 20, ke ile ka kolobetsoa ka bateng e khethehileng. Jehova Molimo o ne a nthusitse hore ke thabele bophelo. Empa potso ke hore na ke ne nka mo leboha joang.

KE HATELA PELE LE HOJA KE HOLOFETSE

Ke ne ke ikemiselitse ho etsa sohle seo nka se khonang tšebeletsong ea Jehova le hoja ke holofetse. Ke ne ke batla ho hatela pele. (1 Timothea 4:15) Seo ha sea ka sa e-ba bonolo qalong kaha lelapa leso le ne le sa rate hore ke be Paki. Empa Lipaki li ne li ntšehetsa. Li ne li etsa bonnete ba hore ke ba teng libokeng tsohle le mosebetsing oa ho ruta batho Bibele.

Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ho ile ha totobala hore ke lokela ho hlokomeloa bosiu le motšehare. Kahoo ka batla lehae la batho ba holofetseng ’me ka qetella ke le fumane motseng oa Valencia, o bohōle ba lik’hilomithara tse 160 ka leboea ho Alicante. Sebaka sena e ile ea e-ba lehae la ka.

Le hoja ke lula ke le betheng, ke ikemiselitse ho bolella ba bang seo ke se lumelang

Le hoja ke ne ke lula ke le betheng, ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Ke ile ka sebelisa chelete ea penshene le ea liphallelo ho reka k’homphieutha ’me ka kōpa hore e behoe pel’a bethe ea ka. Ke ile ka boela ka reka selefouno. Hoseng ho hong le ho hong mohlokomeli oa ka o mpulela k’homphieutha le selefouno. Ke laola k’homphieutha ka ho tobetsa joystick ka selelu. Ke boetse ke na le thutsoana e khethehileng eo ke e momang ebe ke ngola melaetsa le ho tobetsa linomoro selefounong.

Ke sebelisa thutsoana ha ke tobetsa linomoro selefounong

Lisebelisoa tsena tsa theknoloji li nthusa hore ke kene websaeteng ea jw.org le ho sebelisa Watchtower ONLINE LIBRARY. Ruri lisebelisoa tsena li ntsoela molemo haholo! Letsatsi ka leng ke qeta lihora tse ngata ke ithuta ke bile ke etsa lipatlisiso ka har’a lingoliloeng tsa Bibele e le hore ke tsoele pele ho ithuta ka Molimo le litšobotsi tsa hae tse hlollang. Neng le neng ha ke jeoa ke bolutu kapa ke nyahame, ke fumana ho hong ho ntlhasimollang websaeteng.

Ke boetse ke khona ho mamela liboka le ho araba ka k’homphieutha ea ka. Ho ekelletsa moo, ke khona ho rapela, ho fana ka lipuo esita le ho bala lirapa thutong ea Molula-Qhooa. Le hoja ke sa khone ho ba teng libokeng tseo, ke ntse ke ikutloa ke le setho sa phutheho.

Kaha ke na le selefouno le k’homphieutha, ke khona ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho ruta Bibele. Ke ’nete hore ha ke etele batho malapeng joaloka Lipaki tse ling. Empa seo ha se ’nyahamise. Ke sebelisa k’homphieutha le selefouno ho bolella batho ba bang seo ke se lumelang. Ka sebele ke thabela ho bua le batho ka selefouno hoo baholo ba phutheho ea heso ba nkōpileng hore ke tsamaise mosebetsi oa ho ruta batho Bibele ka selefouno. Ho paka ka tsela ena ho ’nile ha thusa litho tsa phutheho tse sa khoneng ho tsamaea.

Ke khanna thuto ea Bibele

Empa hase hore ke sebelisa theknoloji feela ho buisana le batho. Metsoalle ea ka e nketela letsatsi le letsatsi. E tla le beng ka eona le metsoalle e thahasellang litaba tsa Bibele. Hangata e kōpa hore ke buisane le bona ka Bibele. Ka linako tse ling, malapa aa nketela ’me a tšoare borapeli ba lelapa le ’na. Ke thaba haholo ha bana ba lula pel’a bethe ea ka ’me ba mpolella hore na ke hobane’ng ha ba rata Jehova.

Ke borapeling ba lelapa le metsoalle

Ke thabela ho fumana baeti bana ba bangata. Hangata kamore ea ka e tlala metsoalle e tsoang hōle le haufi e tlil’o mpona. Ke ’nete hore sena se etsa hore bahlokomeli ba ka ba hlolloe. Ke leboha Jehova letsatsi le leng le le leng ha a nthusitse hore ke be e mong oa basebeletsi ba hae ba lerato.

HA KE TELE

Ha batho ba ntumelisa ’me ba mpotsa hore na ke phela joang, ke ee ke re, “Ke qhiletsa ke ntse ke ea pele!” Ke tseba hantle hore ha ke mong ntoeng ena. Ho sa tsotellehe maemo a bona, Bakreste bohle baa loana, ’me ba loana “ntoa e ntle ea tumelo.” (1 Timothea 6:12) Ke thusitsoe ke’ng hore ke tsoele pele ho loana ka lilemo tse ngata hakale? Kamehla ke rapela Jehova ’me kea mo leboha ha a nthusitse hore ke thabele bophelo. Ke leka kahohle hore ke lule ke phathahane tšebeletsong ea Jehova ’me ke etsa hore mahlo a ka a tsepame moputsong o tlang.

José María

Hangata ke nahana ka lefatše le lecha le hore ho tla ba joang ha ke se ke matha ke bile ke tlōla-tlōla hape. Ke atisa ho soasoa le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo José María ea tšoeroeng ke pholio ke re ka le leng re tla matha marathone. Ha ke ’motsa hore na ke mang ea tla hlōla, o ee a re: “Ha ho tsotellehe. Ntho ea bohlokoa ke hore re be teng Paradeiseng e le hore re tle re mathe limarathone.”

Ha hoa ka ha e-ba bonolo hore ke ikamohele hore ke holofetse. Kea tseba hore ha ke sa le mocha ke bile booatla, ’me ka kena mathateng a maholo. Empa ke leboha haholo hore ebe Jehova ha aa ka a ntahla. O ntlhohonolofalitse haholo ka ho mpha lelapa le leholo la barapeli-’moho le ’na, tabatabelo ea ho phela, thabo e tlisoang ke ho thusa ba bang le tšepo e babatsehang ka bokamoso. Ka bokhutšoanyane nka re Jehova o ntlhohonolofalitse haholo.