Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA HO TSUBA?

Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?

Molimo o Ikutloa Joang ka ho Tsuba Koae?

Ha Naoko, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, a hlalosa hore na ho tlile joang a tlohele ho tsuba, o re, “Ke ile ka fetola bophelo ba ka hobane ke ile ka ithuta ’nete ka litšobotsi tsa Molimo le merero ea hae.” Seo a ileng a ithuta sona se hlaha ka Bibeleng. Le hoja ho se moo Bibele e buang ka koae, ha re e bala re ka utloisisa hore na Molimo o ikutloa joang ka ho tsuba koae. * Ho tseba seo, ho ile ha thusa ba bangata hore ba khone ho hanyetsa kapa ho tlohela mokhoa ona. (2 Timothea 3:16, 17) A re ke re hlahlobe likotsi tse tharo tse tsebahalang tsa ho tsuba le seo Bibele e se buang ka tsona.

MOTHO EA TSUBANG KOAE OA E LEMALLA

Koae e na le se seng sa lithethefatsi tse lemalloang ka ho fetisisa—e leng nicotine. Sethethefatsi sena se ka etsa hore motho a be mahlaha-hlaha sa ba sa etsa hore a tepelle maikutlong. Ho tsuba koae ho etsa hore nicotine e ee bokong ka potlako le ka ho pheta-pheta. Ha motho a hula mosi oa koae hanngoe, o hema tekanyo e le ’ngoe ea nicotine, kahoo, haeba motho a tsuba pakete e le ’ngoe ea koae ka letsatsi, o hema litekanyo tse 200 tsa nicotine, e leng tekanyo e khōlō ho feta ea sethethefatsi leha e le sefe. Ho tsuba khafetsa ho etsa hore motho a lemalle nicotine ka tsela e sa tšoaneng le eo a neng a ka lemalla lithethefatsi tse ling ka eona. Ha motho a se a tšoasehile, a ka kula haeba ha a lakatsa ho tsuba a sa fumane koae.

“Le makhoba a hae hobane lea mo mamela.”—Baroma 6:16

Na ka sebele u ka mamela Molimo haeba u le lekhoba la koae?

Bibele e re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ka taba ena ’me e re: “Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le makhoba a hae hobane lea mo mamela?” (Baroma 6:16) Haeba menahano le liketso tsa motho li laoloa ke takatso ea koae, e e-ba lekhoba la mokhoa ona o nyonyehang. Leha ho le joalo, Molimo, eo lebitso la hae e leng Jehova, o batla hore re lokolohe, eseng feela mekhoeng e re ntšang kotsi ’meleng, empa hape le e ka senyang moea oa rōna, e leng, tšekamelo ea menahano ea rōna. (Pesaleme ea 83:18; 2 Bakorinthe 7:1) Kahoo, ha motho a ntse a ananela le ho hlompha Jehova haholoanyane, o oa hlokomela hore o lokela ho sebeletsa Jehova ka sohle seo a nang le sona ’me a ke ke a etsa joalo haeba e ntse e le lekhoba la mokhoa ona o bolaeang. Ho lemoha seo ho thusa motho hore a qobe litakatso tse kotsi.

Olaf, ea lulang Jeremane, o ile a tlohela ho tsuba koae ea sakerete ka mor’a hore a e lemalle ka lilemo tse 16, ho tloha ha a le lilemo li 12. O re ha a qala ho tsuba ka lekhetlo la pele ho ne ho bonahala e le ntho e nyenyane, empa ha lilemo li ntse li e-ea ha aa ka a khona ho laola takatso eo. Olaf o re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka felloa ke sakerete  eaba ke ferekana hoo ke ileng ka bokella litompi, ka ntša koae e ka har’a tsona eaba ke etsa sakerete ka sekotoana sa koranta. Ke hlajoa ke lihlong ha ke nahana ka ketsahalo eo.” O ile a khona joang ho tlohela mokhoa oo o nyonyehang? O ile a re: “Ntho ea bohlokoa e ne e le takatso ea ho thabisa Jehova. Ho ithuta kamoo Jehova a ratang batho kateng le ka tšepo eo a e fang batho ho ile ha nthusa hore ke hlōle ho lemalla koae ka ho feletseng.”

HO TSUBA KOAE HOA KULISA

Buka ea The Tobacco Atlas, e re: “Ho latela lipatlisiso tsa saense, ho tsuba . . . ho senya setho se seng le se seng sa ’mele ’me ho etsa hore batho ba kule ebile hoa bolaea.” Hoa tsebahala hore ho tsuba ho baka mafu a sa tšoaetsanoeng a kang, kankere, lefu la pelo le mafu a matšoafo. Empa ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), ho tsuba ke eona ntho e ka sehloohong e etsang hore batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang a kang lefuba, ba shoe.

“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.”—Matheu 22:37

Na u bontša hore u rata Molimo ebile ua mo hlompha, haeba u inehella mokhoa o silafatsang ’mele oo a u fileng oona?

Jehova Molimo o sebelisa Lentsoe la hae Bibele ho re ruta hore re be le maikutlo a nepahetseng ka bophelo ba rōna, ’mele ea rōna le matla a rōna a kelello. Mora oa hae, Jesu o ile a bua ka sena ha a ne a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Ho hlakile hore Molimo o batla hore re sebelise ’mele ea rōna le bophelo ba rōna hamolemo ’me re li tšoare ka tlhompho. Ha re ntse re ithuta ka Jehova le litšepiso tsa hae, re rata lintho tsohle tseo a re etsetsang tsona ’me re li nka e le tsa bohlokoa. Sena se re susumelletsa hore re se ke ra etsa ntho efe kapa efe e ka silafatsang ’mele ea rōna.

Jayavanth, e leng ngaka e lulang India, o ile a qeta lilemo tse 38 a tsuba. O ile a re: “Ke ile ka ithuta ka likotsi tsa ho tsuba libukeng tsa bongaka. Ke ne ke tseba hore ho fosahetse ’me ke ne ke bolella bakuli ba ka hore ba tlohele ho tsuba. Empa ’na ke ne ke sa khone ho tlohela, le hoja ke ile ka leka ka makhetlo a tšeletseng.” O ile a thusoa ke eng hore qetellong a khaotse ho tsuba? O re: “Ke ile ka tlohela ho tsuba ka mor’a hore ke ithute Bibele. Ho rata ho thabisa Jehova, ho ile ha ntšusumelletsa hore ke tlohele ho tsuba hang-hang.”

HO TSUBA KOAE HO NTŠA BA BANG KOTSI

Ho hema mosi oa koae ho kotsi. Ha batho ba sa tsubeng ba hema mosi oa koae, seo se ka etsa hore ba be le kankere le mafu a mang ’me selemo le selemo ho  shoa batho ba 600 000 ba sa tsubeng, ka lebaka la ho hema mosi oa koae, haholo-holo basali le bana. Tlaleho ea WHO e lemosa ka ho re: “Batho ba hemang mosi oa koae, ho hang ha baa sireletseha.”

“U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—Matheu 22:39

Na u rata moahelani le ba lelapa, haeba u etsa hore ba heme mosi oa koae ha u tsuba?

Ho latela seo Jesu a ileng a se ruta, ho rata moahelani—e leng ba lelapa, metsoalle le batho ba bang—ho tla ka mor’a ho rata Molimo. O ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Haeba re phehella ho etsa ntho e utloisang batho ba haufi le rōna bohloko, ha re bontše lerato la boahelani. Haeba re e-na le lerato e le kannete, seo se tla re susumelletsa ho latela keletso ea Bibele e reng: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.

Armen, ea lulang Armenia, o re: “Ba lelapa ba ile ba nkōpa ka tieo hore ke tlohele ho tsuba hobane ho ne ho ba kulisa. Empa ke ne ke sa batle ho lumela hore ho tsuba ha ka hoa ba ama.” Ha a hlalosa hore na ke’ng se ileng sa etsa hore a fetole maikutlo, o re: “Ho ithuta Bibele le ho rata Jehova ho ile ha nthusa hore ke tlohele ho tsuba le hore ke lumele hore ha ho kotsi ho ’na feela empa ho kotsi le ho ba bang.”

HO TSUBA HO TLA FELISOA

Ho ithuta Bibele ho ile ha thusa Olaf, Jayavanth le Armen hore ba tlohele mokhoa ona o nyonyehang, o neng o le kotsi ho bona le ho batho ba bang. Ha baa ka ba atleha hobane feela ba ne ba tseba hore ho tsuba ho kotsi, empa ba ile ba atleha hobane ba ile ba ithuta ho rata Jehova ’me ba batla ho mo thabisa. Ha e bontša hore na lerato ke la bohlokoa hakae, 1 Johanne 5:3, e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” Ke ’nete hore hase kamehla ho latela melao-motheo ea Bibele ho leng bonolo, empa haeba motho a susumetsoa ke lerato le matla ho Molimo, ho mamela Molimo ho ke ke ha e-ba boima.

Jehova Molimo o sebelisa lenaneo la ho ruta la lefatše ka bophara, ho thusa batho ba limilione hore ba tlohele ho tsuba le ho lokoloha bokhobeng ba koae. (1 Timothea 2:3, 4) A sebelisa ’Muso oa leholimo o laoloang ke Mora oa hae, Jesu Kreste, haufinyane Jehova o tla felisa tsamaiso e meharo ea khoebo, e etsang hore batho ba limilione e be makhoba a koae. Jehova Molimo o tla felisa seoa sa ho tsuba ka ho feletseng ’me a etse hore batho ba mo mamelang ba phethahale ’meleng le kelellong.—Esaia 33:24; Tšenolo 19:11, 15.

Haeba u ntse u loantšana le ho tlohela ho tsuba, u se ke ua tela. Ho ithuta ho rata Jehova le ho amohela maikutlo a hae ka ho tsuba, ho tla u thusa hore u atlehe ho tlohela ho tsuba. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u ithute ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Kholiseha hore haeba u batla hore Jehova a u thuse ho hlōla ho lemalla koae, o tla u fa matla ao u a hlokang.—Bafilipi 4:13.

^ ser. 3 Mona ho buuoa ka ho tsuba sakerete, li-cigar, peipi kapa water pipes. Leha ho le joalo, melao-motheo e tla tšohloa mona e boetse e akarelletsa koae e hlafunoang, senifi, lisakerete tsa motlakase tse nang le nicotine le lintho tse ling.