Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA

Ho Ile ha “Boleloa Hore o Lokile ka Mesebetsi”

Ho Ile ha “Boleloa Hore o Lokile ka Mesebetsi”

RAHABA o ile a hlolisa ka fensetere ha khanya ea mafube e bonahala lithoteng tsa Jeriko. Lebotho la ntoa le ne le phuthehile moo—la Baiseraele. Ha ba qala ho pota motse hape, ho qoba lerole ha ba hlaha ’me ho utloahala molumo o hlabang hape oa manaka.

Jeriko e ne e le habo Rahaba; o ne a tseba literata tsa teng, matlo a teng, limmaraka tsa teng tse phetheselang le mabenkele. O ne a tseba le batho ba teng hantle. O ne a bona kamoo batho ba habo ba ntseng ba tšoha le ho feta ha matsatsi a ntse a feta le ha Baiseraele ba ntse ba etsa ntho ena e sa tloaelehang—e leng ho pota motse hanngoe ka letsatsi. Leha ho le joalo, ha molumo oa manaka o ntse o utloahala literateng le mabaleng a Jeriko, Rahaba o ne a sa tšoha le ho tšoenyeha joaloka batho ba habo.

Rahaba o ne a shebelletse ha lebotho le qala ho pota motse ka letsatsi lena la bosupa. Har’a lebotho la Baiseraele o ile a bona baprista ba letsa manaka ’me ba jere areka e halalelang e neng e tšoantšetsa boteng ba Molimo oa bona Jehova. Re ka inahanela Rahaba a tšoere thapo e ’mala o sekareleta e leketlileng fensetereng ea ntlo ea hae, e neng e lebane le lerako le leholo la Jeriko. Thapo eo e ne e hopotsa Rahaba ka tšepo eo a neng a e-na le eona ea hore eena le ba lelapa labo ba ne ba tla pholoha ha motse o timetsoa. Na Rahaba e ne e le lehlaba-phio? Che, eseng ho Jehova; o ne a mo talima e le mosali ea neng a e-na le tumelo e ikhethang. A re ke re khutleleng qalong ea pale ea Rahaba ’me re bone hore na re ka ithuta eng ho eena.

RAHABA OA LETEKATSE

Rahaba e ne e le letekatse. Pele, seo se ile sa tšosa bahlalosi ba bang ba Bibele hoo ba ileng ba re Rahaba e ne e mpa feela e le mohlokomeli oa ntlo ea baeti. Leha ho le joalo, Bibele eona e bua ka ho hlaka ebile ha e pate seo e leng ’nete. (Joshua 2:1; Baheberu 11:31; Jakobo 2:25) Ho bonahala mosebetsi oa Rahaba o ne o amoheleha ho batho ba Kanana. Le hoja moetlo oa habo Rahaba o ne o lumella botekatse, seo ha se bolele hore letsoalo la hae—e leng ntho eo Jehova a e kentseng ka hare ho rōna, e re thusang ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng—le ne le sa mo tšoenye. (Baroma 2:14, 15) E ka ’na eaba Rahaba o ne a hlajoa ke lihlong ka lebaka la tsela eo a neng a phela ka eona. Ho tšoana le batho ba bangata kajeno ba phelang bophelo bo joalo, mohlomong o ne a sa tsebe hore na o tla tsoa joang, a se na boikhethelo haeba a ne a batla ho hlokomela lelapa la hae.

Ha ho pelaelo hore Rahaba o ne a batla ho fetola bophelo ba hae. Motse oa habo o ne o tletse pefo le boitšoaro bo bobe bo akarelletsang ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi le ho robala le liphoofolo. (Levitike 18:3, 6, 21-24) Bolumeli ke bona bo neng bo etsa hore ho ate lintho tseo tse mpe naheng eo. Litempeleng ho ne ho etsoa botekatse ’me borapeli ba melimo ea bodemona e kang Baale le Moloke bo ne bo akarelletsa ho etsa mahlabelo a secheso ka bana ba ntseng ba phela.

Jehova o ne a bona lintho tsohle tse neng li etsahala Kanana. Ha e le hantle, ha a bua ka tse ling tsa lintho tse ngata tse mpe tse neng li etsoa Kanana, Jehova o ile a re: “Naha ha ea hloeka, ’me ke tla e tlisetsa kotlo bakeng sa phoso ea eona, ’me naha e tla hlatsa baahi ba eona.” (Levitike 18:25) “Kotlo bakeng sa phoso ea eona” e ne e bolela’ng? Molimo o ile a fa Baiseraele tšepiso ena: “Ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla sutumetsa lichaba tsena hore li be hōle le uena  hanyane ka hanyane.” (Deuteronoma 7:22) Lilemo tse makholo pele ho moo, Jehova o ile a tšepisa lelapa la Abrahama hore o tla le fa naha eo ’me ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’—Tite 1:2; Genese 12:7.

Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a laela hore lichaba tse ling naheng eo li ne li tla felisoa ka ho feletseng. (Deuteronoma 7:1, 2) Kaha ke “Moahloli [ea lokileng] oa lefatše lohle” o ne a tseba se ka pelong ea motho e mong le e mong a bile a tseba hantle kamoo bokhopo le boitšoaro bo litšila li neng li metse ka metso kateng. (Genese 18:25; 1 Likronike 28:9) Rahaba o ne a ikutloa joang ka ho lula motseng oo o nyonyehang hakaalo? Re ka inahanela feela hore na o ne a ikutloa joang ha litaba tsa Baiseraele li ntse li fihla litsebeng tsa hae. O ile a ithuta hore Molimo oa Iseraele o ile a etella pele sechaba sa hae—makhoba a neng a hateletsoe—hore se hlōle lebotho la Egepeta le neng le le matla ka ho fetisisa lefatšeng ka nako eo. Joale Baiseraele ba ne ba le mothating oa ho hlasela Jeriko! Ho ntse ho le joalo, batho ba motse oo ba ne ba ntse ba tsitlallela ho etsa bokhopo. Rea bona hore na ke hobane’ng ha Bibele e re batho ba habo Rahaba ba Bakanana ‘ba ile ba etsa ka ho se mamele.’—Baheberu 11:31.

Rahaba eena o ne a sa tšoane le bona. E ka ’na eaba ha lilemo li ntse li e-ea o ile a nahanisisa ka litlaleho tseo a ileng a li utloa ka Baiseraele le Molimo oa bona, Jehova. O ne a fapane hakaakang le melimo ea Bakanana! E ne e le Molimo ea neng a loanela batho ba hae ho e-na le hore a ba utloise bohloko, o ne a ba file melao e phahameng ea boitšoaro ho e-na le e hlephisang boitšoaro. Molimo enoa o ne a nka basali e le batho ba bohlokoa, o ne a sa ba nke e le ba ka rekoang le ho rekisoa ka morero oa ho kopanela liphate le ba ka sebelisoang borapeling bo litšila. Ha Rahaba a utloa hore Baiseraele ba hlomme liahelo ka mose ho Jordane ’me ba se ba itokiselitse ho hlasela, e tlameha ebe o ne a tšohile ha a nahana hore seo se ne se bolela’ng ho batho ba habo. Na Jehova o ile a hlokomela hore Rahaba eena e ne e le motho ea lokileng?

Kajeno ho na le batho ba bangata ba tšoanang le Rahaba. Ba phela bophelo bo sa ba thabiseng le bo ba theolang seriti ’me ba ikutloa eka ba ke ke ba khona ho lokoloha; ba ikutloa eka ha ho na motho ea ba tsotellang le hore ha ba na thuso. Ho ithuta ka Rahaba hoa tšelisa kaha ho re hopotsa hore Molimo o ela hloko batho bohle. Ho sa tsotellehe hore na re ikutloa re nyahame hakae, ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) O haufi le rōna, o labalabela ho fa bohle ba bontšang tumelo ho eena tšepo. Na Rahaba o ile a etsa seo?

O ILE A AMOHELA LIHLOELA

Ka letsatsi le leng, nakoana pele Baiseraele ba pota Jeriko, ho ile ha fihla batho ba babeli bao Rahaba a sa ba tsebeng. Banna bao ba babeli ba ne ba tšepile hore ba tla feta ho se ea ba lemohang, empa kaha batho motseng oo ba ne ba tšohile, ba bangata ba ne ba le malala-a-laotsoe ho bona haeba ho e-na le batho ba ka bonahalang joaloka lihloela tsa Baiseraele. E ka ’na eaba Rahaba o ile a lemoha kapele hore na ke bo-mang. E ne e le ntho e tloaelehileng hore Rahaba a eteloe ke banna bao a sa ba tsebeng, empa bana bona ba ne ba ipatlela marobalo feela—ba ne ba sa tlela ho kopanela liphate le eena.

Ha e le hantle, banna bao ba babeli e ne e le lihloela tse tsoang liahelong tsa Baiseraele. Molaoli oa bona, Joshua, o ne a ba rometse ho ea hloela hore na Jeriko  e fokola hokae le hore na e matla hokae. Ona e ne e le motse oa pele oa Bakanana oo Baiseraele ba neng ba lokela ho o hlasela ’me mohlomong o ne o le matla ka ho fetisisa. Joshua o ne a batla ho tseba feela hore na eena le banna ba hae ba ne ba tla tobana le eng. Ha ho pelaelo hore lihloela tseo li ile tsa khetha ho ea ntlong ea Rahaba ka boomo. Ntlong ena ea letekatse, ke hona moo feela ba neng ba ka fihla ho se na motho ea ba lemohang. Mohlomong lihloela tsena li ne li boetse li tšepile hore li tla utloa boitsebiso bo itseng ho batho ba ipuelang feela.

Bibele e re Rahaba o ile ‘a bontša manģosa kamohelo ea baeti.’ (Jakobo 2:25) O ile a ba amohela ntlong ea hae ’me le hoja a ne a belaela hore na ke bo-mang le hore na ke hobane’ng ha ba le moo, o ile a lumella banna bao hore ba lule. Mohlomong o ne a tšepile hore o tla ithuta lintho tse ling ka Molimo oa bona Jehova.

Leha ho le joalo, ka tšohanyetso manģosa a tsoang ho morena oa Jeriko a ile a fihla! Batho ba bangata ba ne ba se ba utloile hore lihloela tsa Baiseraele li fihlile ha Rahaba. Rahaba o ne a tla etsa’ng? Haeba a ne a ka sireletsa banna bao ba babeli bao a sa ba tsebeng, na o ne a ke ke a beha bophelo ba hae le ba lelapa labo kotsing? Na batho ba Jeriko ba ne ba ke ke ba ba bolaea kaofela haeba a ne a ka sireletsa lira tseo? Ka lehlakoreng le leng, Rahaba o ne a se a tseba hore na banna bao ke bo-mang. Haeba o ne a se a ntse a tseba hore Jehova ke Molimo ea molemo haholo ho feta melimo ea habo, na oo e ne e se monyetla oa hore a eme ka lehlakoreng la Jehova?

Ho ne ho se na nako ea hore Rahaba a nahane, empa kaha o ne a le masene o ile a nka khato kapele. O ile a pata lihloela har’a mahlaka a folaxe a neng a a anehile marulelong a ntlo ea hae. Eaba o re ho ba banna ba neng ba ronngoe ke morena: “E, banna bao ba ile ba fela ba tla ho ’na, ’me ke ne ke sa tsebe hore na ba tsoa hokae. Eitse ha ho koaloa heke ha ho se ho le lefifi banna bao ba tsoa. Ho hang ha ke tsebe hore na banna bao ba ile hokae. Ba lelekiseng kapele, etsoe le tla ba fihlela.” (Joshua 2:4, 5) Ak’u nahane Rahaba a shebile banna bao ba romiloeng ke morena. Ebe o ile a ipotsa hore na baa mo bona hore o tšohile?

Rahaba o ile a pata bahlanka ba babeli ba Jehova tlas’a mahlaka a folaxe ’me ka ho etsa joalo o ile a beha bophelo ba hae kotsing

Leqheka la hae le ile la sebetsa! Banna ba morena ba ile ba tsoa ba potlakile ba lebile malibohong a Jordane. (Joshua 2:7) E tlameha ebe ho ile ha re kokololo ho Rahaba. Ka ho sebelisa leqheka le bonolo, o ile a lahlehisa banna bao ba babolai, ba neng ba sa lokela ho tseba ’nete ’me a pholosa bahlanka ba Jehova ba se nang molato.

Rahaba o ile a khutlela marulelong kapele ’me a bolella lihloela tseo tse peli seo a se entseng. O ile a boela a ba bolella taba ea bohlokoa: Batho ba habo ba ne ba nyahame ba bile ba tšohile ka lebaka la hore ba tlil’o hlaseloa. E tlameha ebe lihloela li ile tsa thaba ha li utloa litaba tsena tse monate. Bakanana bao ba khopo ba ne ba tšohile ka lebaka la matla a Molimo  oa Baiseraele, Jehova! Re ithuta ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ka tumelo ea Rahaba. O ile a re: “Jehova Molimo oa lōna ke Molimo holimo maholimong le tlaase lefatšeng.” (Joshua 2:11) Litlaleho tseo a neng a li utloile ka Jehova li ne li lekane hore a tsebe sena: O lokela ho tšepa Molimo oa Baiseraele. O ile a bontša tumelo ho Jehova.

Rahaba o ne a se na pelaelo ea hore Jehova o tla fa batho ba hae tlhōlo. Kahoo o ile a kōpa ho bontšoa mohau ’me a kōpa ka tieo hore eena le ba lelapa labo ba sireletsoe. Lihloela li ile tsa lumela, tsa bolella Rahaba hore a boloke lekunutu la tsona le hore o lokela ho leketlisa khoele e ’mala o sekareleta fensetereng ea ntlo ea hae leboteng la motse e le hore masole a ka mo sireletsa hammoho le ba lelapa labo.—Joshua 2:12-14, 18.

Re ka ithuta thuto ea bohlokoa ka tsela eo Rahaba a ileng a bontša tumelo ka eona. Joalokaha Bibele e bolela, “tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) O ile a utloa litlaleho tsa ’nete ka tsela eo Jehova Molimo a ileng a bontša matla le toka ka eona, eaba o beha tumelo le tšepo ho eena. Kajeno re tseba lintho tse ngata ka Jehova. Na re tla batla ho mo tseba le ho beha tumelo ho eena re itšetlehile ka seo re ithutang sona Lentsoeng la hae, Bibele?

QHOBOSHEANE E MATLA EA MOTSE EA OA

Ka mor’a hore Rahaba a bue le lihloela tseo tse peli, li ile tsa theoha ka khoele e neng e leketlile fensetereng ’me tsa potlakela lithabeng. Ho ne ho e-na le mahaha a mangata matsoapong a ka leboea ho Jeriko moo lihloela tsena li neng li ka ipata teng ho fihlela ho sireletsehile hore li khutlele liahelong tsa Baiseraele ka litaba tse monate tseo li li utloileng ho Rahaba.

Rahaba o ile a bontša tumelo ho Molimo oa Baiseraele

Ha ho pelaelo hore ka mor’a moo, batho ba Jeriko ba ile ba thothomela ke tšabo ha ba utloa hore ka mohlolo Jehova o ile a emisa Nōka ea Jordane, e le hore Baiseraele ba tšele moo ho omileng. (Joshua 3:14-17) Empa ho Rahaba litaba tseo li ile tsa mo kholisa le ho feta hore o entse qeto e nepahetseng ka hore a bontše tumelo ho Jehova.

Joale, ho ile ha latela matsatsi a tšeletseng ao Baiseraele ba ileng ba pota Jeriko ka ’ona—ba pota hanngoe ka letsatsi. Joale letsatsi la bosupa le ne le fihlile ’me lona le ne le fapane le a mang. Joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena, lebotho le ile la qala ho pota motse ha mafube a hlaha ’me ka mor’a hore le pote hanngoe, ha lea ka la emisa, le ile la pota Jeriko ka makhetlo-khetlo. (Joshua 6:15) Baiseraele ba ne ba etsa’ng?

Qetellong ka mor’a hore lebotho le pote motse ka lekhetlo la bosupa, le ile la emisa. Molumo oa manaka o ile oa emisa. Ho ile ha thōla ha re tu! E tlameha ebe batho ba motse oo ba ile ba tsitsipana haholo. Eaba ka mor’a hore Joshua a ntše taelo, lebotho leo la Baiseraele le ile la phahamisa mantsoe ka lekhetlo la pele ’me la hoeletsa haholo. Na ebe balebeli ba neng ba le holim’a lerako la Jeriko ba ne ba nahana hore mohoo oo feela e ne e le tlhaselo e sa tloaelehang? Haeba ho joalo, ha hoa ka ha feta nako e telele ba nahana ka tsela eo. Lerako leo le leholo leo ba neng ba eme holim’a lona le ile la qala ho thothomela. Le ile la sisinyeha, la tletlerana eaba lea putlama! Leha ho le joalo, ha lerole le ntse le fokotseha, ho ne ho bonahala karolo e le ’ngoe ea lebota e ntseng e eme. Ntlo ea Rahaba e ne e ntse e eme tsoe! ka lebaka la tumelo ea hae. Ak’u nahane feela hore na o ile a ikutloa joang ha a bona kamoo Jehova a mo sirelelitseng kateng! * Ba lelapa labo ba ne ba sireletsehile!—Joshua 6:10, 16, 20, 21.

Batho ba Jehova le bona ba ile ba hlompha Rahaba ka lebaka la tumelo ea hae. Ha ba ne ba bona ntlo eo e le ’ngoe e eme har’a maloanlahla ao, ba ile ba tseba hore Jehova o ne a e-na le mosali eo. Eena le ba lelapa labo ba ile ba sireletsoa ha motse oo o khopo o timetsoa. Ka mor’a ntoa, Rahaba o ile a lumelloa ho lula haufi le liahelo tsa Baiseraele. Ha nako e ntse e e-ea le eena e ile ea e-ba e mong oa sechaba sa Bajuda. O ile a nyaloa ke monna ea bitsoang Salomone. Mora oa bona, Boaze o ile a hōla ’me ea e-ba monna ea nang le tumelo e ikhethang. O ile a nyala Ruthe, mosali oa Momoabe. * (Ruthe 4:13, 22) Morena Davida le Jesu Kreste, Mesia ka boeena, ba ile ba hlaha lelapeng lena le ikhethang.—Joshua 6:22-25; Matheu 1:5, 6, 16.

Pale ea Rahaba e bontša hore ha ho na motho eo Jehova a mo tlōlisang mahlo. O re bona kaofela, o tseba se ka lipelong tsa rōna ’me oa thaba ha a fumana hore re na le tumelo e tšoanang le eo a e boneng ho Rahaba. Tumelo ea hae e ile ea mo susumelletsa hore a nke khato. Joalokaha Bibele e bolela ho ile ha “boleloa hore o lokile ka mesebetsi.” (Jakobo 2:25) Ruri e ka ba bohlale hore re etsise tumelo ea hae!

^ ser. 27 Hoa khahlisa ho bona hore Jehova o ile a hlompha tumellano eo lihloela tse peli li neng li e entse le Rahaba.

^ ser. 28 E le hore u ithute ho eketsehileng ka Ruthe le Boaze, sheba tlas’a sehlooho se reng, “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona” Molula-Qhooeng oa July 1 le oa October 1, 2012.