Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Thusa Bana ba Siameng Joang?

Re ka Thusa Bana ba Siameng Joang?

U ka sebetsana joang le bohloko ba ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? Hlokomela kamoo Bibele e thusitseng bacha ba bang ba bararo ho sebetsana le bohloko ba ho shoeloa.

PALE EA DAMI

Dami

Ke ne ke le lilemo li tšeletseng feela ha ntate a hlokahala. Qalong o ne a lla ka hlooho, empa ka mor’a nako e seng kae, o ile a kula le ho feta a ba a kena sepetlele. Ke sa ntse ke hopola hantle ha ambulense e mo nka. Leo e ne e le lekhetlo la ho qetela ke bona ntate oa ka. Ka mor’a matsatsi a mararo, Ntate o ile a hlokahala ka lebaka la ho ruruha mothapo oa mali o bokong.

Ke qetile lilemo tse ngata ke ntse ke nahana hore nkabe ke ile ka etsa ho hong. Kamehla, ke ne ke lula ke nahana ka se ileng sa etsahala letsatsing leo, ebe kea ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke ile ka ema feela eaba ha ke mo thuse?’ Ke ne ke sheba batho ba bang ba baholo ba kulang ebe ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha bona ba ntse ba phela empa Ntate eena a hlokahetse? Ha nako e ntse e-ea ke ile ka buisana le ’Mè ka tsela eo ke ikutloang ka eona. Kaha re Lipaki tsa Jehova, re ile ra fumana tšehetso ho tsoa ho phutheho.

Le hoja batho ba bang ba nahana hore motho o utloa bohloko ka nako eo ebe boa feta, ho ’na ha hoa ka ha e-ba joalo. Ke ile ka nahana haholo ka lefu la Ntate ha ke fihla lilemong tsa bocha.

Nka rata ho fa bana ba hlokahalletsoeng ke batsoali keletso ea hore ba bue le motho e mong ka maikutlo a bona. Seo se ka ba thusa hore ba phele hantle.

Ke ’nete hore ho ne ho se bonolo ho tsoela pele ka bophelo ntate a le sieo. Empa ke ile ka tšelisoa ke lengolo la Tšenolo 21:4 le reng haufinyane Molimo o tla “hlakola meokho eohle mahlong [a rona], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”

PALE EA DERRICK

Derrick

Lintho tseo ke li hopolang ka Ntate, ke hore re ne re rata ho tšoasa litlhapi le ho ea lithabeng. O ne a rata lithaba haholo.

Ntate o ne a tšoeroe ke lefu la pelo. Ke hopola ke mo etela sepetlele ha ke sa le monyenyane. Leha ho le joalo, ke ne ke sa utloisise hore na lefu lena le kotsi hakae. Ha ke le lilemo li 9 Ntate o ile a hlokahala.

Ka mor’a hore a hlokahale, ke ile ka lla haholo. Ke ne ke ikutloa eka ke bipetsane, ke sa batle ho bua le motho. Ke ne ke qala ho utloa bohloko bo bokaalo ebile ke se na matla. Bana bao ke neng ke kena kereke le bona ba ile ba leka ho nkhothatsa, empa ka mor’a nako ba khaotsa. Batho ba kerekeng ba ne ba bua lintho tse kang: “E ne e se e le nako. Molimo o mo nkile.” Likarabo tseo ha lia ka tsa nkhotsofatsa, ebile ke ne ke sa tsebe seo Bibele e se rutang ka bafu.

’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ka mor’a moo ’na le abuti re ile ra etsa se tšoanang. Re ile ra ithuta ka hore na ho etsahala’ng ka motho ha a shoa le hore Molimo o tšepisa hore o tla tsosa bafu. (Johanne 5:28, 29) Lengolo le ileng la nthusa haholo ke la Esaia 41:10, moo Molimo a reng: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.” Nakong eo e boima, ke ile ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o na le ’na ’me le hona joale seo se sa ntse se ntšelisa.

PALE EA JEANNIE

Jeannie

’Mè o hlokahetse ke le lilemo li supileng a tšoeroe ke mofetše. E ne eka kea lora. Nkhono le ntate-moholo ba ne ba le teng lapeng ha a ne a hlokahala. Leha ho le joalo, re ne re khobile matšoafo. Kea hopola le hore re ile ra ja mahe bosiung boo. Ke ne ke utloa eka bophelo ba ka bo kopa-kopane.

Ho tloha ka nako eo, ke ile nahana hore ke tlameha ho itiisa molemong oa ngoan’eso. Seo se ne se bolela hore ke lokela ho koalla maikutlo a ka ka hare. Le letsatsing lena ke ntse ke sa khone ho bua ha ke utloile bohloko. E leng ntho eo ke tsebang hore e kotsi.

Ke sa ntse ke hopola lerato le tšehetso eo re ileng ra e fumana ho tsoa phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa heso. Le hoja re ne re sa tsoa qala ho ea phuthehong ea Lipaki tsa Jehova, Lipaki tsa moo li ile tsa re tšoara joalokaha eka ke khale re tsebana. Selemong seo, ha ke hopole le ka mohla o le mong ntate a tlameha ho re phehela kaha Lipaki li ne li lula li re tlisetsa lijo.

Lengolo le ileng la nkama haholo ke la Pesaleme ea 25:16, 17. Moo, mongoli oa Pesaleme o kopa Molimo ’me o re: “Retelletsa sefahleho sa hao ho ’na, ’me u mpontše mohau; etsoe ke ’notši ’me ke hlorile. Mahlomola a pelo ea ka a atile; u ’ntše likhatellong tse holim’a ka.” Hoa tšelisa ho tseba hore ha u mong ha u utloile bohloko. Molimo o na le uena. Bibele e nthusitse hore ke tsoele pele ka bophelo ’me ke hopole hore haufinyane, Molimo o tšepisa hore o tla tsosa bafu. Kea tseba hore ke tla boela ke bone ’Mè, a se a sa kule paradeiseng.—2 Petrose 3:13.

Haeba u batla ho fumana lintlha tse ling tse tsoang ka Bibele bakeng sa batho ba hlokahalletsoeng, daonlouda Bukana ea “Ha eo U mo Ratang a E-shoa.” Kena ho www.pr418.com/st, sheba tlas’a LINGOLILOENG › LIBUKA LE LIBUKANA.