Fetela boitsebisong

Na Bademona ke Batho ba Sebele?

Na Bademona ke Batho ba Sebele?

Karabo ea Bibele

E. Bademona ke “mangeloi a ileng a etsa sebe,” e leng libōpuoa tsa moea tse ileng tsa fetohela Molimo. (2 Petrose 2:4) Lengeloi la pele le ileng la iphetola modemona ke Satane Diabolose, eo Bibele e mo bitsang “’musi oa bademona.”—Matheu 12:24, 26.

Borabele ba mehleng ea Noe

Ha Bibele e tlaleha tsela eo mangeloi a ileng a fetohela Molimo ka eona pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, e re: “Bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.” (Genese 6:2) Mangeloi ao a khopo kapa a silafetseng, a ile a “furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” leholimong ’me a iphetola batho e le hore a robale le basali.—Juda 6.

Ha Moroallo o fihla, mangeloi ao a marabele a ile a fetola ’mele ea ’ona hape ’me a khutlela leholimong. Leha ho le joalo, Molimo o ile a a leleka lelapeng la hae. E le karolo ea kotlo ea bona, bademona ba thibetsoe hore ba ka iphetola batho hape.—Baefese 6:11, 12.