Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Tsela ea ho Bontša Kananelo

Tsela ea ho Bontša Kananelo

BOTHATA

Ke habohlokoa hore banyalani ba bontše hore baa ananelana e le hore lenyalo la bona le atlehe. Leha ho le joalo, banyalani ba bangata ba khaotsa ho bona lintho tse ntle ho balekane ba bona ebe seo se etsa hore ba se ke ba hlola ba ananelana. Bukeng ea Emotional Infidelity, moeletsi e mong o re banyalani ba bangata ba tlang ho tla kopa thuso ho eena “ba amehile haholo ka lintho tse haellang [manyalong a bona] ho feta tse teng.” O tsoela pele ka ho re: “Ha ba le ofising ea ka, ba mpolella ka lintho tseo ba hlokang hore li fetohe ’me ha ba bue letho ka tse ntle tseo balekane ba bona ba li etsang. Phoso e etsoang ke banyalani bana bohle ke hore ba hloleha ho bontšana lerato le kananelo.”

Uena le molekane oa hao le ka qoba ho oela lerabeng leo joang?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Mantsoe a bontšang kananelo a ka fokotsa mathata lenyalong. Ha banyalani ba itloaetsa ho sheba lintho tse ntle tseo balekane ba bona ba li etsang, kamano ea bona e ka ntlafala. Ha banyalani ba ananelana ba ka qoba hore ba tšoarane ka pelo ha ba khopisane.

Bakeng sa basali. Buka ea Emotional Infidelity, eo re buileng ka eona pejana, e re: “Basali ba bangata ba hlokomoloha khatello eo banna ba bang le eona e le hore ba hlokomele malapa a bona.” Khatello eo e ka ba teng esita le malapeng ao banyalani ba sebetsang ka bobeli.

Bakeng sa banna. Hangata banna ba khella boiteko ba basali fatše ba ho thusa ho hlokomela lelapa, ekaba ka ho sebetsa, ho holisa bana kapa ho etsa mosebetsi oa lapeng. Fiona, * ea nang le lilemo tse ka bang tharo a nyetsoe, o re: “Kaofela re etsa liphoso ’me ha e le ’na ea e entseng ke utloa bohloko haholo. Joale ha monna oa ka a mpabatsa ka mesebetsi e meng ea lapeng, e joaloka ho hloekisa, kea hlokomela hore o sa ntse a nthata ho sa tsotellehe mefokolo ea ka. Ke thabela hore ebe oa ntšehetsa.”

Banyalani ba ka khaotsa ho tšepana haeba molekane e mong a utloa eka ha a ananeloe. Mosali e mong ea bitsoang Valerie, o re: “Haeba u utloa eka molekane oa hao ha a u ananele, ho ka ba bonolo ho atamelana le motho e mong ea etsang u ikutloe u le oa bohlokoa.”

SEO U KA SE ETSANG

Ela hloko. Bekeng e tlang, ela hloko makhabane ao molekane oa hao a tlang ho a bonahatsa. Hape sheba lintho tseo a li etsang molemong oa lelapa la lona, mohlomong lintho tseo u neng u ntse u sa li natse. Ha beke e fela, etsa lethathamo la (1) lintho tseo o li ratang ka molekane oa hao le (2) lintho tseo a li entseng molemong oa lelapa la lona.—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 4:8.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u ele hloko lintho tse molemo tseo molekane oa hao a li etsang? Mosali e mong ea bitsoang Erika o re: “Ha le se le nyalane ka lilemo tse ngatanyana ho ka ba bonolo hore le se ke la hlola le hlokomela lintho tse ntle tseo e mong a li etsang. Le qala ho hlokomela feela lintho tseo e mong a sa li etseng.”

Ipotse: ‘Na ke khella fatše lintho tse ntle tseo molekane oa ka a li etsang?’ Ka mohlala, haeba monna oa hao a lokisa lintho tse robehileng ka tlung, na u sitoa ho mo leboha hobane feela u nka hore ke mosebetsi oa hae? Haeba u monna, na u nka hore ha oa lokela ho leboha mosali oa hao ka ho hlokomela bana hobane feela u nka hore o tlamehile ho etsa seo? Ebang u monna kapa u mosali, ikemisetse ho ela hloko lintho tse ntle tseo molekane oa hao a li etsang e le hore lelapa le tsamaee hantle, ebang ke tse kholo kapa ke tse nyenyane.—Molao-motheo oa Bibele: Baroma 12:10.

Leboha molekane oa hao. Bibele e re khothalletsa hore ‘re iponahatse re le ba lebohang.’ (Bakolose 3:15) Kahoo, itloaetse ho leboha molekane oa hao. Monna e mong ea bitsoang James o re: “Ha mosali oa ka a nteboha ka lintho tseo ke li etsang, o etsa hore ke sebetse ka thata le ho feta le hore ke be monna ea molemo.”—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 4:6.

Ha banyalani ba bontša hore ba ananela lintho tseo balekane ba bona ba li etsang seo se matlafatsa kamano ea bona. Monna e mong ea bitsoang Michael o re: “Manyalo a mangata a ka atleha haeba banyalani ba ela hloko lintho tse ntle tseo balekane ba bona ba li etsang. Ha mathata a hlaha, ho ke ke ha e-ba bonolo hore ba batle ho arohana kaha ba tla nahana ka lintho tse molemo tseo e mong a li etsang.”

^ par. 9 Mabitso a mang a fetotsoe.