Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho buisana le ho rera lintho esale pele ke ha bohlokoa

Ha eo U mo Ratang a Kulela Lefu

Ha eo U mo Ratang a Kulela Lefu

’MALITEBOHO o ile a tšoha haholo ha ho thoe monna oa hae Katiso ea lilemo li 54 o na le hlahala ea boko. * Lingaka li ile tsa re o saletsoe ke likhoeli tse ’maloa feela a ntse a phela. O ile a re:“Ke ne ke sa kholoe seo ke se utloang. Ke ne ke sa tsebe hore na ho etsahala’ng, ke ne ke utloa eka kea lora, ke ne ke sa ikemisetsa boemo bona.”

Batho ba bangata ba ikutloa ka tsela ena ha ba hlaheloa ke mathata a kang a hlahetseng ’Maliteboho. E mong le e mong oa rona a ka kula kapa kuleloa. Le hoja hangata ho hlokomela motho ea kulang haholo ho le boima, ba bangata ba etsa mosebetsi o motle oa ho hlokomela baratuoa ba bona ba kulelang lefu. Ke’ng seo litho tsa lelapa li ka se etsang ho hlokomela le ho tšelisa baratuoa ba bona ba kulelang lefu? Ke joang ba hlokometseng motho ea kulang ba ka sebetsanang le maikutlo a fapa-fapaneng ao ba bang le ’ona ha mokuli a ntse a le tlas’a tlhokomelo ea bona? U ka etsa’ng ha mokuli a se a le makhatheng a lefu? Ke hobane’ng ha ho hlokomela motho ea kulelang lefu e le ntho e thata mehleng ee?

SEO E LENG BOTHATA MEHLENG ENA

Saense e fokolitse sekhahla seo batho ba shoang ka sona. Lilemong tse lekholo tse fetileng, le linaheng tse tsoetseng pele haholo, batho ba ne ba phela nako e khutšoanyane. Ba ne ba bolaoa ke mafu a tšoaetsanoang le likotsi tsa tšohanyetso. Lipetlele li ne li fokola, ’me batho ba bangata ba ne ba okeloa le ho hlokahalla malapeng.

Kajeno tsoelo-pele e teng ho tsa bongaka, e thusitse lingaka ho loantša mafu e le ho thusa ho lelefatsa bophelo. Ho fapana le khale, hona joale motho o se a ka phela nako e telele a e-na le lefu leo ho neng ho tsebahala hore le bolaea kapele. Leha ho le joalo sena ha se bolele hore lefu leo le se le fumanetsoe pheko ea moshoelella. Batho ba bang ba ka sitoa ho itlhokomela ka lebaka la bokuli. Ho hlokomela batho ba joalo ho boima haholo.

Kahoo batho ba bangata ba se ba shoella lipetlele e seng malapeng a bona. Sena se entse hore batho ba bangata kajeno ba se ke ba tloaelana le boemo ba ho shoa, ’me ke ba fokolang feela ba kileng ba bona ha motho a shoa. Motho a ka tšaba ho hlokomela mokuli hobane a sa tsebe hore na mokuli eo o tla phela kapa che. Ho ka etsoa’ng ha boemo bo le tjee?

RERANG ESALE PELE SEO LE TLA SE ETSA

Joalokaha re bone ka ’Maliteboho, batho ba bangata ba ikutloa ba imetsoe haholo ha motho eo ba mo ratang a tšoaroa ke lefu le bolaeang. Ho sa tsotellehe ho tšoha, ho tšoenyeha le ho utloa bohloko, ke’ng e ka u thusang ho itokisetsa boemo bo larileng ka pele? Mohlanka ea tšepahalang oa Molimo o ile a rapela a re: “Re bontše kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona re ka fumanang pelo e bohlale.” (Pesaleme ea 90:12) Rapela Jehova ka matla hore a u bontše kamoo u ka ‘balang matsatsi a hao’ ka tsela e bohlale e le hore u ka phela hamonate le baratuoa ba hao, le hoja le le bothateng.

Rerang lintho hantle. Haeba motho eo ea kulang a ntse a khona ho bua kapa ho itlhalosa ’me a ikemiselitse ho bua ka litaba tse amang bokuli ba hae, e ka ba bohlale ho mo botsa hore na a ka thabela ho etsetsoa liqeto ke mang nakong eo a seng a sa khone ho iketsetsa tsona. Ho buisana ka bolokolohi ka hore na motho ea kulang a ka thabela mofuta ofe oa kalafo, ho ka fokotsa ho se utloisisane. Ho feta moo, ho ka thusa hore ba ntseng ba mo oka ba se ke ba ipeha molato ho sa hlokahale, ha ba ha ba nolofatsa ho etsa liqeto tse amanang le mefuta ea kalafo. Puisano e etsoang ka bolokolohi ebile esale qalong, e ka thusa lelapa ho hlokomela mokuli hantle. Bibele e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu.”—Liproverbia 15:22.

SEO U KA SE ETSANG

Ntho e ka sehloohong eo mokuli a e hlokang ke ho tšelisoa. Motho ea makhatheng a lefu o lokela ho kholisoa hore oa ratoa le hore oa tsotelloa. See se ka etsoa joang? U ka mo balla kapa oa binela lipina tse monate tse ka mo matlafatsang le ho mo khothatsa. Batho ba bangata ba khothatsoa ke ha setho sa lelapa se ba tšoara ka letsoho e be se bua le bona hamonate.

Ke habohlokoa hore ba bolelloe hore na ke mang ea ba etetseng. Liphuputso li bontša hore ha se hangata batho ba kulang ba bang le bothata ba ho se utloe litsebeng. Kahoo qobang ho bua lintho tse ka mo utloisang bohloko le hoja le ka bona eka o robetse.

Ha ho khoneha, rapelang ’moho. Bibele e re, ka lekhetlo le leng moapostola Pauluse le bao a neng a e-na le bona ba ile ba ba le mathata hoo ba ileng ba batla ba shoa. Ba ile ba kopa thuso efe? Moapostola Pauluse o ile a kopa metsoalle ea hae a re: “Le lōna le ka kopanela ho thusa ka thapeli ea lōna bakeng sa rōna.” (2 Bakorinthe 1:8-11) Thapelo ke ea bohlokoa nakong eo motho a imetsoeng kapa a leng tlas’a khatello e matla kapa a kulang haholo.

AMOHELA BOEMO

Ho nahana ka ho shoa ha motho eo u mo ratang ke ntho e bohloko. Sena se etsahala hobane ho shoa ha se ntho ea tlhaho. (Baroma 5:12) Ke ka lebaka leo Lentsoe la Molimo le reng lefu ke “sera.” (1 Bakorinthe 15:26) Kahoo hoa utloahala hore ebe ha ho na motho ea batlang ho nahana ka lefu la motho ea mo ratang.

Leha ho le joalo, ho lebella le ho nahana ka se ka etsahalang, ho ka thusa litho tsa lelapa ho fokotsa ho tšoha le ho ba thusa ho lula ba nahana ka lintho tse ka ba tšelisang. Tse ling tsa lintho tse ka etsahalang li thathamisitsoe lebokoseng le reng: “ Ha Motho a se a le Makhatheng a Lefu.” Ke ’nete hore lintho tse boletsoeng moo, li ke ke tsa etsahalla bakuli bohle ka tsela e tšoanang. Ho ntse ho le joalo, tse ling tsa tsona li etsahalla bakuli ba bang.

Ka mor’a hore mokuli a hlokahale, ekaba hantle hore u bue le motho ea haufi le uena, haholo-holo ea ileng a thusa ho oka mofu ha a sa ntse a phela. Batho ba neng ba hlokomela motho ea kulang ba hloka ho tšelisoa le ho khothatsoa ka hore boemo boo bo fetile le hore motho eo ba mo ratang o phomotse. ’Mopi oa rona o re kholisa hore bafu “ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5.

MOHLOKOMELI EA PHAHAMEMG KA HO FETISISA

Re ka ithuta ho amohela thuso ea ba bang

Ho kopa thuso ho Molimo ke ha bohlokoa, eseng feela nakong eo motho a kulelang lefu empa le nakong eo re ntseng re sebetsana le bohloko ba ho shoeloa. A ka u tšelisa ka mantsoe a khothatsang le ka thuso e tsoang ho batho ba bang. ’Maliteboho o re: “Ke ile ka ithuta ho amohela thuso e tsoang ho ba bang. Re ne re thabile ke tsela eo ba ileng ba re thusa ka eona. ’Na le monna oa ka re ne re lumela ka ho feletseng hore Jehova o ne a re ho rona ‘Ke na le lona ho le thusa.’ ’Me nke ke ka lebala seo.”

Jehova o re hlokomela hamolemo ho feta motho leha e le ofe. Kaha ke ’Mopi oa rona, o utloisisa hantle bohloko boo re bo utloang. O khona ho fana ka thuso eo re e hlokang ebile o labalabela ho re thusa mathateng ao re leng ho ’ona. Ho thabisang ke hore o tšepisa hore haufinyane o tla felisa lefu a be a tsose le bafu ba libilione. (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4) Kahoo ba ka bua mantsoe a moapostola Pauluse ha a re: “Lefu, tlhōlo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?”—1 Bakorinthe 15:55.

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.