Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maruarua a se a Fihlile!

Maruarua a se a Fihlile!

Selemo se seng le se seng, maqalong a khoeli ea July, maruarua a li-right whale a matšehali a tla lebōpong le ka boroa la Santa Catarina, e Brazil. A tsoa karolong e leqhoa ea leoatle e bohōle ba lik’hilomithara tse likete, ho tla tsoala le ho hōlisa malinyane a ’ona metsing a seng mangata. Ka likhoeli tse ’maloa baahi le bahahlauli ba ema lebōpong ’me ba shebella maruarua le malinyane a ’ona a phomotse kapa a ntse a bapala ka metsing! *

Liphoofolo Tse Khōlō Tsa Leoatle

Leruarua le letšehali le bolele ba limithara tse 16, le lekana le bese ea korostina ’me le boima ba lik’hilograma tse 72 574! Le letšo, a mang a na le matheba a masoeu mpeng. Hlooho ea lōna e boholo ba limithara tse ’ne. Molomo oa lona o mo telele ebile o motsu. Ha le na lepheo le koraletseng joaloka mefuta e meng ea maruarua. Ha le sesa, le isa mohatla oa lona holimo le tlaase ka matla, ho e-na le ho o isa koana le koana joaloka litlhapi tse ling. Le sebelisa mapheo a lona ha le tjeka. Le tjeka joaloka sefofane.

Ho makatsang ke hore ho sa tsotellehe boholo ba lona, leruarua lena le khona ho phethoha le ho etsa lintho tse makatsang. Le khona ho sesa le ntšelitse mohatla ka ntle ho metsi ka nako e telele. Le phahamisa mohatla ebe le o otlanya holim’a metsi ka matla, ebe le qhomela holimo. Ha le khutlela ka metsing le etsa leqhamu le leholo.

Tsela e Ikhethang eo a Shebahalang ka Eona

Hlooho ea lona e bokanetsoe ke makhala a manyenyane a bitsoang linta tsa leruarua ’me a etsa makukuno a masoeu kapa a masehla. Karina Groch e leng motsamaisi oa mokhatlo o fanang ka boitsebiso mabapi le maruarua o re: “Feela joalokaha khatiso ea monoana oa motho e ikhetha, lekukuno ka leng lea ikhetha ’me le etsa hore ho be bonolo ho a khetholla. Ha maruarua a le lebōpong la rōna, re a nka linepe ebe rea li boloka.”

Litsebi tsa lintho tse phelang li re ho thata ho bolela hore na leruarua le shoa le na le lilemo tse kae, hobane mofuta ona oa leruarua ha o na meno. Ba hakanya hore le ka phela lilemo tse ka bang 65. *

Tsela e Hlollang eo a Jang ka Eona

Maruarua ana a ja makhala. Ka mehlahareng e ’meli, a na le boea bo bonolo bo a thusang hore a kole makhala. Ha a ntse a sesa, aa ahlama ebe metsi a feta le boeeng bona bo bonolo e le hore a khone ho tšoara phofu. Kahoo, leruarua ka leng le khona ho ja makhala a etsang lik’hilograma tse 2 000 ka letsatsi.

Maruarua a lulang ka boroa ho Brazil a qeta nako ea lehlabula a le leoatleng la Antarctic a ntse a iphepa, e le hore a eketse mafura a ’ona. Mafura ana a a thusa hore a se ke a hatsela ha a le metsing a batang hape a a thusa hore a se ke a bolaoa ke tlala ha a fallela sebakeng se seng.

Ke Hobane’ng ha a Bitsoa ka Tsela eo?

Ho tloha ka bo-1700, litsomi tsa maruarua li ’nile tsa a tsoma karolong e ka boroa ea lefatše. Li ne li nka hore ke ’ona a nepahetseng bakeng sa ho tsongoa. Hobane’ng? Kaha a sesa butle, a ne a tšoaroa habonolo le ke litsomi tse neng li tsoma ka marumo li bile li tsamaea ka likepe tse nyenyane. Ho feta moo, maruarua ana a fapane le a mang ka hore a phaphamala ka holim’a metsi ha a shoele hobane a na le mafura a mangata. Kahoo, litsomi li khona ho a hulela lebōpong.

Hape, mafura a maruarua le boea ba ’ona bo ka hanong bo ne bo rekisoa. Oli ea mafura ana e ne e tšeloa ka maboneng a seterateng e boetse e tšeloa litšepeng e le hore li se ke tsa hohlana. Boea ba ’ona bo ne bo sebelisetsoa ho etsa libotisi, liphali le likhele. Ha e le hantle, chelete e fumanoeng ka ho rekisa boea ba leruarua le le leng feela e ne e ka koahela litšenyehelo tsohle tsa leeto la litsomi!

Kaha batho ba ne ba tsoma maruarua ana haholo ka bo-1900, palo ea ’ona e ile ea fokotseha ’me seo sa etsa hore khoebo ea ho a tsoma e putlame. Naheng ea Brazil, seteishene sa ho tšoasa maruarua se ile sa koaloa ka 1973. Palo ea mefuta e meng ea litlhapi tsena e ntse e fokotseha.

Tsela eo leruarua lena le leng ka eona e bontša hore lefatše le na le libōpuoa tse hlollang tse fapa-fapaneng. Sena se paka bohlale le matla ao Jehova Molimo e leng ’Mōpi e Moholo, a nang le ’ona.—Pesaleme ea 148:7.

^ ser. 2 A boetse a tsoalla mabōpong a Afrika Boroa, Argentina, Australia, Uruguay hammoho le lihlekehlekeng tsa Auckland.

^ ser. 8 Bo-rasaense ba re ho na le mefuta e meraro ea maruarua a oelang tlas’a li-right whale. Ntle le leruarua le fumanoang karolong e ka boroa ea lefatše (Eubalaena australis), ho boetse ho na le mefuta e ’meli ea karolong e ka leboea ea lefatše (Eubalaena glacialis le Eubalaena japonica).