Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Bofutsana

Bofutsana

Ho sa tsotellehe boiteko boo batho ba bo etsang ba ho felisa bofutsana, batho ba limilione ba ntse ba futsanehile.

Batho ba futsanehileng ba ka thaba joang?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba lumela hore motho a ka thaba le ho khotsofala hafeela a e-na le chelete e ngata, hape ba lumela hore katleho ea sebele e itšetlehile ka hore na motho o na le chelete e kae. Kaha batho ba futsanehileng ha ba na thuto ea motheo, chelete ea ho itefella ho ea ngakeng le lintho tse ling, batho ba bang ba nka hore ba ke ke ba thaba le ho khotsofala bophelong.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re thabo ea sebele ha e ea itšetleha ka hore na motho o na le chelete e kae, empa e itšetlehile ka kamano ea hae le ’Mōpi. Bibele e re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ho sa tsotellehe maemo a bona a lichelete, batho ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea ba itšetleha ka Molimo ha ba etsa liqeto, kahoo ba ithuta linnete tsa Bibele tse ba thusang ho fumana matšeliso a sebele le ho ba le khotso ea kelello. Seo ke sona se tlisang thabo ea sebele.

Batho ba mamelang keletso ea Bibele ba khona ho sebetsana ka katleho le bofutsana. Ka mohlala, keletso ea Bibele e thusa batho hore ba se ke ba kopanela mekhoeng e kotsi, ho tsuba le ho tahoa. Litloaelo tsena li senya chelete ’me li ka senya bophelo bo botle ba motho hoo ho ka hlokahalang chelete e ngata e le hore a isoe ngakeng.—Liproverbia 20:1; 2 Bakorinthe 7:1.

Bibele e re lemosa ka likotsi tsa ho ba meharo le ho rata maruo. (Mareka 4:19; Baefese 5:3) Keletso ea eona e ka thusa motho hore a se ke a senya chelete ka ho becha kapa hore a se ke a ba le “lerato la chelete,” leo Bibele e reng ke “motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” (1 Timothea 6:10) Bibele ea re lemosa e re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ka mantsoe a mang, ho sa tsotellehe hore na u na le chelete e ngata hakae, e ke ke ea reka bophelo. Ka lehlakoreng le leng, ha re mamela keletso ea Bibele, seo se tla etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero ’me re thabe.     

Le hoja batho ba futsanehileng ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba fumane lijo, liaparo hammoho le bolulo, ba ka thaba haeba ba ithuta ho khotsofala ’me ba ameha ka ho khahlisa ’Mōpi le ho etsa thato ea hae. Ba hlokomela bonnete ba tšepiso ea Bibele ea hore “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.

LENGOLO LA SEHLOOHO: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”Matheu 5:3

Na bofutsana bo tla ke bo fele?

SEO BIBELE E SE BUANG

Le hoja batho ba hlōlehile ho felisa bofutsana, ka nako e loketseng Molimo o tla felisa lintho tse bakang bofutsana, e leng batho ba ichebileng bobona le mebuso e sa khotsofatseng litlhoko tsa batho. (Moeklesia 8:9) ’Mōpi o tla felisa mebuso ea batho ba tletseng boithati. ’Muso oa hae o tla khotsofatsa batho bohle. Bibele e tšepisa hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla khotsofatsa litlhoko tsa batho ba futsanehileng. “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso . . . O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.”—Pesaleme ea 72:12-14.

Lefatše e tla ba paradeise e nang le matlo le lijo bakeng sa batho bohle. Lengolong la Esaia, Molimo o tšepisa batho hore “ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. . . . Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.” (Esaia 65:21, 22) Ho e-na le hore batho ba phele ka thata hobane ba e-na le chelete e nyenyane, batho bohle ba tla thabela “mokete oa lijo” hammoho le lintho tsohle tseo Jehova a faneng ka tsona.—Esaia 25:6.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TSEBA SEE?

Ho nahanisisa ka tšepiso ea Molimo ea hore bofutsana bo tla fela, ho tiisetsa batho ba futsanehileng hore oa ba tsotella le hore haufinyane o tla felisa matšoenyeho a bona. Ho ka boela ha thusa motho hore a be le matla a ho mamella maemo a boima hona joale. 

LENGOLO LA SEHLOOHO: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso . . . O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.”Pesaleme ea 72:12, 13.