Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA U KA LAOLA SE ETSAHALANG BOPHELONG BA HAO?

Bothata: Maemo a ke Keng a Fetoha

Bothata: Maemo a ke Keng a Fetoha

NA U tšoeroe ke boloetse bo sa foleng, u hlalane le molekane oa hao kapa u shoetsoe ke motho eo u mo ratang? Ha u tobane le maemo a ke keng a fetoha, u ka ’na ua lakatsa eka a ka fetoha. U ka khona ho sebetsana le ’ona joang?

MOHLALA O KA BIBELENG: PAULUSE

Moapostola Pauluse o ile a tsamaea haholo e le moromuoa ea chesehang lekholong la pele la lilemo. Empa maeto a hae a ile a khaotsa ha a tšoaroa ka leeme ’me a qeta lilemo tse peli a koaletsoe ka tlung, a lebetsoe ke masole. Ho e-na le hore Pauluse a itumelle ho nyahamisoa ke boemo boo, o ile a tsepamisa kelello ho seo a neng a ka khona ho se etsa. O ne a sebelisa Bibele ho thusa le ho khothatsa batho bohle ba mo etelang. O ile a ba a ngola mangolo a ’maloa ao hona joale e leng karolo ea Bibele.—Liketso 28:30, 31.

SEO ANJA A SE ETSANG

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, Anja o lula a le ka tlung. O re: “Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka mor’a hore lingaka li fumane hore ke tšoeroe ke kankere. Ke tšaba ho ipeha kotsing ea ho tšoaetsoa, kahoo ha ke sebetse ebile ha ke intše.” Anja o sebetsana joang le maemo a hae a ke keng a fetoha? O re: “Ho fetola tsela eo ke etsang lintho ka eona ho ile ha nthusa haholo. Ke ile ka sheba hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa haholo ’me ka rera ho etsa lintho ho latela matla a ka. Sena se entse hore ke khone ho laola bophelo ba ka.”

“Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala.”—Mantsoe a Pauluse a ho Bafilipi 4:11

SEO U KA SE ETSANG

Haeba u bona eka maemo a sa fetoheng a laola bophelo ba hao, leka ho etsa lintho tsena:

  • Tsepamisa kelello linthong tseo u ka khonang ho li laola. Ka mohlala, u ke ke ua khona ho laola hore na u tla kula kapa che, empa u ka ikoetlisa, ua ja lijo tse nang le phepo e ntle le ho phomola ka ho lekaneng.

  • Rera hore na u batla ho finyella lintho life bophelong. Sheba hore na u ka etsa’ng e le hore u li finyelle hanyane ka hanyane. Letsatsi le letsatsi, leka ho ipha nako ea hore u li finyelle.

  • Ha u etsa esita le mesebetsi e menyenyane, u tla ba le boikutlo ba hore u khona ho laola bophelo ba hao. Phumola tafole ea ka kichineng ’me u hlatsoe lijana. Apara ka makhethe. Etsa mesebetsi ea bohlokoa esale hoseng.

  • Sheba hore na boemo ba hao bo u ruisa molemo joang. Ka mohlala, na bo u thusa ho hlokomela litsela tseo u ka rarollang mathata ka tsona? Na u ka sebelisa seo u ithutileng sona ho thusa batho ba bang?

Seo e Leng ’Nete: U ka ’na ua sitoa ho laola maemo a hao, empa u ka ’na ua khona ho laola seo u se etsang ka ’ona.