TSOHA! July 2015 | Na U ka Laola se Etsahalang Bophelong ba Hao?

Na u ikutloa eka ha u na matla a ho laola se etsahalang bophelong ba hao? Hlokomela kamoo u ka khonang ho etsa joalo kateng.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na U ka Laola se Etsahalang Bophelong ba Hao?

U se ke ua lumella hore mathata a sa lebelloang a etse hore u lule u ferekane bophelong.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bothata: Maemo a ke Keng a Fetoha

Litlhahiso tse ’nè tse ka u thusang ha u bona eka bophelo ba hao bo laoloa ke lintho tseo u ke keng ua khona ho li fetola.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bothata: Mesebetsi e Mengata

Haeba u leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, u ka ’na ua qetella u sa khone ho etsa letho. U ka etsa joang hore u fokotse ho imeloa kelellong?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bothata: Maikutlo a Nyahamisang

Na u ikutloa u imetsoe ke maikutlo a kang ho tšoenyeha, khalefo le ho hlonama? Ho na le mehato eo u ka e nkang e tla u thusa ho sebetsana le ’ona.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na U ka Laola se Etsahalang Bophelong ba Hao?

Ho laola bophelo ba hao ho ka ’na ha e-ba bonolo ho feta kamoo u nahanang kateng.

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Mongolia

‘Naheng e Leholimo le Hlakileng’ ho lula bo-hloma-u-hlomole ba amohelang baeti ka tsela e sa tloaelehang.

SE KA THUSANG MALAPA

Ha U Arohana le Motho eo U Ratanang le Eena

U ka tsoela pele joang ka bophelo ba hao ka mor’a ho arohana le motho eo u ratanang le eena?

SEO BIBELE E SE BUANG

Mosebetsi

Na hoa tsotelleha hore u etsa mosebetsi oa mofuta ofe?

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Malaria

U ka itšireletsa haeba u lula sebakeng seo malaria e atileng teng kapa u rera ho etela ho sona.

NA E ENTSOE?

Mohlahare oa Koena

E loma ka matla ho feta tau kapa nkoe ka makhetlo a ka bang mararo, empa e khona ho utloa se ka lehanong la eona le ho feta kamoo menoana ea motho e utloang kateng. Joang?

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng

Ho Utsoa ho Fosahetse

Molimo o talima ho utsoa joang? Bala Exoda 20:15. Shebella video ’me u ithute ho eketsehileng le Kalebe.