Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu

Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu

BOTHATA

“Nkile ka ba le metsoalle e ’meli ea banana e neng e rata ho etsa lintho hammoho. Ke ne ke lula ke utloa e bua kamoo e bileng le nako e monate kateng. Ka le leng ha ke ne ke founetse motsoalle e mong oa ka, motho e mong o ile a arabela founo ’me ka utloa ba ntse ba buisana ebile ba tšeha. Ke ile ka utloa tsela eo ba thabileng ka eona, e leng se ileng sa etsa hore ke jeoe ke bolutu le ho feta!”—Maria. *

Na u kile ua ikutloa u le mokhelo ebile u jeoa ke bolutu? Haeba ho joalo, Bibele e na le likeletso tse ka u thusang. Empa pele, nahana ka lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho li tseba ka bolutu.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o jeoa ke bolutu ka linako tse ling. Batho bao ba akarelletsa ba bonahalang eka baa tsebahala. Hobane’ng? Hangata ha motho a jeoa ke bolutu, seo ha sea itšetleha ka hore na o na le metsoalle e mengata hakae empa se itšetlehile ka hore na o na le metsoalle e mekae ea ’nete. Motho ea bonahalang eka oa tsebahala a ka lula a pota-potiloe ke batho empa a se be le metsoalle ea ’nete ’me kahoo a jeoa ke bolutu.

Ho jeoa ke bolutu ho ka u kulisa. Bafuputsi ba ileng ba hlahloba phuputso e ileng ea etsoa ho batho ba 148, ba ile ba etsa qeto ea hore ho itšehla thajana ho etsa hore motho a shoe pele ho nako le hore “ho kotsi ho feta botenya” hape “ho tšoana le ho tsuba lisakarete tse 15 ka letsatsi.”

Bolutu bo ka u pepesetsa likotsi. Ha e le hantle, bo ka ’na ba etsa hore u thehe setsoalle le motho e mong le e mong hobane feela u batla ho ikutloa u amoheleha. Mohlankana e mong ea bitsoang Alan o re: “Ha u jeoa ke bolutu u ka ’na ua batla ho ikhapela tlhokomelo ea batho. U ka qala ho nahana hore ho molemo ho ba le motsoalle leha e le ofe ho e-na le ho e hloka ka ho feletseng. Seo se ka u bakela mathata.”

Hase kamehla ho romellana melaetsa ho tlosang bolutu. Moroetsana e mong ea bitsoang Natalie o re: “Nka romela batho ba bangata melaetsa ka selefouno kapa e-mail empa ke ’ne ke ikutloe ke jeoa ke bolutu. Mocha e mong ea bitsoang Tyler, le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ho romela molaetsa ka selefouno ho tšoana le ho ja lijo tse bobebe. Lijo tse bobebe li monate, empa u hloka lijo tse tiileng hore u khore.”

SEO U KA SE ETSANG

Qoba ho etsa qeto e fosahetseng. Ka mohlala, a re re u kena Websaeteng eo batho ba romellanang lifoto ho eona, ’me u bona metsoalle ea hao e le phathing eo u neng u sa mengoa ho eona. Ha u ntse u shebile lifoto tseo, u ka khetha ho etsa qeto ea hore ha ua mengoa ka boomo kapa ho nahana ka tsela e fapaneng le eo. Kaha ha u tsebe lintlha tsohle tse amehang, qoba ho etsa qeto e fosahetseng. Ho e-na le hoo, nahana ka hore e ka ’na eaba ho na le lebaka le utloahalang le entseng hore u se ke ua mengoa. Hangata hase maemo a etsang hore u jeoe ke bolutu empa ke tsela eo u talimang lintho ka eona.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 15:15.

Qoba ho fetelletsa litaba. Ha u jeoa ke bolutu, u ka ’na ua re, ‘Ha ho mohla ke mengoang’ kapa ‘Batho ba lula ba nkoekoetla.’ Empa ho nahana ka tsela eo ho tla etsa hore u jeoe ke bolutu le ho feta. Hape ho ka etsa hore u tetebele: U ikutloe joaloka molahloa, e leng se ka etsang hore u itšehle thajana, u jeoe ke bolutu, ebe u tetebela le ho feta.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 18:1.

Ikemisetse ho etsa setsoalle le batho ba hōlileng. Bibele e re bolella ka Davida, ea neng a le mocha ha a kōpana le Jonathane—e leng monna ea neng a mo feta ka lilemo tse 30. Ho sa tsotellehe seo, Davida le Jonathane e ile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo. (1 Samuele 18:1) U ka ’na ua etsahalloa ke se tšoanang. Kiara ea lilemo li 21 o re: “Morao tjena, ke se ke ananela bohlokoa ba ho ba le metsoalle e meholo ho ’na. Ke na le metsoalle e meng e mphetang ka lilemo tse mashome, ’me ke ananela haholo tsela eo e talimang lintho ka eona le eo e behang mabaka ka eona.”—Molao-motheo oa Bibele: Jobo 12:12.

Thabela melemo ea ho ba mong. Batho ba bang ba jeoa ke bolutu ha ba iphumana ba le bang. Empa ha ua lokela ho ikutloa u jeoa ke bolutu hobane feela u le mong. Ka mohlala, Jesu o ne a rata ho ba hammoho le metsoalle, empa hape o ne a ananela nako ea ho ba mong. (Matheu 14:23; Mareka 1:35) Le uena u ka etsa se tšoanang. Ho e-na le ho talima ho ba mong e le ntho e sa rateheng, ho nke e le nako ea hore u nahanisise ka tsela eo u hlohonolofalitsoeng ka eona. Ha u etsa joalo, u ka ba motsoalle ea molemo ho batho ba bang.—Liproverbia 13:20.

^ ser. 4 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.