Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Thusa Bacha ho ba Hlokolosi ha ba le Inthaneteng

Thusa Bacha ho ba Hlokolosi ha ba le Inthaneteng

BOTHATA

Inthaneteng ho tletse batho ba ikentseng bo-’mampoli, ba hlekefetsang le ba utsoang boitsebahatso k’homphieutheng. U na le lebaka le utloahalang la ho ngongoreha: Bacha ba lula ba kene Inthaneteng ’me ba bonahala ba sa tsebe likotsi tsa seo.

U ka ruta mocha hore a be hlokolosi ha a sebelisa Inthanete. Leha ho le joalo, ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa ke hore u hlahlobe lintlha tse seng kae tseo u tlamehang ho li tseba ka se etsahalang inthaneteng.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Bana ba hao ba ka kena Inthaneteng ka lifono tsa bona. Molao oa hore u behe k’homphieutha sebakeng se bonahalang ho bohle ka tlung e ntse e le oa bohlokoa. Empa ha ngoana oa hao a kena inthaneteng ka tablet kapa ka lifono tsa morao-rao tjena, a ka ’na a ba le nako e ngata haholo a le Inthaneteng ho feta pele—’me ho se na motho ea mo behileng leihlo.

Taba ea hore batho ba bang ba hlaheloa ke likotsi tsa likoloi ha e bolele hore ho fosahetse ho khanna koloi. Re ka sebelisa molao-motheo o tšoanang leha re le Inthaneteng. Mocha o lokela ho ithuta “ho khanna” ka hloko

Bana ba bang ba qeta nako e ngata haholo ba le Inthaneteng. Ngoanana e mong ea lilemo li 19 o re, “Ka nako e ’ngoe ke bula k’homphieutha ke rerile ho qeta metsotso e mehlano feela ke shebile melaetsa ea ka ea e-mail ebe ke iphumana ke qetile lihora ke shebile livideo. Ke lokela ho ba le boitšoaro.”

Bana ba ka ’na ba kenya lintho tse sa hlokahaleng Inthaneteng. Batho ba nang le merero e mebe ba ka sheba lintho tseo bacha ba li ngolang inthaneteng le lifoto tsa bona ’me ba fumana hore na ba lula hokae, ba kena sekolo hokae le hore na ba ba hae ba le bang neng.

Bana ba bang ha ba utloisise liphello tsa seo ba se ngolang inthaneteng. Se ngoloang inthaneteng se lula inthaneteng ka ho sa feleng. Ka linako tse ling ho fumanoa mantsoe a hlabisang lihlong le lifoto tse behiloeng khale—ka mohlala, ha mohiri a batla ho u hira a ka ’na a batlisisa ka bophelo ba hao ba khale.

Hopola hore: Inthanete ka boeona ha e kotsi. Empa ntho e bakang mathata ke ho se e sebelise ka bohlale.

 SEO U LOKELANG HO SE ETSA

Ruta ngoana oa hao hore a ipehele lipakane le hore a khone ho sebelisa nako hantle. Ho ba motho e moholo ho akarelletsa ho ithuta ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e loketseng. Ho qoqa le ba lelapa, ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsoang hae le ho etsa mesebetsi ea ka tlung ke habohlokoa ho feta ho lula u le Inthaneteng feela. Haeba u tšoenyehile ka nako eo ngoana oa hao a e qetang a le Inthaneteng, mo behele nako—U ka ba ua mo setela alamo ha ho hlokahala.—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 1:10.

Ruta ngoana oa hao ho nahana lintho hantle pele a li ngola inthaneteng. Thusa ngoana oa hao hore a ipotse lipotso tse kang: Na mantsoe aa ao ke batlang ho a ngola a ka utloisa motho e mong bohloko? Foto ee e ka ama seriti sa ka joang? Na ke tla hlajoa ke lihlong haeba batsoali ba ka kapa batho ba bang ba baholo ba ka bona foto ee kapa mantsoe aa? Ba ka ’na ba nkuka ke le motho ea joang ha ba e bona? ’Na nka nka motho ea ngotseng mantsoe a tjee kapa ea behileng foto e tjee joang?—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 10:23.

Ruta bana ba hao hore ba tataisoe ke melao-motheo—eseng melao feela. U ke ke ua lula u shebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ngoan’a hao a e etsang letšehare lohle. Ho feta moo, pakane ea hao joaloka motsoali hase ho ba laola empa ke ho ba thusa hore ba sebelise “matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Kahoo, ho e-na le ho lula u ba foqa melao le likotlo e le tsona tse ka sehloohong, ba thuse hore ba bone phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. O batla batho ba bang ba mo nke joang? O batla hore a tume ka ho etsa lintho tse joang? Pakane ea hao ke ho thusa ngoan’a hao hore a etse liqeto tse nepahetseng, ho sa tsotellehe hore na u teng kapa ha u eo.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 3:21.

“Bana ba tseba lintho tsa theknoloji haholo. Batsoali bona ba tseba bophelo haholo.”

Ho sebelisa Inthanete ho tšoana le ho khanna koloi, ho hlokahala hore u be le kahlolo e molemo—eseng fela ho tseba ho sebelisa lintho tsa theknoloji. Kahoo, ke habohlokoa hore u tataise ngoana oa hao. Ho feta moo, Parry Aftab eo eleng setsebi sa ho sireletseha Inthaneteng o re: “Bana ba tseba lintho tsa theknoloji haholo. Batsoali bona ba tseba bophelo haholo.”