Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | HANS KRISTIAN KOTLAR

Setsebi sa Theknoloji ea Lintho Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Theknoloji ea Lintho Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona

Ka 1978, Dr. Hans Kristian Kotlar, o ile a qala ho etsa lipatlisiso tsa saense Sepetleleng sa Radium se Norway, e leng moo a ithutetseng lefu la kankere le tsamaiso ea ’mele oa motho ea ho itšireletsa mafung. Ka eona nako eo, o ile a boela a batla ho tseba hore na bophelo bo qalile joang. Tsoha! e ile ea mo botsa ka lipatlisiso tsa hae tsa saense le ka tumelo ea hae.

Ke’ng e ileng ea etsa hore u batle ho tseba ka qaleho ea bophelo le morero oa bona?

Ntate oa ka e ne e le Mok’hatholike, ’me ’Mè eena e le Moprostanta. Leha ho le joalo, ba ne ba sa nke bolumeli e le ntho ea bohlokoa. Empa ha ke le lilemong tsa bocha, ke ile ka qala ho ipotsa hore na morero oa bophelo ke ofe, ’me ka bala libuka tse buang ka Bobuddha, Bohindu le Boislamo. Ke ile ka ba ka kōpa Molimo hore a ntšenolele ’nete.

Ka bo-1970, lefapha la baeloji ea limolek’hule le ne le se le tsoetse pele haholo, ’me ke ile ka ipotsa hore na ebe seo se ke ke sa ntšenolela hore na bophelo bo qalile joang. Ke ne ke hlolloa ke tsela eo lisele li sebetsang ka eona, kahoo ka khetha ho ithutela theknoloji ea lintho tse phelang. Leha ho le joalo, baprofesa ba ka ba ne ba re bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho, ’me ke ile ka ba kholoa.

Ke hobane’ng ha u ile ua thahasella Bibele?

Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa etela ha ka. Le hoja li ne li le mosa, ke ile ka li buisa hampe ’me ka li bolella hore ha ke thahaselle litaba tsa tsona. Mosali oa ka o ile a nkutloa. Eaba o re: “Hobane’ng ha u ba buisitse hampe hakaale? Haesale u batla ho tseba hore na morero oa bophelo ke ofe.” O ne a nepile, ’me ke ile ka ikutloa ke soabile. Kahoo, ke ile ka mathela Lipaki tseo. Ha re ntse re qoqa, ke ile ka li bolella hore ke batla ho tseba hore na Bibele e lumellana le saense.

Li ile tsa re’ng?

Li ile tsa mpontša hore na Bibele e re’ng ka Mohloli oa matla a bonahalang bokahohleng. Li ile tsa mpalla lengolo le reng: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le  bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? . . . Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.” * Ke ile ka hlolloa ke mantsoe ao. Hape ho ne ho bonahala e le ntho e utloahalang hore ke Moqapi ea bohlale feela oa matla, ea neng a ikarabella ka ho hlophiseha ho teng bokahohleng.

Na u ile ua fetola maikutlo ka thuto ea ho iphetola ha lintho?

Hanyane ka hanyane, ke ile ka hlokomela hore ha ho na bopaki ba saense bo tšehetsang lithuto tse ngata tsa ho iphetola ha lintho. Ha e le hantle, ke lipale feela tse qapetsoeng ho hlalosa kamoo likarolo tse hlollang tse fumanehang linthong tse phelang tse kang masole a ’mele, li itlhahetseng ka mohlolo. Ha ke ntse ke ithuta ka tsamaiso ea ’mele oa motho ea ho itšireletsa mafung, ke ile ka elelloa hore e rarahane ebile e sebetsa hantle. Kahoo, liphuputso tseo ke li entseng li ile tsa etsa hore ke fihlele qeto ea hore bophelo bo bile teng ka lebaka la ’Mōpi ea bohlale.

Na u ka re bolella ka bo bong ba bopaki bo bontšang hore lintho li bōpiloe?

Ha e le hantle, masole a ’mele a entsoe ka mokhoa o hlollang, a na le likarolo tse etselitsoeng ho sireletsa ’mele linthong tse ngata tse kang, libaktheria le likokoana-hloko. Likarolo tseo li sebetsa ka litsela tse peli. Ea pele e lokisetsa ’mele ho loantša likokoana-hloko ka mor’a lihora tse seng kae feela li o hlasetse. Ea bobeli e nka matsatsi a ’maloa ho sebetsa empa e atleha ho hlasela likokoana-hloko tsa mofuta o itseng. Karolo ena e hopola lintho hantle e le hore ha likokoana-hloko tse itseng li ka boela tsa hlasela ’mele ka mor’a lilemo tse ngata, e li loantše. Tsamaiso ena e sebetsa hantle hoo hangata u ke keng ua elelloa hore u tšoaelitsoe ke lefu le itseng le ho sireletsoa ho lona. Ntho e ’ngoe e hlollang ka masole a ’mele oa motho, ke tsela eo a khonang ho hlokomela phapang pakeng tsa lintho tse sa tloaelehang tse kenang ’meleng le mefuta e makholo ea lisele tse hahang ’mele ea rōna.

Re bolelle hore na ho etsahala’ng ha likokoana-hloko li kena ’meleng ea rōna?

Likokoana-hloko li kena nakong eo re hemang, ka lijo, ka tselana ea rōna ea mosese, kapa le letlalong. Ha masole a ’mele a hlokomela hore ho na le likokoana-hloko tse keneng ’meleng, a li hlasela ka ho ntša liprotheine tse ngata tse etselitsoeng ho li loantša. Liprotheine tseo li matlafatsa masole a ’mele hore a atlehe ho loantša likokoana-hloko. Ketsahalo ena e ea hlolla!

Na see se bolela hore tsebo ea hao ea saense e matlafalitse tumelo ea hao ho Molimo?

E! Matla a masole a ’mele ea rōna le tsela eo a rarahaneng ka eona, a bontša hore a entsoe ke ’Mōpi ea bohlale le ea lerato. Ho phaella moo, saense e matlafalitse tumelo ea ka Bibeleng. Ka mohlala, Liproverbia 17:22 e re bolella hore “pelo e thabileng ke moriana o motle.” Bafuputsi ba fumane hore tsela eo re nahanang ka eona e ama masole a rōna a ’mele. Ka mohlala, ho imeloa kelellong ho ka fokolisa tsela eo masole a rōna a ’mele a sebetsang ka eona.

Lithaka tsa hao tse ngata ha li lumele ho Molimo. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

Seo se etsahala ka mabaka a fapaneng. Tse ling li amohela feela seo li se rutoang, joalokaha le ’na ke ne ke etsa joalo pele. Mohlomong li nahana hore ho na le bopaki ba saense bo tšehetsang thuto ea ho iphetola ha lintho. Tse ling ha li tsotelle taba ea hore na bophelo bo qalile joang. Hoo ho utloisa bohloko. Ke nahana hore li lokela ho batlisisa.

Ke hobane’ng ha u ile ua ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

Ke ile ka khahloa ke tsela eo li amohelang baeti ka eona le tumelo ea tsona litšepisong tsa ’Mōpi tsa ho re fa bokamoso bo molemo. * Tumelo eo li nang le eona e thehiloe lipatlisisong le mabakeng a utloahalang, eseng litšōmong kapa linthong tse inahaneloang. *

Liphuputso tseo ke li entseng li ile tsa etsa hore ke fihlele qeto ea hore bophelo bo bile teng ka lebaka la ’Mōpi ea bohlale