Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maremagnum/Corbis Documentary via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Bibele e hlalosa Armagedone e le ntoa e tla ama lefatše lohle eseng ntoa feela e tla ba sebakeng se le seng. Ntoa ena e tla ba pakeng tsa mebuso eohle ea batho le Molimo.

  •   “Lipolelo tseo li susumetsoa ke bademona . . . li ea ho marena a lefatše lohle ’me li a bokella bakeng sa ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle. . . . tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Armagedone.”—Tšenolo 16:14, 16.

 “Armagedone” e tsoa lentsoeng la Seheberu Har Meghid·dohnʹ, le bolelang “Thaba ea Megido.” Megido e ne e le o mong oa metse ea Iseraele ea boholo-holo. Ke kahoo batho ba bang ba lumelang hore ntoa ea Armagedone e tla ba Iseraele. Empa Megido kapa sebaka leha e le sefe se Bochabela bo Hare ha se seholo hoo se ka lekanang “marena a lefatše lohle” le mabotho a ’ona.

 Lengolo la Tšenolo le ngotsoe ho sebelisoa ‘lipontšo’ e leng matšoao a neng a tla bontša lintho tse neng li tla etsahala. (Tšenolo 1:1) Armagedone ha se sebaka sa sebele empa ke boemo ba lefatše lohle boo lichaba li tla beng li bokane ka lekhetlo la ho qetela li leka ho loantša Molimo le ho ema khahlanong le bobusi ba hae.—Tšenolo 19:11-16, 19-21.