Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

panitan/stock.adobe.com

LETŠOLO LA SEHOPOTSO

Jesu o Tla Felisa Bofutsana

Jesu o Tla Felisa Bofutsana

 Jesu ha a ne a le lefatšeng o ile a bontša batho lerato le tebileng, haholo-holo ba futsanehileng le ba mahlomoleng. (Matheu 9:36) O ile a boela a tela bophelo ba hae bakeng sa batho ba bangata. (Matheu 20:28; Johanne 15:13) Haufinyane, o tla felisa bofutsana bo teng lefatšeng lohle ’me sena se tla netefatsa hore o rata batho e le kannete le hore o na le matla joaloka Morena ’Musong oa Molimo.

 Bibele e re bolella lintho tse monate tseo Jesu a tl’o li etsa:

  •   “A ke a buelle batho ba maemo a tlase, a pholose bara ba ba futsanehileng.”—Pesaleme ea 72:4.

 Re ka bontša joang hore re ananela lintho tseo Jesu a re etselitseng tsona le tseo a tla li etsa? Lengolong la Luka 22:19, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba ’ne ba hopole lefu la hae. Ke kahoo selemo le selemo Lipaki Tsa Jehova li bokanang hammoho ho ikhopotsa lefu la Jesu. Re u memela Sehopotsong sa lefu la Jesu se tla ba ka Sontaha sa la 24 March 2024.

Fumana Moo u ka Eang Sehopotsong