Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 25

Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?

Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?

Bolivia

Holo ea Nigeria, ea khale le e ncha

Tahiti

Joalokaha lebitso Holo ea ’Muso le bontša, taba e ka sehloohong e rutoang moo ke ’Muso oa Molimo—e leng thuto ea Bibele eo Jesu a neng a bua ka eona haholo tšebeletsong ea hae.—Luka 8:1.

Ke litsi tsa borapeli ba ’nete. Ke moo ho hlophisoang mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 24:14) Liholo Tsa ’Muso ha li lekane ebile ha li tšoane, empa kaofela ke tsa maemo a itekanetseng, ’me liholo tse ngata li sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa. Lilemong tsa morao tjena, re hahile Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse likete tse mashome (e leng karolelano ea tse ka bang hlano ka letsatsi) hobane liphutheho tsa rōna li eketseha ka sekhahla. Re khona ho etsa see joang?—Matheu 19:26.

Li hahoa ka menehelo e kenngoang letlōleng leo liphutheho tsohle li le tšehetsang. Menehelo ena e romeloa ofising ea lekala e le hore ho ka thusoa liphutheho ha ho hlokahala hore li hahe Liholo Tsa ’Muso kapa li li nchafatse.

Li hahoa ke baithaopi ba sa lefuoeng ba maemo a sa tšoaneng. Linaheng tse ngata ho hlophisitsoe Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Bahlanka ba kaho le baithaopi ba bang ba ea libakeng tse sa tšoaneng ka har’a naha, ho ea thusa liphutheho ha li haha Liholo Tsa ’Muso. Linaheng tse ling, ho khethiloe Lipaki tse tšoanelehang hore li tsamaise mosebetsi oa kaho le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso tikolohong eo li e abetsoeng. Le hoja batho ba bangata ba tsebang mosebetsi oa kaho ba tikolohong eo ba ithaopela ho thusa, mosebetsi boholo o etsoa ke litho tsa phutheho. Mesebetsi ena kaofela e khoneha ka lebaka la moea oa Jehova le boiteko boo batho ba hae ba bo etsang ka moea oohle.—Pesaleme ea 127:1; Bakolose 3:23.

  • Ke hobane’ng ha libaka tsa rōna tsa borapeli li bitsoa Liholo Tsa ’Muso?

  • Ho tla joang hore re khone ho haha Liholo Tsa ’Muso lefatšeng lohle?