Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?

Lipaki Tsa Jehova li fumaneha lefatšeng lohle ’me ke batho ba merabe le ba litso tse sa tšoaneng. Ke’ng e etsang hore li momahane?

Thato ea Molimo ke Efe?

Molimo o batla hore thato ea hae e phatlalatsoe lefatšeng lohle. Thato ea hae ke efe, hona ke bo-mang kajeno ba rutang ba bang ka eona?

THUTO EA 1

Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Mofuta Ofe?

U tseba Lipaki Tsa Jehova tse kae? Ke’ng seo u se tsebang ka rōna?

THUTO EA 2

Ke Hobane’ng ha re Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?

Hlahloba mabaka a mararo ao re amohetseng lebitso lena ka ’ona.

THUTO EA 3

Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?

Re ka kholiseha joang hore re utloisisa ka nepo seo Bibele e se rutang?

THUTO EA 4

Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

Ke’ng ha phetolelo ee ea Lentsoe la Molimo e le e ikhethang?

THUTO EA 5

U Tla Fumana Eng Libokeng Tsa Rōna Tsa Bokreste?

Re bokana hammoho ho ithuta Mangolo le ho khothatsana. Re u mema ka mofuthu!

THUTO EA 6

Re Rua Molemo Joang ha re Bokana le Bakreste-’moho le Rōna?

Lentsoe la Molimo le khothalletsa Bakreste hore ba bokane hammoho. Bala hore na u ka rua molemo joang lipokanong tsena.

THUTO EA 7

Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?

Na u kile ua ipotsa hore na ho etsoa’ng libokeng tsa rōna? Ha ho pelaelo hore u tla khahloa ke thupelo ea Bibele e fanoang moo.

THUTO EA 8

Ke Hobane’ng ha re Apara Hantle ha re ea Libokeng?

Na Molimo o oa tsotella hore na re apara joang? Hlokomela melao-motheo ea Bibele e re tataisang ha re khetha moaparo le boitlhopho.

THUTO EA 9

Tsela e Molemo ea ho Lokisetsa Liboka ke Efe?

Ho lokisetsa liboka tsa rôna esale pele ho tla u thusa hore u rue molemo ho tsona.

THUTO EA 10

Borapeli ba Lelapa Ke’ng?

Bala kamoo tokisetso ena e ka le thusang ho atamela haufi Molimo kateng esita le ho le momahanya lelapa.

THUTO EA 11

Ke Hobane’ng ha re ea Likopanong?

Selemo le selemo, re ba le likopano tse tharo. Re rua molemo joang lipokanong tsee?

THUTO EA 12

Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela ka ’Muso o Hlophisitsoe Joang?

Re latela mohlala oo Jesu a ileng a o beha ha a le lefatšeng. O ne a sebelisa litsela life tse ling tsa ho bolela?

THUTO EA 13

Pula-maliboho ke Eng?

Lipaki tse ling li qeta lihora tse 30, 50 kapa ho feta ka khoeli li etsa mosebetsi oa boboleli. Li susumetsoa ke eng?

THUTO EA 14

Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?

Ke koetliso efe e khethehileng e lokiselitsoeng ba qetang nako e ngata ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso?

THUTO EA 15

Baholo ba Thusa Phutheho Joang?

Baholo ke banna ba hōlileng moeeng ba etellang pele ka phuthehong. Ba thusa phutheho joang?

THUTO EA 16

Mosebetsi oa Bahlanka ba Sebeletsang ke Ofe?

Bahlanka ba sebeletsang ba thusa hore lintho li tsamaee hantle liphuthehong. Ithute kamoo mosebetsi oa bona o tsoelang phutheho eohle molemo kateng.

THUTO EA 17

Balebeli ba Potoloho ba re Thusa Joang?

Ke hobane’ng ha balebeli ba potoloho ba etela liphutheho? U ka rua molemo joang ketelong ea bona?

THUTO EA 18

Re Thusa Barab’abo Rōna ba Maqakabetsing Joang?

Ha ho hlaha likoluoa, re etsa litokisetso tsa ho fana ka thuso e hlokahalang le ho tšelisa ba amehileng. Ka litsela life?

THUTO EA 19

Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?

Jesu o ne a tla khetha batho ba tla fa balateli ba hae lijo tsa moea ka linako tsohle nakong ea bofelo. See se ne se tla etsahala joang?

THUTO EA 20

Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?

Lekholong la pele la lilemo, sehlopha se senyenyane sa banna ba baholo le baapostola se ne se sebeletsa e le sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste. Kajeno teng?

THUTO EA 21

Bethele ke Eng?

Bethele ke sebaka se ikhethang se sebelisetsoang morero oa bohlokoa. Ithute ka ho eketsehileng ka ba sebeletsang moo.

THUTO EA 22

Ho Etsoa’ng Ofising ea Lekala?

Baeti ba batlang ho tla bona sebaka ba amohelehile liofising tsa rôna tsa lekala. Le uena rea u mema!

THUTO EA 23

Likhatiso Tsa Rōna li Ngoloa Joang, Hona li Fetoleloa Joang?

Re hatisa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 600. Ke hobane’ng ha re etsa boikitlaetso bo bokaalo?

THUTO EA 24

Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Ha ho tluoa tabeng ea lichelete, ke’ng e etsang hore mokhatlo oa rōna o fapane le malumeli a mang?

THUTO EA 25

Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?

Ke hobane’ng ha re bitsa libaka tsa rôna tsa borapeli Liholo Tsa ’Muso? Ithute kamoo mehaho ena e itekanetseng e thusang liphutheho kateng.

THUTO EA 26

Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?

Holo ea ’Muso e hloekileng le e makhethe e isa thoriso ho Molimo oa rōna. Ho etsoa litokisetso life ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile?

THUTO EA 27

Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?

Na u ka rata ho etsa lipatlisiso e le hore u eketse tsebo ea hao ea Bibele? Sebelisa laebrari e Holong ea ’Muso!

THUTO EA 28

Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?

U tla ithuta ho eketsehileng ka rōna le ka seo re se lumelang ha u ntse u bala likarabo tsa lipotso tsena ka Bibeleng ea hao.

Na U Tla Etsa Thato ea Jehova?

Ruri Jehova Molimo oa u rata. U ka bontša joang hore u lakatsa ho Mo khahlisa bophelong ba hao?