Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E ’MELI

Ho Phela ka Tsela e Khahlisang Molimo

Ho Phela ka Tsela e Khahlisang Molimo
  • U ka ba motsoalle oa Molimo joang?

  • U ameha joang ho belaelleng ha Satane bobusi ba Jehova?

  • Ke boitšoaro bofe bo sa khahliseng Jehova?

  • U ka phela ka tsela e khahlisang Molimo joang?

1, 2. Fana ka mehlala ea batho bao Jehova a ileng a ba nka e le metsoalle ea hae e haufi.

KE MOTHO ea joang eo u neng u ka rata hore e be motsoalle oa hao? Mohlomong u ne u ka rata ho etsa botsoalle le motho eo u bonang lintho ka tsela e tšoanang le eena, eo le thahasellang lintho tse tšoanang le eo le lumelang melao-motheo e tšoanang. Hape u ne u tla rata motho ea nang le litšobotsi tse ntle, joaloka botšepehi le mosa.

2 Ho theosa le histori, Molimo o ’nile a khetha batho ba itseng hore e be metsoalle ea hae e haufi. Ka mohlala, Jehova o ile a bitsa Abrahama motsoalle oa hae. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Molimo o ile a bua ka Davida e le “monna ea ratoang ke pelo ea ka” kaha e ne e le motho oa mofuta oo Jehova a o ratang. (Liketso 13:22) Jehova o ile a talima moprofeta Daniele e le “ea khahlehang haholo.”—Daniele 9:23.

3. Ke hobane’ng ha Jehova a khetha batho ba itseng hore e be metsoalle ea hae?

3 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a nka Abrahama, Davida le Daniele e le metsoalle ea hae? O ile a re ho Abrahama: “U mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:18) Kahoo Jehova o atamela haufi le bao ka boikokobetso ba etsang seo a reng ba se etse. O ile a re ho Baiseraele: “Mamelang lentsoe la ka, ’me ke tla ba Molimo oa lōna, ’me le tla ba sechaba sa ka.” (Jeremia 7:23) Haeba u mamela Jehova, le uena u ka ba motsoalle oa hae!

JEHOVA O MATLAFATSA METSOALLE EA HAE

4, 5. Jehova o bonahatsa matla a hae joang molemong oa batho ba hae?

4 Ak’u nahane ka melemo e tlisoang ke ho ba motsoalle oa Molimo. Bibele e re Jehova o sheba menyetla ea “hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Jehova a ka bontša matla a hae joang molemong oa hao? Tsela e ’ngoe e hlalositsoe ho Pesaleme ea 32:8, moo re balang sena: “[’Na Jehova] ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”

5 Aa ke mantsoe a amang maikutlo hakaakang a bontšang tlhokomelo eo Jehova a fanang ka eona! O tla u tataisa ka tsela e hlokahalang le ho u lebela ha u latela tataiso ea hae. Molimo o batla ho u thusa hore u mamelle ka katleho liteko tse u tlelang. (Pesaleme ea 55:22) Kahoo haeba u sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng, u ka kholiseha joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.” (Pesaleme ea 16:8; 63:8) E, Jehova a ka u thusa hore u phele ka tsela e mo khahlisang. Empa joalokaha u tseba, ho na le sera sa Molimo se batlang ho u sitisa ho etsa se mo khahlisang.

PELAELO EA SATANE

6. Satane o ile a hlahisa qoso efe ka batho?

6 Khaolo ea 11 ea buka ena e hlalositse kamoo Satane Diabolose a ileng a belaella bobusi ba Molimo kateng. Satane o ile a qosa Molimo ka hore o leshano ’me a fana ka maikutlo a hore Jehova o leeme ha a sa lumelle Adama le Eva hore ba iketsetse qeto mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. Ha Adama le Eva ba se ba entse sebe ’me bana ba bona ba qala ho tlala lefatše, Satane o ile a belaella sepheo seo batho bohle ba etsang lintho ka sona. Satane o ile a hlahisa qoso ea hore “batho ha ba sebeletse Molimo hobane ba mo rata.” A re: “Ha u ka mpha monyetla, nka etsa hore leha e le mang a furalle Molimo.” Tlaleho ea monna e mong ea bitsoang Jobo e bontša hore sena ke sona seo Satane a neng a se lumela. Jobo e ne e le mang, hona ho tlile joang hore a amehe pelaelong ee ea Satane?

7, 8. (a) Ke’ng se ileng sa etsa hore Jobo e be motho ea ikhethang har’a batho ba mehleng ea hae? (b) Satane o ile a belaella sepheo sa Jobo joang?

7 Jobo o phetse lilemong tse ka bang 3 600 tse fetileng. E ne e le motho ea molemo, kaha Jehova o ile a re: “Ha ho ea joaloka eena lefatšeng, monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” (Jobo 1:8) Jobo o ne a khahlisa Molimo.

8 Satane o ile a belaella sepheo seo Jobo a sebeletsang Molimo ka sona. Diabolose o ile a re ho Jehova: “Na ha ua hloma lekhoakhoa ho [potoloha Jobo] ka hohle le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona? U hlohonolofalitse mosebetsi oa matsoho a hae, ’me liphoofolo tsa hae tse ruiloeng li hasane hohle lefatšeng. Empa, ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:10, 11.

9. Jehova o ile a araba Satane joang ka seo a neng a belaela ka sona, hona hobane’ng?

9 Kahoo Satane o ile a pheha khang ea hore Jobo o sebeletsa Molimo hobane feela a fumana moputso o itseng. Diabolose o ile a boela a pheha khang ea hore ha Jobo a ka lekoa, o tla furalla Molimo. Jehova o ile a araba Satane joang ka pelaelo eo ea hae? Kaha tseko e ne e le mabapi le sepheo seo Jobo a etsang lintho ka sona, Jehova o ile a lumella Satane hore a leke Jobo. Ka tsela ena, ho ne ho tla bonahala ka ho hlaka hore na Jobo o rata Molimo kapa che.

JOBO OA LEKOA

10. Jobo o ile a tleloa ke liteko life, hona o ile a etsa’ng?

10 Nakoana ka mor’a moo Satane o ile a leka Jobo ka litsela tse sa tšoaneng. Liphoofolo tse ling tsa Jobo li ile tsa utsuoa, ’me tse ling tsa bolaoa. Bahlanka ba hae ba bangata ba ile ba bolaoa. Sena se ile sa mo thefula moruong. Jobo o ile a oeloa ke tlokotsi e ’ngoe ha sefefo se bolaea bana ba hae ba leshome. Le hoja Jobo a ile a etsahalloa ke lintho tsena tse utloisang bohloko, “ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.”—Jobo 1:22.

11. (a) Satane o ile a hlahisa qoso efe hape ka Jobo, hona Jehova o ile a etsa’ng? (b) Jobo o ile a etsa’ng ha a kula a tšoeroe ke boloetse bo bohloko?

11 Satane ha aa ka a tela. E tlameha ebe o ile a nahana hore le hoja Jobo a mamelletse ho lahleheloa ke matlotlo hammoho le bahlanka ba hae le bana ba hae, o tla furalla Molimo haeba a kula. Jehova o ile a lumella Satane hore a otle Jobo ka boloetse bo tšabehang, bo bohloko. Empa le seo ha sea ka sa etsa hore Jobo a felloe ke tumelo. Ho e-na le hoo, o ile a re ka tieo: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”—Jobo 27:5.

Jobo o ile a putsoa hobane o ile a lula a tšepahala

12. Jobo o ile a etsa’ng mabapi le seo Diabolose a neng a belaela ka sona?

12 Jobo o ne a sa tsebe hore ke Satane ea mo bakelang mathata. Kaha Jobo o ne a sa tsebe lintlha tsohle tse amehang tseo Diabolose a belaellang bobusi ba Jehova ka tsona, o ile a tšoha hore Molimo ke eena ea mo bakelang mathata. (Jobo 6:4; 16:11-14) Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahala ho Jehova. Ho tšepahala ha Jobo ho ile ha paka ka ho feletseng hore Satane o leshano ha a hlahisa qoso ea hore Jobo o sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati!

13. Ho ile ha etsahala’ng ka lebaka la botšepehi ba Jobo ho Molimo?

13 Botšepehi ba Jobo bo ile ba fa Jehova karabo e matla qosong ea Satane e nyelisang. Ka sebele Jobo e ne e le motsoalle oa Jehova, ’me Molimo o ile a mo putsa hobane o ile a lula a tšepahala.—Jobo 42:12-17.

KAMOO U AMEHANG KATENG

14, 15. Ke hobane’ng ha re ka re seo Satane a neng a belaela ka sona mabapi le Jobo se ama batho bohle?

14 Tseko eo Satane a ileng a e hlahisa ea ho tšepahala ho Molimo e ne e sa toba Jobo feela. Le uena ua ameha. Sena se bonahala ka ho hlaka ho Liproverbia 27:11, moo Lentsoe la Jehova le reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” Mantsoe ana, a ngotsoeng lilemo tse makholo Jobo a se a shoele, a bontša hore Satane o ne a ntse a nyelisa Molimo a bile a qosa bahlanka ba Hae. Ha re phela ka tsela e khahlisang Jehova, re thusa ho fana ka karabo liqosong tsa Satane tsa bohata, ’me ka tsela eo re thabisa pelo ea Molimo. U ikutloa joang ka seo? Na u ke ke ua thabela ho ba le seabo ho arabeleng liqoso tsa Diabolose tsa bohata, esita le haeba seo se bolela hore u lokela ho etsa liphetoho tse itseng bophelong ba hao?

15 Hlokomela hore Satane o ile a re: “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:4) Ha Satane a re “motho,” seo se ile sa hlakisa hore o ne a sa qose Jobo feela empa o ne a qosa batho bohle. Ntlha eo ke ea bohlokoa haholo. Satane o belaella botšepehi ba hao ho Molimo. Diabolose o rata ho bona u sa mamele Molimo ’me u furalla tsela e lokileng ha mathata a hlaha. Satane a ka ’na a leka ho finyella see joang?

16. (a) Satane o sebelisa litsela life ho leka ho etsa hore batho ba furalle Molimo? (b) Diabolose a ka ’na a sebelisa litsela tsee joang ho uena?

16 Joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 10, Satane o sebelisa litsela tse sa tšoaneng ho leka ho etsa hore batho ba furalle Molimo. Ka lehlakoreng le leng, o hlasela “joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Kahoo tšusumetso ea Satane e ka ’na ea bonahala ha metsoalle, beng ka uena, kapa ba bang ba hanyetsa boiteko ba hao ba ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo u ithutang sona. * (Johanne 15:19, 20) Ka lehlakoreng le leng, Satane “o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14) Diabolose a ka sebelisa litsela tse poteletseng ho u khelosa le ho u hohela hore u khelohe tsela ea bophelo e khahlisang Molimo. Hape a ka sebelisa ho nyahama, mohlomong a etse hore u ikutloe eka u ke ke ua finyella seo Molimo a se hlokang e le hore u mo khahlise. (Liproverbia 24:10) Ebang Satane o iketsa “tau e purumang” kapa o ikhakanya joaloka “lengeloi la leseli,” o ntse a belaela ka ntho e le ’ngoe: O re ha u tobane le liteko, u tla khaotsa ho sebeletsa Molimo. U ka arabela joang pelaelo eo ea hae ’me ua ipaka u tšepahala ho Molimo, joaloka Jobo?

HO MAMELA LITAELO TSA JEHOVA

17. Lebaka le ka sehloohong la ho mamela litaelo tsa Jehova ke lefe?

17 U ka araba pelaelo ea Satane ka hore u phele ka tsela e khahlisang Molimo. Seo se akarelletsa eng? Bibele ea araba: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5) Ha lerato la hao ho Molimo le ntse le hōla, u tla ba le takatso ea ho etsa seo a batlang hore u se etse. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” Haeba u rata Jehova ka pelo ea hao eohle, u tla fumana hore “litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

18, 19. (a) Litaelo tse ling tsa Jehova ke life? (Bona lebokose le leqepheng la 122.) (b) Re tseba joang hore Molimo ha aa lebella hore re etse se ka holimo ho matla a rōna?

18 Litaelo tsa Jehova ke life? Tse ling tsa tsona li ama boitšoaro boo re lokelang ho bo qoba. Ka mohlala, bona  lebokose le leqepheng la 122, le nang le sehlooho se reng “Qoba Seo Jehova a se Hloileng.” Moo u tla fumana lethathamo la liketso tseo Bibele e li nyatsang ka ho toba. Qalong, tse ling tsa lintho tse thathamisitsoeng moo li ka ’na tsa bonahala li se mpe hakaalo. Empa ha u se u nahanisisa ka litemana tse bontšitsoeng moo, mohlomong u tla bona bohlale ba melao ea Jehova. Ho etsa liphetoho boitšoarong ba hao e ka ’na ea e-ba e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo u lokelang ho li etsa. Empa ho phela ka tsela e khahlisang Molimo ho tlisa khotsofalo le thabo e khōlō. (Esaia 48:17, 18) Ebile ke seo u ka khonang ho se etsa. Re tseba seo joang?

19 Ha ho mohla Jehova a lebellang hore re etse se ka holimo ho matla a rōna. (Deuteronoma 30:11-14) O tseba seo re ka se khonang ebile o tseba mefokolo ea rōna ho re feta. (Pesaleme ea 103:14) Ho feta moo, Jehova a ka re fa matla a hore re mo mamele. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Jehova a ka ba a u thusa hore u mamelle ka hore a u fe “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Ka mor’a ho mamella liteko tse ngata, Pauluse o ne a ka re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.

HO HLAOLELA LITŠOBOTSI TSE KHAHLISANG MOLIMO

20. U lokela ho hlaolela litšobotsi life tse khahlisang Molimo, hona ke hobane’ng ha litšobotsi tsee e le tsa bohlokoa?

20 Ke ’nete hore ho khahlisa Jehova ha ho bolele feela ho qoba lintho tseo a li hloileng. Ho boetse ho hlokahala hore u rate seo a se ratang. (Baroma 12:9) Na ha u thabele ho ba haufi le batho bao u bonang lintho ka tsela e tšoanang le bona, bao le thahasellang lintho tse tšoanang le bao le lumelang melao-motheo e tšoanang? Jehova le eena o joalo. Kahoo ithute ho rata lintho tseo Jehova a li ratang. Tse ling tsa tsona li hlalositsoe ho Pesaleme ea 15:1-5, moo re balang ka bao Molimo a ba nkang e le metsoalle ea hae. Metsoalle ea Jehova e bonahatsa seo Bibele e se bitsang “litholoana tsa moea.” Litholoana tseo li akarelletsa litšobotsi tse kang “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagalata 5:22, 23.

21. Ke’ng se tla u thusa ho hlaolela litšobotsi tse khahlisang Molimo?

21 Ho bala Bibele le ho ithuta eona kamehla ho tla u thusa hore u hlaolele litšobotsi tse khahlisang Molimo. Ho ithuta seo Molimo a se hlokang ho tla u thusa hore u lumellanye monahano oa hao le monahano oa Molimo. (Esaia 30:20, 21) Ha u ntse u matlafatsa lerato la hao ho Jehova, u tla ba le takatso e matla ea ho phela ka tsela e khahlisang Molimo.

22. U tla finyella eng haeba u phela ka tsela e khahlisang Molimo?

22 Ho phela ka tsela e khahlisang Jehova ho hloka boiteko. Bibele e tšoantša ho fetola bophelo ba hao le ho hlobola botho ba khale ’me u apara bo bocha. (Bakolose 3:9, 10) Mopesaleme o ile a ngola ka litaelo tsa Jehova a re: “Ho li boloka ho na le moputso o moholo.” (Pesaleme ea 19:11) Le uena u tla bona hore ho phela ka tsela e khahlisang Molimo ho putsa haholo. Ka ho etsa joalo, u tla fana ka karabo pelaelong ea Satane ’me u tla thabisa pelo ea Jehova!

^ ser. 16 Sena ha se bolele hore batho ba u hanyetsang ba laoloa ke Satane ka ho toba. Empa Satane ke molimo oa tsamaiso ena ea lintho, ’me lefatše lohle le rapaletse matleng a hae. (2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Kahoo re ka lebella hore batho ba bangata ba ke ke ba rata hore u phele ka tsela e khahlisang Molimo, ebile ba bang ba tla u hanyetsa.