Fetela boitsebisong

Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?

Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?

Na u nahana hore ke . . .

  • lerato?

  • chelete?

  • kapa ke ntho e ’ngoe?

BIBELE EONA E RE’NG?

“Ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”—Luka 11:28, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

HO TSEBA SEE HO KA U THUSA JOANG?

U ka fumana lerato la ’nete.—Baefese 5:28, 29.

U ka thabela tlhompho ea sebele.—Baefese 5:33.

U ka ba le tšireletseho ea ’nete.—Mareka 10:6-9.

NA RE KA LUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabeli:

  • Molimo ke Moqapi oa lelapa. Bibele e re ‘lelapa le leng le le leng le teng ka lebaka la’ Jehova Molimo. (Baefese 3:14, 15) Ka mantsoe a mang, lelapa le teng hobane Jehova e le eena ea le qapileng. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

    Nahana ka sena: Ha re re u ja lijo tse hlabosang ’me u batla ho tseba hore na li entsoe joang, u ne u tla botsa mang? Ke ho utloahalang ho botsa motho ea li phehileng.

    Ka ho tšoanang, e le hore re fumane se etsang hore lelapa e be le thabileng, re lokela ho botsa Jehova, Moqapi oa lelapa.—Genese 2:18-24.

  • Molimo oa le tsotella. Malapa a lokela ho batla tataiso ea Jehova, eo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae. Hobane’ng? “Hobane oa le tsotella.” (1 Petrose 5:6, 7) Jehova o le batlela se molemo ’me kamehla keletso ea hae ea sebetsa.—Liproverbia 3:5, 6; Esaia 48:17,18.

U KA ’NA OA IPOTSA

U ka ba monna, mosali, kapa motsoali ea molemo joang?

Bibele e araba potso ena ho BAEFESE 5:1, 2 le ho BAKOLOSE 3:18-21.