Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Thuswa ke Eng Hore O Tlwaele Phutheho e Ntjha?

O ka Thuswa ke Eng Hore O Tlwaele Phutheho e Ntjha?

NA O kile wa fallela phuthehong e ntjha? Haeba ho jwalo, mohlomong o tla dumellana le Jean-Charles, ya reng: “Ha wena le ba lelapa la hao le fallela phuthehong e ntjha, ho ba thata hore le tlwaele phutheho eo. Ka nako e tshwanang o tlameha hore o etse bonnete ba hore ba lelapa la hao kaofela ba dula ba ena le kamano e matla le Jehova.” Ho ekelletsa moo, ha o falla o ka nna wa tlameha hore o batle mosebetsi o motjha, moo le tla dula teng, mohlomong o batlele bana ba hao moo ba tla kena sekolo teng, o tlwaelane le maemo a lehodimo, setso sa moo le tshimo ya teng.

Nicolas le Cédine ba ile ba teana le bothata bo fapaneng. Ba ile ba amohela kabelo e neng e tswa lekaleng la Fora ya hore ba ye phuthehong e ntjha. Ba re: “Qalong re ne re thabile haholo empa re ile ra qala ho hopola metswalle ya rona. Re ne re eso ka re tlwaelana haholo le bara le baradi ba bo rona ba phutheho e ntjha.” a Ka ha ho ka ba boima, o ka etsang hore o thabe le hore o atlehe phuthehong eo e ntjha? Ba bang ba ka etsang ho o thusa? Hape batho ba bang ba ka o kgothatsa jwang mme wena o ka ba kgothatsa jwang?

MELAOMOTHEO E MENE E KA O THUSANG HORE O TLWAELE PHUTHEHO E NTJHA

Itshetlehe ka Jehova

1. Itshetlehe ka Jehova. (Pes. 37:5) Kazumi ya dulang Japane, o ile a tloha phuthehong eo a neng a kopanela ho yona ka dilemo tse 20 ha mohatsa wa hae a ne a fumana mosebetsi sebakeng se seng. O ile a “tsebisa Jehova tsela ya [hae]” jwang? O re: “Ke ile ka tshollela pelo ya ka ho Jehova, ka mo bolella ka moo ke tshohileng ka teng le ka moo ho leng bodutu ka teng. Nako e nngwe le e nngwe ha ke bua le Jehova, o ne a mpha matla ao ke a hlokang.”

O ka itshetleha ka Jehova haholwanyane jwang? Semela se hloka metsi le dimatlafatsi tse tswang mobung hore se kgone ho hola. Ka tsela e tshwanang, tumelo ya rona e hloka metsi le dimatlafatsi tsa tshwantshetso hore e kgone ho ba matla. Nicolas eo re buileng ka yena o re ho nahanisisa ka mohlala wa Abrahama, Jesu le Pauluse e leng banna ba ileng ba itella ho etsa thato ya Modimo, ho ile ha etsa hore a kgodisehe le ho feta hore Jehova o tla mo tshehetsa. Ho bala Bibele ka mehla ho tla o thusa hore o sebetsane le mathata bophelong hape ho tla o thusa hore o kgothatse batho ba bang phuthehong e ntjha ka dintho tseo o ithutileng tsona Bibeleng.

O se ke wa bapisa diphutheho

2. O se ke wa bapisa phutheho e ntjha le ya kgale. (Moek. 7:10) Ha Jules a tloha Benin a fallela Amerika, o ile a tlameha ho tlwaela setso se fapaneng hole le sa hae. O re: “Ke ne ke utlwa eka ke tlameha ho bolella motho e mong le e mong eo ke kopanang le yena ka bophelo ba ka.” Ka hoo, o ile a qala ho itshehla thajana hobane ntho ena e ne e fapane hole le seo a se tlwaetseng. Le ha ho le jwalo, ka mora hore a tsebe bara le baradi ba bo rona, o ile a fetola tsela eo a nahanang ka yona. O re: “Batho ba a itshwanela hohle lefatsheng. Empa feela ba bua le ho etsa dintho ka ditsela tse fapaneng. Ho molemo hore re amohele batho ka tsela eo ba leng ka yona.” Ka hoo, qoba ho bapisa phutheho e ntjha eo o leng ho yona le ya kgale. Moradi wa bo rona wa pulamadiboho, Anne-Lise, o re: “Ke falleletse sebakeng se seng hobane ke batla ho ithuta dintho tse ntjha, eseng hobane ke ne ke tshepa hore ke tla fumana dintho di tswana hantle le tsa moo ke tswang teng.”

Baholo le bona ba lokela ho qoba ho bapisa phutheho eo ba tswang ho yona le e ntjha. Hobane feela dintho di etswa ka tsela e fapaneng le eo di neng di etswa ka yona phuthehong eo o neng o le ho yona, ha ho bolele hore di fosahetse. Ho molemo hore o ithute dintho pele o ka tla ka ditlhahiso. (Moek. 3:​1, 7b) E ka ba hantle hore o behele bara ba bo rona mohlala ho ena le ho ba qobella hore ba nahane jwalo ka wena.—2 Bakor. 1:24.

Phathahana

3. Phathahana phuthehong ya hao e ntjha. (Bafil. 1:27) Le hoja ho fallela sebakeng se seng ho hloka nako e ngata ebile ho se bonolo, ho bohlokwa hore o ye dibokeng ka seqo phuthehong ya hao e ntjha haeba ho kgoneha mme o etse seo hanghang. Bara le baradi beno ba phutheho e ntjha ba tla o thusa jwang haeba ho se na mohla ba o bonang kapa ba o bona sewelo? Moradi wa bo rona Lucinda ya ileng a fallela toropong e kgolo Afrika Borwa le baradi ba hae ba babedi, o re: “Metswalle ya ka e ile ya nkeletsa hore ke amehe haholo ka ho tlwaelana le batho ka phuthehong, ho sebetsa le bona tshimong le ho arabe dibokeng. Re ile ra boela ra dumella bara le baradi ba bo rona hore ba sebedise ntlo ya rona bakeng sa diboka tsa tshimo.”

Ho “tshehetsana” le bara le baradi beno ba phutheho e ntjha ha le etsa mesebetsi ya phutheho, ke tsela e ntle haholo ya ho kenya letsoho ‘tumelong ditabeng tse monate.’ Baholo ba ile ba kgothalletsa Anne-Lise, eo re buileng ka yena pejana, hore a leke ho ya tshimong le motho e mong le e mong ka phuthehong. Phello e ile ya eba efe? O re: “Kapelepele ke ile ka hlokomela hore ena ke yona tsela ya hore ke ikutlwe ke le karolo ya phutheho.” Hape ha o ithaopela hore o etse dintho tse kang ho hlwekisa Holo ya Mmuso le ho e hlokomela, seo se bontsha bara le baradi beno hore o nka phutheho ena e se e le ya heno. Ha o ntse o tswela pele ho nka karolo mesebetsing ena, bara le baradi beno ba tla o tlwaela mme le wena o tla ikutlwa o le karolo ya lelapa leno le letjha.

Etsa metswalle e metjha

4. Etsa metswalle e metjha. (2 Bakor. 6:​11-13) Mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho etsa metswalle ke hore o be motho wa batho. Ka hoo, iphe nako pele diboka di qala le ka mora tsona mme o qoqe le batho ba bang e le hore o ba tsebe haholwanyane. Etsa boiteko ba hore o tsebe mabitso a bona. Ho hopola mabitso a batho le ho ba botswalle, ho tla etsa hore ba batle hore ba o tsebe haholwanyane mme seo se tla etsa hore le tlwaelane mme le be metswalle.

Ho ena le hore o iketse seo o seng sona e le hore batho ba o rate, e ba motho eo o hlileng o leng yena e le hore bara le baradi beno ba tle ba o tsebe hantle hore na o mang. Etsisa Moradi wa bo rona Lucinda ya ileng a re ba se ba ena le metswalle e haufiufi hobane ba ile ba etsa boiteko ba hore ba meme batho ba bang ha bona.

“AMOHELANANG”

Batho ba bang ba a tshoha ha ba fihla Holong ya Mmuso mme ba fumana ho tletse batho bao ba sa ba tsebeng. Ka hoo, o ka thusa batho ba a ba batjha jwang hore ba phutholohe? Moapostola Pauluse o ile a re: “Amohelanang feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a le amohela.” (Bar. 15:7) Baholo ba ka etsisa Kreste ka hore ba thuse batho ba batjha hore ba ikutlwe ba amohelehile. (Sheba lebokose le reng “ Dintho Tseo o ka di Etsang e le Hore ho Falla ho se ke ha Eba Boima.”) Le ha ho le jwalo, batho bohle ka phuthehong ho akarelletsa le bana, ba ka etsa hore batho ba batjha ba ikutlwe ba amohelehile.

Ke ntho e ntle ho amohela batho ba bang ka hore o ba memele lelapeng la hao, empa o ka boela wa ba thusa le ka dintho tseo ba di hlokang. Ka mohlala, moradi wa bo rona e mong o ile a tela nako ya hae hore a bontshe moradi wa bo rona ya fihlang toropo le moo dipalangwang tsa setjhaba di fumanehang teng. Moradi wa bo rona enwa ya fihlang o ile a thaba haholo ka kamohelo e mofuthu eo a ileng a e fuwa mme sena se ile sa mo thusa hore a tlwaele sebaka seo kapele.

MONYETLA WA HO HOLA TUMELONG

Tsie ha e ntse e hola e sola letlalo la yona ka makgetlo a mangata e le hore e tle e qetelle e kgona ho fofa. Ka tsela e tshwanang, ha o fallela phuthehong e ntjha, o lokela hore o tlohele dintho tse o tshwenyang tse ka o thibelang hore o ntlafatse ha o ntse o sebeletsa Jehova. Nicolas le Céline ba re: “Ho falla ho a o kwetlisa hobane hore o tlwaele batho ba batjha le sebaka se setjha, o lokela hore o be le makgabane a matjha.” Jean-Charles, eo re buileng ka yena, o bua ka moo lelapa la hae le ileng la thuseha ka teng. O re: “Ho fallela phuthehong e ntjha ho thusitse bana ba rona hore ba hole moyeng le ho ba haufi le Jehova. Ka mora dikgwedi tse mmalwa feela, moradi wa rona o ile a qala ho beha dipuo dibokeng tsa hara beke, mme mora wa rona yena e ile ya e-ba mohweletsi ya sa kolobetswang.”

O ka etsang haeba maemo a hao ha a o dumelle hore o fallele phuthehong e nngwe, mohlomong ho ya tlhokahalong? O ka sebedisa tse ding tsa ditlhahiso tse sehloohong sena hore o etse eka phutheho eo o leng ho yona e ntjha. Ha o ntse o itshetlehile ka Jehova, phathahana ka dintho tseo o ka di etsang ka phuthehong, ka hore o etse ditokisetso tsa ho sebetsa le batho ba bang tshimong, ho ba le metswalle e metjha le ho matlafatsa setswalle seo o seng o ntse o ena le sona le ba bang. Hape o ka ithaopela ho thusa batho ba batjha ka phuthehong kapa ba hlokang ka dintho tseo ba di hlokang. Ka ha Bakreste ba nnete ba tsebahala ka lerato, ho thusa batho ba bang ho tla etsa hore o atamele haufi le Jehova. (Joh. 13:35) O ka kgodiseha hore “Modimo o thabiswa ke mahlabelo a jwalo.”—Baheb. 13:16.

Le hoja ho falla e ka ba ntho e thata, Bakreste ba bangata ba ile ba thaba le ho atleha ha ba fihla diphuthehong tse ntjha. Le wena o ka kgona! Anne-Lise o re: “Ho ya phuthehong e nngwe ho nthusitse hore ke eketse lerato leo ke ratang batho ka lona.” Hona jwale Kazumi o kgodisehile hore ho falla “ho etsa hore o bone ha Jehova a o thusa ka ditsela tseo o neng o sa di lebella.” Jules yena o ikutlwa jwang? O re: “Metswalle ya ka e metjha e nthusitse hore ke ikutlwe ke amohelehile. Hona jwale ke ikutlwa ke le karolo ya phutheho ena hoo ho ka bang thata hore ke falle.”

a Sheba sehlooho se reng “Ho Sebetsana le ho Hlolohelwa Hae Tshebeletsong ya Modimo” se ho Molula-Qhooa wa May 15, 1994, hore o fumane dintlha tse ding.