Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTHO TSEO O KA DI BATLISISANG

Ithute ka Tsela e Tla Etsa Hore o Dule o Fadimehile

Ithute ka Tsela e Tla Etsa Hore o Dule o Fadimehile

Bala Daniele 9:​1-19 e le hore o bone bohlokwa ba ho ithuta ka ho tebileng.

Ithute haholwanyane ka dintlha tse potolohileng taba. Ke diketsahalo dife tse neng di sa tswa etsahala, hona di ile tsa tshwara Daniele jwang? (Dan. 5:29–6:5) Hoja o ne o le Daniele, o ne o tla ikutlwa jwang?

Etsa dipatlisiso. E ka nna yaba Daniele o ile a hlahloba ‘dibuka dife tse halalelang’? (Dan. 9:​2, nal.; w11 1/1 22 ¶2) Ke hobaneng ha Daniele a ile a bolela dibe tsa hae ha mmoho le tsa setjhaba sa Iseraele? (Lev. 26:​39-42; 1 Mar. 8:​46-50; dp 182-184) Thapelo ya Daniele e bontsha jwang hore e ne e le moithuti ya kgothetseng wa Lentswe la Modimo?—Dan. 9:​11-13.

Nahana ka dintho tseo o ithutileng tsona. Ipotse:

  • ‘Nka etsang e le hore ke qobe ho kgeloswa ke diketsahalo tsa lefatshe?’ (Mik. 7:7)

  • ‘Ke tla rua molemo ofe ha nka kgothalla ho ithuta Lentswe la Modimo jwalo ka Daniele?’ (w04 8/1 12 ¶17)

  • ‘Ke dihlooho dife tseo nka ithutang tsona tse tla nthusa hore ke ‘dule ke fadimehile’?’ (Mat. 24:​42, 44; w12 8/15 5 ¶7-8)