Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Left: Yasser Qudaih/Anadolu via Getty Images; right: RONALDO SCHEMIDT/AFP via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e re Dintwa Tse Ntseng di Etsahala Hona Jwale di Tla Fela Neng?

Bibele e re Dintwa Tse Ntseng di Etsahala Hona Jwale di Tla Fela Neng?

 Ka Moqebelo wa la 13 April 2024, Mongodi Kakaretso wa Matjhaba a Kopaneng e leng António Guterres o ile a bua mantswe a latelang ha a ne a bua ka tlhaselo ya naha ya Iran ho Iseraele: “Ena ke nako ya ho beha marumo fatshe. Ke nako ya ho etsa sohle ho ithiba e le ho qoba ntwa.”

 Ntwa e ntseng e kupa Botjhabela bo Hare ke mohlala feela wa se etsahalang lefatsheng lohle.

 Ka la 26 January 2023 Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng le ile la re: “Hona jwale ho na le dintwa tse ngata ho feta tse etsahetseng ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe mme di amme batho ba ka bang dibilione tse pedi.”

 Dinaha tse anngweng ke dintwa tsena ke Iseraele, Gaza, Siria, Azerbaijan, Ukraine, Sudan, Ethiopia, Niger, Myanmar le Haiti. a

 Dintwa tsee di tla fela neng? Na baetapele ba lefatshe ba ka tlisa kgotso? Bibele e reng ka taba ee?

Ho tletse dintwa lefatsheng

 Dintwa tse etsahalang lefatsheng di phethahatsa boprofeta ba Bibele bo buang ka mehla eo re phelang ho yona kajeno. Bibele e re dintwa tse etsahalang di bontsha ‘hore lefatshe lena le a fela.’​—Matheu 24:3.

  •   “Le tla utlwela ka dintwa le ditlaleho tsa dintwa. . . . Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.”​—Matheu 24:​6, 7.

 Ho bona ka moo dintwa di phethahatsang boprofeta ba Bibele ka teng, bala sehlooho se reng: “Keng e Bontshang “Hore Lefatshe Lee le a Fela”?

Ntwa e tla fedisa dintwa tsohle

 Bibele e ile ya bolela esale pele hore dintwa di tla fela. Seo se tla etsahala jwang? Dintwa di ke ke tsa fediswa ke batho empa di tla fediswa ka Armagedone e leng “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.”(Tshenolo 16:​14, 16) Ka mora ntwa ena, Modimo o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng le nang le kgotso.​—Pesaleme ya 37:​10, 11, 29.

 Ho ithuta ka ho eketsehileng ka hore na ntwa ya Modimo e tla fedisa dintwa tse ding jwang, bala sehlooho se reng: “Ntwa ya Armagedone Keng?

a Tlaleho ya January 2024 ya ACLED Conflict Index e reng “Ranking violent conflict levels across the world