Feta

Ntwa ya Armagedone Keng?

Ntwa ya Armagedone Keng?

Karabo ya Bibele

 Armagedone ke ntwa ya makgaolakgang e pakeng tsa mebuso ya batho le Modimo. Mebuso ena le ba e tshehetsang e tswela pele ho hanyetsa Modimo ka ho hana ho ikokobelletsa bobusi ba hae. (Pesaleme ya 2:2) Ntwa ya Armagedone e tla fedisa mebuso ya batho.​—Daniele 2:44.

 Lentswe “Armagedone” le hlaha ha nngwe feela ka Bibeleng, ho Tšenolo 16:16. Ka tsela ya boprofeta, Tšenolo e bontsha hore “marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona” a tla ‘bokellelwa ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla ohle’ “sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Har–Magedone.”​—Tšenolo 16:14.

 Ke mang ya tla lwana ka Armagedone? Jesu Kreste o tla etella pele lebotho la lehodimo hore le hlole dira tsa Modimo. (Tšenolo 19:11-​16, 19-21) Dira tsena di akarelletsa batho ba hanyetsang bobusi ba Modimo le ba mo nyedisang.​—Ezekiele 39:7.

 Na ntwa ya Armagedone e tla lwanelwa Botjhabela bo Hare? Tjhe. Ntwa ya Armagedone e ke ke ya lwanwa sebakeng se le seng, empa e tla lwanwa lefatsheng ka bophara.​—Jeremia 25:32-​34; Ezekiele 39:17-​20.

 Armagedone, eo ka dinako tse ding e fetolelwang e le “Har–Magedone” (ka Seheberu ke Har Meghiddohnʹ), e bolela “Thaba ya Megido.” Megido ke motse o kileng wa ba dibakeng tsa Iseraele ya boholoholo. Ho ya ka histori, ho na le dintwa tsa makgaolakgang tse ileng tsa lwanelwa sebakeng seo, ho akarelletsa le tse ding tse tlalehilweng ka Bibeleng. (Baahlodi 5:​19, 20; 2 Marena 9:​27; 23:29) Le ha ho le jwalo, Armagedone ha e bolele sebaka se itseng ka ho kgetheha se neng se le pela Megido ya boholoholo. Ha ho na thaba e kgolo sebakeng seo, ebile karolo yohle ya Kgohlo ya Jezriele e ne e ke ke ya lekana batho bohle ba tla lwantsha Modimo. Ho e na le hoo, Armagedone ke ntwa ya lefatshe lohle eo ho yona ditjhaba di tla be di ikopantse ka lekgetlo la ho qetela kgahlanong le Modimo.

 Ho tla ba jwang nakong ya ntwa ya Armagedone? Le hoja re sa tsebe hore na Modimo o tla sebedisa matla a hae jwang, o tla be a na le dibetsa tse kang tseo a neng a di sebedisa nakong e fetileng​—tse kang sefako, ditshisinyeho tsa lefatshe, pula ya ditlwebelele, mollo le sebabole, lehadima le mafu a sewa. (Jobo 38:22, 23; Ezekiele 38:19, 22; Habakuke 3:​10, 11; Zakaria 14:12) Dira tse ding tsa Modimo di tla bolayana ka lebaka la ho ferekana empa qetellong di tla hlokomela hore ke Modimo ya di lwantshang.​—Ezekiele 38:21, 23; Zakaria 14:13.

 Na ntwa ya Armagedone e tla ba bofelo ba lefatshe? E ke ke ya eba bofelo ba polanete ya rona, ka ha lefatshe ke lehae la batho ka ho sa feleng. (Pesaleme ya 37:29; 96:10; Moeklesia 1:4) Ntwa ya Armagedone e ke ke ya fedisa moloko ohle wa batho, empa e tla o boloka, hobane “bongata bo boholo” ba bahlanka ba Modimo bo tla pholoha.​—Tšenolo 7:​9, 14; Pesaleme ya 37:34.

 Ka dinako tse ding ka Bibeleng, lentswe “lefatshe” le sebediswa ha ho buuwa ka batho ba kgopo ba hanyetsang Modimo. (1 Johanne 2:​15-​17) Ka kutlwisiso ena, ntwa ya Armagedone e tla ba “ho fela ha lefatshe.”​—Matheu 24:3, Bibele ya Sesotho.

 Ntwa ya Armagedone e tla qala neng? Ha Jesu a ne a hlalosa “matshwenyeho a maholo” a tla etella pele ntwa ya Armagedone, o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, le ha e le mangeloi a mahodimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:21, 36) Le ha ho le jwalo, Bibele e bontsha hore ntwa ya Armagedone e tla qala nakong ya ho ba teng ha Jesu ho sa bonahaleng, e leng nako e qadileng ka 1914.​—Matheu 24:37-​39.