Feta

Mmuso wa Modimo Keng?

Mmuso wa Modimo Keng?

Na o ne o ka re ke . . .

  • ntho e ka pelong ya hao?

  • mokgabo puo?

  • mmuso o lehodimong?

BIBELE YONA E RENG?

“Modimo wa lehodimo o tla emisa mmuso o ke keng wa senngwa le ka mohla.”​—Daniele 2:44, Phetolelo ea Lefatše le Lecha

“Re filwe mora; mme puso ya bohosana e tla ba lehetleng la hae.”​—Esaia 9:6. Mongolo o botlaseng ba leqephe

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

  • Mmuso o lokileng o ka o tswelang molemo.​—Esaia 48:17, 18.

  • Lefatsheng le letjha le tlang, bophelo e tla ba bo phethahetseng le bo thabisang.​—Tšenolo 21:3, 4.

NA KA SEBELE RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Jesu o ile a bontsha hore Mmuso wa Modimo o tla re etsetsang. Jesu o ile a ruta balatedi ba hae ho rapella Mmuso wa Modimo hore o tle le hore thato ya Modimo e etswe lefatsheng. (Matheu 6:9, 10) Jesu o ile a bontsha hore thapelo eo e tla arajwa jwang.

    Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a fa ba lapileng dijo, a fodisa ba kulang a ba a tsosa le bafu! (Matheu 15:29-38; Johanne 11:38-44) Jwalo ka Morena Mmusong wa Modimo, Jesu o ile a re bontsha seo Mmuso oo o tla se etsetsa batho.​—Tšenolo 11:15.

  • Maemo a teng lefatsheng, a netefatsa hore Mmuso wa Modimo o haufinyane. Jesu o ile a bolela esale pele hore nakwana pele Mmuso oo o tlisa kgotso lefatsheng, ho ne ho tla ba le dintwa, ditlala le ditshisinyeho tsa lefatshe.​—Matheu 24:3, 7.

    Dintho tsena di a etsahala kajeno. Kahoo re kgodisehile hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla fedisa mathata ao kaofela.

O KA NNA WA IPOTSA

Bophelo bo tla ba jwang ha Mmuso wa Modimo o se o busa?

Bibele e araba potso ena ho PESALEME YA 37:29 le ho ESAIA 65:21-23.