Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 9

Na ke Lokela ho Dumela Hore Dintho di Ikentse?

Na ke Lokela ho Dumela Hore Dintho di Ikentse?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Haeba ke nnete hore dintho di ikentse, seo se bolela hore bophelo ha bo na morero. Haeba ke nnete hore dintho di bopilwe, re ka fumana dikarabo tse kgotsofatsang tsa dipotso tseo re ipotsang tsona ka bophelo le bokamoso.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: Alex o ferekane. Haesale a dumela ho Modimo le hore dintho di bopilwe. Empa kajeno titjhere ya hae ya baeloji e re thuto ya hore dintho di ikentse ke nnete, le hore e tshehetswa ke dipatlisiso tse entsweng ke borasaense. Alex ha a batle ho bonahala eka ke sethoto. O re: ‘Ebile haeba dipatlisiso tsa borasaense di bontsha hore thuto ya hore dintho di ikentse ke nnete, nna ke mang hore nka ba hanyetsa?’

Haeba e ne e le wena, na o ne o tla dumela thuto ya hore dintho di ikentse hobane feela dibuka tsa sekolo di re ke nnete?

NAHANISISA HANTLE!

Batho ba bohlokwa ba potlakela ho dumela ntho e itseng, empa ba sa tsebe hore na ke hobaneng ha ba e dumela.

  • Batho ba bang ba dumela hore dintho di bopilwe hobane feela ba rutilwe seo kerekeng.

  • Batho ba bang ba dumela hore dintho di ikentse hobane feela ba rutilwe seo sekolong.

DIPOTSO TSE TSHELETSENG TSEO O LOKELANG HO NAHANA KA TSONA

Bibele e re: “Ntlo e nngwe le e nngwe e hahwa ke motho ya itseng, empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo.” (Baheberu 3:4) Na ho a utlwahala ho dumela seo?

Ho dumela hore ha ho na motho ya bopileng dintho tse phelang, ho tshwana le ho dumela hore ha ho na motho ya hahileng ntlo ena

SEO BATHO BA SE BUANG: Dintho tsohle di bile teng ka lebaka la ho phatloha ho hoholo.

1. Ke eng kapa ke mang ya bakileng ho phatloha hoo?

2. Ke taba efe e utlwahalang—hore dintho tsohle di ikentse kapa hore ho na le motho ya di entseng?

SEO BATHO BA SE BUANG: Batho ba tswa diphoofolong.

3. Haeba batho ba tswa diphoofolong—ka mohlala, ditshweneng—ke hobaneng ha batho ba le bohlale ho feta ditshwene?

4. Ke hobaneng ha bophelo, esita le ba dintho tse nyenyane ka ho fetisisa, bo rarahane hakaale?

SEO BATHO BA SE BUANG: Thuto ya hore dintho di ikentse ke nnete.

5. Na motho ya reng thuto eo ke nnete o iketseditse dipatlisiso?

6. Ke batho ba bakae ba dumelang thuto ya hore dintho di ikentse hobane feela ba boleletswe hore batho bohle ba bohlale ba a e dumela?

“Haeba o ntse o tsamaya hara moru, ebe o bona ntlo e ntle, na o ne o tla re: ‘Ona ke mohlolo! E tlameha ebe difate di ile tsa wela, yaba di etsa ntlo ena.’ O ke ke wa tjho jwalo! Ha se ntho e utlwahalang. Jwale ke hobaneng ha e se ho utlwahalang ho dumela hore ha hona motho ya bopileng dintho tsohle tse lefatsheng le lehodimong?”—Julia.

“Nahana haeba motho e mong a ne a ka o bolella hore ho bile le ho phatloha femeng e hatisang dibuka, yaba enke e qhalanetseng maboteng le marulelong e se e ngola mantswe a dikishinari. Na o ne o tla dumela seo?”—Gwen.

KE HOBANENG HA O LOKELA HO DUMELA HO MODIMO?

Bibele e o kgothalletsa hore o sebedise ‘matla a hao a ho nahana.’ (Baroma 12:1) Seo se bolela hore ha o wa lokela ho dumela ho Modimo hobane feela o susumetswa ke

  • MAIKUTLO (Ke nahana hore e tlameha ebe ho na le motho e mong ya nang le matla a maholo)

  • BATHO BA BANG (Batho ba motse wa heso ke badumedi)

  • KGATELLO (Batswadi ba ka ba nthutile hore ke dumele ho Modimo —ha ke a ikgethela)

Ho e na le hoo, o lokela ho ba le mabaka a utlwahalang a ho dumela ho Modimo.

“Ha ke le ka tlelaseng ke mametse ha titjhere e hlalosa ka moo mmele ya rona e sebetsang kateng, seo se etsa hore ke dumele hore Modimo o teng. Karolo e nngwe le e nngwe ya mmele e na le mosebetsi wa yona, haesita le tse nyenyane ka ho fetisisa, mme dintho tse ding mmeleng di etsahala re bile re sa hlokomele. Ruri mmele wa motho o entswe ka tsela e hlollang!”—Teresa.

“Ha ke bona mohaho o mo lelele, sekepe se seholo kapa koloi, ke a ipotsa, ‘Ebe ke mang ya entseng dintho tsee?’ Ka mohlala, e tlameha ebe motho ya entseng koloi o bohlale, hobane dikarolo tse ngata tse nyenyane tsa yona di lokela ho sebetsa hammoho e le hore koloi e ka tsamaya. Jwale haeba koloi e entswe ke motho, e tlameha ebe le rona ho na le motho ya re entseng.”—Richard.

“Ha ke ntse ke ithuta saense ke ile ka hlokomela hore thuto ya ho iphetola ha dintho ha e utlwahale. . . . Ke bona ho le bonolo ho dumela ho Mmopi ho e na le ho dumela hore dintho di ikentse.”—Anthony.

SEO O KA NAHANANG KA SONA

Le hoja ho fetile dilemo tse mashome borasaense ba etsa diphuputso, ba ntse ba sa bue ntho e dumellanang tabeng ya ho iphetola ha dintho. Haeba ba sa dumellane, le hoja e le ditsebi—na ke phoso ha o sa dumele thuto eo?