Feta

Bibele e Reng ka ho Hlokomela Batswadi ba Hodileng?

Bibele e Reng ka ho Hlokomela Batswadi ba Hodileng?

Karabo ya Bibele

 Bana ba seng ba hodile ba na le boikarabelo ba ho hlokomela batswadi ba hodileng. Bibele e re bana ba hodileng ba lokela ho “sebisa seo ba ithutileng sona bodumeding ba bona ka hore ba hlokomele ba malapa a bona mme ka ho etsa jwalo ba buseletsa batswadi ba bona . . . , hobane ho etsa jwalo ho thabisa Modimo.” (1 Timothea 5:4, New International Version) Ha bana ba hodileng ba etsa bonnete ba hore batswadi ba bona ba hodileng ba hlokometswe, ba mamela taelo ya Bibele ya hore ba hlomphe batswadi ba bona.​—Baefese 6:2, 3.

 Bibele ha e na ditaelo tse tobileng tsa hore na batswadi ba hodileng ba hlokomelwe jwang. Le ha ho le jwalo, e fana ka mehlala ya banna le basadi ba neng ba na le tumelo ba neng ba hlokomela batswadi ba bona. E boetse e na le dikeletso tse sebetsang tse ka thusang bahlokomedi.

 Mehleng ya Bibele ditho tsa malapa a mang di ne di thusa batswadi ba hodileng jwang?

 Ba entse sena ka ditsela tse ngata tse fapaneng ba itshetlehile ka maemo a bona.

  •   Josefa o ne a dula hole le ntate wa hae ya hodileng Jakobo. Ha maemo a hae a mo dumella o ile a lokisetsa hore ntate wa hae a tlo dula haufi le yena. Josefa o ile a mo hlokomela ka bodulo, dijo le ho mo sireletsa.​—Genese 45:9-11; 47:11, 12.

  •   Ruthe o ile a fallela naheng ya mme matsale wa hae mme a sebetsa ka thata hore a mo hlokomele.​—Ruthe 1:16; 2:2, 17, 18, 23.

  •   Jesu, nakwana pele a hlokahala o ile a kgetha motho ya tla sala a hlokomela mme wa hae Maria eo ho bonahalang eka e ne e se e le mohlolohadi.​—Johanne 19:26, 27. a

 Ke keletso efe e tswang ka Bibeleng e ka thusang bana ba hlokomelang batswadi?

 Bibele e na le melaomotheo e ka thusang bahlokomedi hore ba hlole mathata a ka hlahang mmeleng le maikutlong ha ba hlokomela batswadi ba hodileng.

  •   Hlompha batswadi ba hao.

     Bibele e re: “Hlompha ntatao le mmao.”​—Exoda 20:12.

     Molaomotheo oo o sebetsa jwang? Hlompha batswadi ba hao ka ho ba dumella hore ba iketsetse diqeto tsa hore na ba batla ho phela jwang. Ho fihlella moo ho kgonehang, ba dumelle hore ba iketsetse qeto ya hore na ba batla ho hlokomelwa jwang. Ka nako e tshwanang ba bontshe tlhompho ka hore o etse sohle se matleng a hao ho ba hlokomela.

  •   Utlwisisa mme o tshwarele.

     Bibele e re: “Ka sebele temohisiso ya motho e diehisa bohale ba hae, mme ho hlokomoloha tlolo ke botle ho yena.”​—Liproverbia 19:11.

     Molaomotheo oo o sebetsa jwang? Haeba motswadi ya hodileng a bua ntho e bohloko kapa a bontsha a sa ananele thuso ya hao, ipotse, ‘Ke ne ke tla ikutlwa jwang ha ke ne ke le boemong bo tshwanang mme ke sitswa ho iketsetsa dintho tse itseng?’ Haeba o leka ho utlwisisa ebile o tshwarela, o ka nna wa qoba ho mpefatsa maemo le ho feta.

  •   Kopa thuso ho ba bang.

     Bibele e re: “Merero ya senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyellwang.”​—Liproverbia 15:22.

     Molaomotheo oo o sebetsa jwang? Etsa dipatlisiso ka hore na o ka thusa batswadi ba hao jwang haeba ba na le bokudi bo itseng. Batla hore na ke dithuso dife tse fumanehang sebakeng sa heno tse ka o thusang ho ba hlokomela. Bua le batho ba bang ba kileng ba hlokomela batswadi ba hodileng. Haeba o na le bana beno, o ka etsa kopano ya lelapa mme la bua ka hore na le ka hlokomela ditlhoko tsa batswadi ba lona jwang le hore na le ka arolelana mosebetsi wa ho ba hlokomela jwang.

    Nahana ka seboka sa lelapa mme le bue ka hore na le ka hlokomela batswadi ba lona ba hodileng jwang

  •   Ikokobetse.

     Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”​—Liproverbia 11:2.

     Molaomotheo oo o sebetsa jwang? Tseba hore na o haellwa hokae. Mohlala, motho e mong le e mong o na le nako le matla a fokolang. Mefokolo ena e ka ama tsela eo o kgonang ho thusa batswadi ba hao ka yona. Haeba o iphumana o imetswe ke mosebetsi wa ho hlokomela batswadi ba hodileng, o ka nna wa kopa thuso ho ditho tse ding tsa lelapa kapa ditsebi.

  •   Itlhokomele.

     Bibele e re: “Ha ho motho ya kileng a hloya nama ya hae, empa wa e fepa le ho e baballa.”​—Baefese 5:29.

     Molaomotheo oo o sebetsa jwang? Le hoja o na le boikarabelo ba ho hlokomela batswadi ba hao, o lokela hore le wena o itlhokomele hape o hlokomele le lelapa la hao haeba o le lenyalong. E ja hantle. O lokela ho phomola le ho robala nako e lekaneng. (Moeklesia 4:6) O lokela ho behella nako ya ho phomola ka thoko haeba ho kgoneha. Haeba o etsa dintho tsena o tla imoloha maikutlong, kelellong le mmeleng mme o tla kgona ho hlokomela batswadi ba hao hantle.

 Na Bibele e re batswadi ba hodileng ba hlokomelwe ba le hae?

 Bibele ha e na ditaelo tse tobileng tsa hore na bana ba hodileng ba lokela ho hlokomela batswadi ba le hae kapa tjhe. Malapa a mang a kgetha ho hlokomella batswadi hae nako e telele ka moo ho ka kgonehang. Maemong a mang ba ka bona ho le betere hore batswadi ba hlokomelwe ba le mahaeng a maqheku. Lelapa le ka kopana mme la etsa qeto e tla ba molemo ho e mong le e mong ya amehang.​—Bagalata 6:4, 5.

a Bibele e nngwe e hlalosa tlaleho ena tjena: “Ho bonahala Josefa [monna wa Maria] e ne e se e le kgale a hlokahetse mme Maria o ne a hlokomelwa ke mora hae Jesu, jwale ha a hlokahala tjee ho tla etsahalang ka Maria? . . . Kreste mona o ruta bana hore ba hlokomele batswadi ba bona ba seng ba hodile.”​—The NIV Matthew Henry Commentary in One Volume, maqephe 428-429.