Feta

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di Kgutlela ho Batho ba Itseng ha ba Batle ho Qoqa le Tsona?

Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di Kgutlela ho Batho ba Itseng ha ba Batle ho Qoqa le Tsona?

 Dipaki Tsa Jehova di rata Modimo le baahisane ba tsona, ka hoo di thabela ho bolella batho bohle molaetsa wa Bibele ho akareletsa le batho ba itseng ha ba batle ho qoqa le tsona. (Matheu 22:​37-39) Lerato leo re ratang Modimo ka lona le re susumeletsa hore re mamele taelo ya Mora wa hae ya ho re ‘re fane ka bopaki bo hlakileng.’ (Diketso 10:​42; 1 Johanne 5:⁠3) E le ho etsa sena, re boela ho batho ka makgetlokgetlo e le ho ba ruta molaetsa wa Modimo feela jwalo ka ha baprofeta ba Modimo ba ile ba etsa nakong e fetileng. (Jeremia 25:⁠4) Ka ha re rata batho, re etsa sohle ho buisana le bona ka ditaba tse pholosang bophelo “tse monate tsa Mmuso” ho akareletsa le bao lekgetlong la pele ba ileng ba re ha ba di thabele.​—⁠Matheu 24:⁠14.

 Hangata ha re kgutlela moo batho ba ileng ba re ha ba thabele molaetsa wa rona re fumana batho ba seng ba ena le thahasello. Nahana ka mabaka ana a mararo:

  •   Batho ba a falla.

  •   Ba bang ka lapeng ba ba le thahasello ya molaetsa wa rona.

  •   Batho ba a fetoha. Maemo a bophelo a a fetoha mme a etsa hore batho ba bang ba hlokomele “hore ba hloka Modimo” ebe ba mamela molaetsa wa Bibele. (Matheu 5:⁠3) Le batho ba sa batleng ho re mamela ba ka fetoha jwalo ka moapostola Pauluse.​—⁠1 Timothea 1:⁠13.

 Le ha ho le jwalo, ha re qobelle batho ho re mamela. (1 Petrose 3:​15) Re dumela hore motho e mong le mong o na le tokelo ya ho ikgethela bodumedi.​—⁠Deuteronoma 30:​19, 20.